Bo-’mè ba Tšoeroeng ke AIDS ba Talimane le Qaka
CYNTHIA,a mosali ea lulang West Indies, o ne a lokela ho khetha pakeng tsa ho anyesa lesea la hae le sa tsoa hlaha le ho le fepa ka botlolo. Khetho eo e ka ’na ea bonahala eka e bonolo. Etsoe, ka lilemo tse mashome litsebi tsa bophelo bo botle li ’nile tsa buella lebese la ’mè e le “lijo tse molemo ka ho fetisisa tse fanang ka bophelo bo botle” bakeng sa masea. Ntle ho moo, masea a feptjoang ka botlolo libakeng tse futsanehileng a na le monyetla oa ho bolaoa ke lefu la letšollo ka makhetlo a 15 ho feta a anyesoang. Ha e le hantle, Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana (UNICEF) le tlaleha hore bana ba ka bang 4 000 baa shoa letsatsi le letsatsi ka lebaka la likotsi tse amanang le metsoako e nkelang lebese la ’mè sebaka.
Leha ho le joalo, tabeng ea Cynthia qeto eo a neng a lokela ho e etsa mabapi le ho anyesa e ne e amana le kotsi e ’ngoe e fapaneng ka ho feletseng. Monna oa hae o ne a mo tšoaelitse kokoana-hloko e hlaselang matla a ’mele a ho itšireletsa mafung (HIV), e bakang AIDS. Ka mor’a hore a be le ngoana, Cynthia o ile a fumana hore ngoana eo ’m’ae a nang le HIV o na le monyetla o le mong ho e supileng oa hore a fumane tšoaetso lebeseng la ’mè.b Kahoo, o ne a tlameha ho etsa khetho e bohloko: ea ho pepesetsa lesea la hae likotsi tsa ho anyesoa kapa ho le beha kotsing ea ho feptjoa ka botlolo.
Likarolong tsa lefatše tseo ho tsona seoa sa AIDS se hlasetseng ka matla, basali ba babeli kapa ba bararo ba baimana ho ba bang le ba bang ba leshome ba na le HIV. Naheng e ’ngoe, ba fetang halofo ho basali bohle ba baimana ba ileng ba hlahlojoa ba ne ba e-na le tšoaetso. Seea-le-moea sa Machaba a Kopaneng sea tlaleha: “Lipalo tsena tse tšosang, li entse hore bo-rasaense ba sebetse ka sekhahla ho batla pheko.” E le hore e sebetsane le tšokelo ena, mekhatlo e tšeletseng ea Machaba a Kopaneng e ile ea kopanya phihlelo ea eona, boiteko le lichelete ho theha Lenaneo le Kopanetsoeng la Machaba a Kopaneng bakeng sa HIV/AIDS, le tsejoang ka hore ke UNAIDS.c Empa seo UNAIDS e se fumaneng ke hore tharollo ea qaka ea AIDS hase e bonolo hakaalo.
Litšitiso Tse Rarahaneng Tse Sitisang Tharollo e Bonolo
Ho ea ka Edith White, eo e leng setsebi litabeng tsa ho anyesa le ho fetisetsa ha ’mè HIV ho ngoana, basebetsi ba tsa bophelo bo botle ba khothalletsa basali ba nang le HIV ba linaheng tse tsoetseng pele hore ba se ke ba anyesa masea a bona, kaha sena se eketsa kotsi ea hore lesea le tšoaetsoe ka makhetlo a ka bang mabeli. Ho sebelisa lijo tsa masea ho bonahala eka ke tsela e ’ngoe e utloahalang. Empa linaheng tse tsoelang pele—moo likhopolo tse utloahalang li le ntle hang-hang li fetohang linnete tse sa thabiseng—ho ba thata ho sebelisa tharollo ena e bonolo.
Tšitiso e ’ngoe ke maemo a kahisano. Linaheng tseo ho tsona ho anyesa ho tloaelehileng, ho ka etsahala hore ebe ha basali ba fepa masea a bona ka botlolo ba pepesa taba ea hore ba tšoaelitsoe HIV. Mosali a ka ’na a tšoha hore o tla jarisoa molato, a lahloa kherehloa, kapa esita le ho otloa ha boemo ba hae bo tsebahala. Basali ba bang ba boemong bona ba ikutloa hore ha ba na boikhethelo haese hore ba anyese masea a bona e le hore ba boloke boemo ba bona ba ho ba le HIV e le lekunutu.
