Tšelo ea Mali—Histori e Telele ea Phehisano
“Haeba lisele tse khubelu tsa mali e ne e le moriana o mocha oa kajeno, ho ne ho tla ba thata haholo ho o fumanela lengolo la tumello.”—Dr. Jeffrey McCullough.
MARIHENG a 1667, lehlanya le leng le mabifi le bitsoang Antoine Mauroy le ile la tlisoa ho Jean-Baptiste Denis, ngaka e tummeng ea Morena Louis XIV oa Fora. Denis o ne a e-na le “pheko” e nepahetseng bakeng sa bohlanya ba Mauroy—e leng ea ho mo tšela mali a namane, ao a neng a nahana hore a ne a tla kokobetsa mokuli oa hae. Empa lintho ha lia ka tsa tsamaela Mauroy hantle. Ke ’nete hore ka mor’a hore a tšeloe mali ao ka lekhetlo la bobeli, boemo ba hae bo ile ba ntlafala. Empa nakoana ka mor’a moo bohlanya bo ile ba boela ba hlasela Lefora leo, ’me ka mor’a nako e khutšoanyane la shoa.
Le hoja hamorao ho ile ha fumaneha hore ha e le hantle Mauroy o bolailoe ke chefo ea arsenic, liteko tsa Denis tsa ho sebelisa mali a phoofolo li ile tsa baka phehisano e matla Fora. Qetellong, ka 1670 mokhoa oo o ile oa thibeloa. Hamorao, Paramente ea Manyesemane esita le mopapa ba ile ba latela qeto eo. Tšelo ea mali e ne e se e sa tsejoe lilemong tse 150 tse ileng tsa latela.
Likotsi Tsa Pele
Lekholong la bo19 la lilemo, tšelo ea mali e ile ea boea sekoele. Ea neng a eteletse tsosoloso eo pele e bile ngaka ea Lenyesemane e belehisang e bitsoang James Blundell. Ka mekhoa ea hae e ntlafalitsoeng le ka lisebelisoa tse tsoetseng pele—le ka ho tsitlallela ha hae hore ke mali a batho feela a lokelang ho sebelisoa—Blundell o ile a boela a etsa hore batho ba ele hloko tšelo ea mali.
Empa ka 1873, F. Gesellius, eo e neng e le ngaka ea Lepolishe, o ile a khina tsosoloso ea tšelo ea mali ka tšibollo e tšosang: Ba fetang halofo ho ba ileng ba tšeloa mali ba ile ba qetella ba shoele. Ha li utloa sena, lingaka tse tummeng li ile tsa qala ho nyatsa mokhoa ona. Ho ratoa ha tšelo ea mali ho ile ha boela ha kokobela.
Eaba, ka 1878, ngaka ea Lefora Georges Hayem e ntlafatsa motsoako oa saline, oo e ileng ea bolela hore o ka sebelisoa sebakeng sa mali. Ho fapana le mali, motsoako oa saline o ne o se na liphello tse kulisang, o ne o sa etse mahloele, ’me ho ne ho le bonolo ho o tsamaisa. Ka ho utloahalang, motsoako oa Hayem oa saline o ile oa sebelisoa ka ho pharaletseng. Leha ho le joalo, ka ho makatsang maikutlo a ile a boela a sekamela tšebelisong ea mali. Hobane’ng?
Ka 1900, ngaka ea Austria, Karl Landsteiner e ile ea sibolla hore ho na le mefuta e sa tšoaneng ea mali, ’me ea fumana hore mofuta o itseng oa mali hase kamehla o lumellanang le o mong. Ke ka hona ho sa makatseng ha liketsahalo tse ngata tsa ho tšeloa mali nakong e fetileng li ile tsa fella ka tlokotsi! Joale seo se ne se ka fetoloa, ka ho tiisa feela hore mofuta oa mali a mofani o lumellana le oa ea fuoang mali ao. Ka lebaka la tsebo ena, lingaka li ile tsa tsosolosa ho tšepa ha tsona tšelo ea mali—ka nako e loketseng bakeng sa Ntoa ea I ea Lefatše.
Tšelo ea Mali le Ntoa
Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, masole a tsoileng likotsi a ile a tšeloa mali ka bongata. Ke ’nete hore mali a etsa mahloele kapele, ’me nakong e fetileng ho ne ho hlile ho ke ke ha khoneha ho a isa lebaleng la ntoa. Empa mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, Dr. Richard Lewisohn, oa Mount Sinai Hospital, New York City, o ile a etsa teko e ileng ea atleha ka motsoako o thibelang mali ho etsa mahloele o bitsoang sodium citrate. Lingaka tse ling li ile tsa nka khatelo-pele ena e hlollang e le mohlolo. Dr. Bertram M. Bernheim, eo e neng e le ngaka e tummeng mehleng eo, o ile a ngola: “Ho ne ho batla ho tšoana le ha eka letsatsi le emisitsoe hore le se ke la likela.”
Ntoeng ea II ea Lefatše ho ile ha e-ba le tlhokahalo e eketsehileng ea mali. Batho ka kakaretso ba ile ba futuheloa ka liboto tse khōlō tse ngotsoeng mapetjo a kang “Fana ka Mali Hona Joale,” “Mali a Hao a ka mo Pholosa” le “O Fane ka Mali a Hae. Na U Tla Fana ka a Hao?” Mokhosi oa ho batla mali o ile oa arabeloa hantle. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho ile ha fanoa ka litekanyo tse ka bang 13 000 000 tsa mali United States. Ho hakanngoa hore London ho ile ha bokelloa le ho ajoa lilithara tse fetang 260 000. Ka ho hlakileng, tšelo ea mali e ne e e-na le likotsi tse ’maloa bophelong ba ’mele, joalokaha ka potlako ho ile ha hlaka.
Boloetse bo Tsamaisoang ke Mali
Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, khatelo-pele e khōlō phekolong ea meriana e ile ea etsa hore tšebetso e ’ngoe ea ho buoa eo pele ho neng ho sa nahanoe hore e ka etsoa e khonehe. Ka lebaka leo, ho ile ha runya indasteri ea lefatše lohle e kenyang liranta tse limilione-milione ka selemo ea ho fepela lingaka ka mali bakeng sa tšelo ea mali eo li neng li qalile ho e nka e le mokhoa oa motheo oa tšebetso.
Leha ho le joalo, nakoana hamorao ho ile ha hlahella ho tšoenyeha ho itseng ka boloetse bo amanang le tšelo ea mali. Ka mohlala, nakong ea Ntoa ea Korea, hoo e ka bang karolo ea 22 lekholong ea ba ileng ba fuoa plasma ba ile ba tšoaroa ke lefu la sebete—e leng palo e batlang e mena hararo palo ea nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Lilemong tsa bo-1970, Litsi tsa Toantšo ea Boloetse tsa United States li ile tsa hakanyetsa palo ea batho ba bolaoang ke lefu la sebete le amanang le tšelo ea mali ho 3 500 ka selemo. Tse ling li ile tsa hakanya hore palo eo e holimo ho feta eo ka makhetlo a leshome.
Ka lebaka la tlhahlobisiso e ntlafetseng ea mali le ho khethoa ha bafani ka hloko, palo ea ba tšoaetsoang lefu la sebete la mofuta oa B e ile ea fokotseha. Empa joale mofuta o mocha oa kokoana-hloko le oo ka linako tse ling e leng o bolaeang—oa lefu la sebete la mofuta oa C—o ile oa hlasela ka matla. Ho hakanngoa hore Maamerika a limilione tse ’nè a tšoaelitsoe kokoana-hloko ena, a likete tse makholo a ’maloa a ’ona ke ka ho tšeloa mali. Ke ’nete hore liteko tse hlokolosi li qeteletse li fokolitse ho ata ha lefu la sebete la mofuta oa C. Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba tšoha hore likotsi tse ncha li tla hlahella le hore li tla utloisisoa e se e le morao haholo.
Koluoa e ’Ngoe: Mali a Silafalitsoeng ke HIV
Lilemong tsa bo-1980, ho ile ha fumanoa hore mali a ka silafatsoa ke HIV, e leng kokoana-hloko e bakang AIDS. Qalong, libanka tsa mali li ne li sa batle ho lumela hore e ka ’na eaba phepelo ea tsona e silafetse. Qalong tse ngata tsa tsona li ne li belaella ho ba teng ha tšokelo ea HIV. Ho ea ka Dr. Bruce Evatt, “ho ne ho tšoana le ha eka motho e mong o ne a tsoa lelera lehoatateng ’me a re, ‘Ke bone ntho e tsoang sebakeng.’ Li ile tsa mamela, empa tsa se ke tsa lumela.”
Leha ho le joalo, linaheng ka ho fapana ho ’nile ha e-ba le likoluoa tse totobatsang hore mali a silafalitsoe ke HIV. Ho hakanngoa hore batho ba pakeng tsa 6 000 le 8 000, Fora, ba ile ba tšoaetsoa HIV ka mali ao ba ileng ba a tšeloa pakeng tsa 1982 le 1985. Tšelo ea mali e nkoa e ikarabella bakeng sa karolo ea 10 lekholong ea ba nang le tšoaetso ea HIV ho pholletsa le Afrika le bakeng sa karolo ea 40 lekholong ea ba nang le AIDS Pakistan. Kajeno, ka lebaka la ho ntlafatsoa ha tlhahlobisiso ea mali, ho tšoaetsoa HIV ka tšelo ea mali ho etsahala seoelo linaheng tse tsoetseng pele. Leha ho le joalo, tšoaetso ea eona e tsoela pele ho ba bothata linaheng tse tsoelang pele tse se nang mekhoa ea ho hlahlobisisa mali.
Ka ho utloahalang, lilemong tsa morao tjena ho ’nile ha e-ba le thahasello e hōlang tabeng ea phekolo ea meriana le ho buoa ntle ho mali. Empa na ee ke phekolo e sireletsehileng e ka sebelisoang bakeng sa mali?
[Lebokose le leqepheng la 6]
Tšelo ea Mali—Ha ho Tekanyetso e Behiloeng ea Phekolo ea Meriana
Selemo se seng le se seng United States feela, bakuli ba 3 000 000 ba tšeloa litekanyo tse 11 000 000 tsa lisele tse khubelu tsa mali. Ka lebaka la palo eo e holimo, motho o ne a ka nahana hore ho na le tekanyetso e tiileng eo lingaka li e latelang tabeng ea ho fana ka mali. Leha ho le joalo, The New England Journal of Medicine e bolela hore ho na le boitsebiso bo fokolang ka tsela e makatsang “bakeng sa ho tataisa liqeto tsa ho tšela mali.” Ha e le hantle, ho na le ho se tšoane ho hongata tšebetsong, eseng feela tabeng ea hore na ha e le hantle ho tšeloa eng le hore na ho tšeloa e kae empa le tabeng ea hore na ho fanoa ka tšelo ea mali ka boeona. Koranta ea bongaka e bitsoang Acta Anæsthesiologica Belgica e re: “Tšelo ea mali e itšetlehile ka ngaka, eseng ka mokuli.” Ha ho nahanoa ka se ka holimo, hase ho makatsang ha phuputso e ’ngoe e ileng ea phatlalatsoa ho The New England Journal of Medicine e ile ea fumana hore “hoo e ka bang karolo ea 66 lekholong ea tšelo ea mali e fanoa ka phoso.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Ntoeng ea II ea Lefatše tlhokahalo ea mali e ile ea eketseha
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Imperial War Museum, London
U.S. National Archives photos