Ho boetse ho na le litšitiso tse ling. Ka mohlala, nahana ka Margaret ea lilemo li 20. Joaloka basali ba bang ba motse, Uganda, ba etsang bonyane karolo ea 95 lekholong, ha ho mohla a kileng a hlahlobjoa hore na o na le HIV. Empa Margaret o na le lebaka la ho tšoenyeha. Ngoan’a hae oa letsibolo o ile a shoa, ’me oa bobeli eena oa fokola ebile oa kula. Margaret o anyesa ngoan’a hae oa boraro ka makhetlo a leshome ka letsatsi, ho sa tsotellehe ’nete ea hore e ka ’na eaba o na le HIV. O re: “Nke ke ka khona ho fepa ngoan’a ka lijo tsa masea.” Hobane’ng? Margaret o bolela hore litšenyehelo tsa ho fepa ngoana a le mong lijo tsa masea li lekana le kakaretso eohle ea chelete eo lelapa motseng oa habo le e fumanang ka selemo le halofo ea eona. Esita le haeba lijo tseo li ne li fumaneha ntle ho tefello, ho ne ho tla ’ne ho be le bothata ba ho fumana metsi a hloekileng a ho li ritela hore ebe lijo tse sireletsehileng tsa lesea.d
Tse ling tsa litšitiso tsena li ka fokotseha haeba bo-’mè ba tšoaelitsoeng HIV ba ne ba ka lokisetsoa maemo a loketseng a bohloeki, ba fuoa metsoako e lekaneng e nkelang lebese la ’mè sebaka, ’me ba fumana metsi a sireletsehileng. Na hoo ho bitsa chelete e ngata? Mohlomong. Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore ho etsa litokisetso tse joalo ho bonahala e le taba ea ho khetha lintho tse tlang pele ho e-na le ho ba taba ea ho fumana lichelete. Ha e le hantle, Machaba a Kopaneng a tlaleha hore chelete eo linaha tse ling tsa lefatše tse tsoelang pele tse futsanehileng ka ho fetisisa li e sebelisang sesoleng e mena eo li e sebelisetsang bophelo bo botle le thuto ka makhetlo a mabeli.
Ho Thoe’ng ka Meriana e Loantšang AIDS?
Bo-rasaense ba Machaba a Kopaneng ba tlalehile hore moriana o bonolo le o batlang o le litšenyehelo li tlaase o bitsoang AZT o ka fokotsa monyetla oa ho fetisetsa ha ’mè HIV ho lesea haholo. Ka thuso ea UNAIDS, litšenyehelo tsa phekolo ena li ile tsa theoleloa ho R300. Ho feta moo, ka July 1999 bafuputsi ba AIDS ba ile ba phatlalatsa hore ho phekola bo-’mè ba nang le HIV le masea a bona a sa tsoa belehoa ka moriana oa nevirapine o bitsang R18 feela ho bonahala ho sebetsa ho feta AZT ho thibeleng tšoaetso ea HIV. Litsebi tsa bophelo bo botle li bolela hore nevirapine e ka thibela hore masea a sa tsoa belehoa a ka bang 400 000 ka selemo a qale bophelo ba ’ona a se a tšoaelitsoe HIV.
Leha ho le joalo, ba bang ba nyatsa phekolo e joalo ea meriana, ba bolela hore kaha e khona feela ho thibela ho fetisetsa ha ’mè HIV ho lesea, qetellong ’mè o tla bolaoa ke AIDS ’me a siee ngoana e le khutsana. Machaba a Kopaneng a hanyetsa seo ka hore mokhoa o fapaneng le ona o sa faneng ka tšepo ke ho tlohella masea hore a tšoaetsoe HIV, ka tsela eo ebe masea ana a se nang molato a ahloleloa lefu le tlang butle le bileng le leng bohloko. A boetse a tsitlallela hore bo-’mè ba tšoaelitsoeng HIV ba ka ’na ba phela lilemo tse ngata. Nahana ka Cynthia ea boletsoeng pejana. O ile a fumana hore o na le HIV ka 1985, ha ngoan’a hae a hlaha, empa ha aa ka a kula ho fihlela lilemo tse robeli hamorao. ’Me le hoja lesea la hae le ne le e-na le HIV ha le hlaha, ha le le lilemo li peli le ne le se le se na eona.
Tšepiso e tšelisang ea Bibele ke hore tikoloho e sireletsehileng e le kannete le tharollo ea ka ho sa feleng ea masetla-pelo a kang AIDS e atametse. (Tšenolo 21:1-4) Jehova Molimo o tšepisa lefatše le lecha leo ho lona ‘ho seng moahi ea tla re: “Kea kula.”’ (Esaia 33:24, NW) Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u bolella ka tharollo ena ea ka ho sa feleng. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo ikopanye le bahatisi ba makasine ena kapa Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase lebitso la hae la sebele.
b Ho latela UNICEF, masea a ka bang 500 ho isa ho a 700 a fumana tšoaetso letsatsi le letsatsi lebeseng la bo-’m’a ’ona ba nang le HIV.
c Mekhatlo eo e tšeletseng ke UNICEF, United Nations Development Programme, United Nations Population Fund, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, Banka ea Lefatše le United Nations Educational, Scientific, and Cultural Organization. UNAIDS e thehiloe ka 1995.
d Phuputso e ’ngoe e sa tsoa etsoa e bontša hore ho kopanya lijo tsa masea le ho a anyesa ho ka ’na ha eketsa kotsi ea ho tšoaetsoa HIV le hore e ka ’na eaba lebese la ’mè le na le metsoako e loantšang likokoana-hloko e thusang ho li katla matla. Haeba sena ke ’nete, ho anyesa lesea lebese la ’mè feela—le hoja ho e-na le likotsi tsa hona—e ka ’na ea e-ba khetho e batlang e sireletsehile. Leha ho le joalo, litšibollo tsa phuputso ena ha li e-s’o tiisoe.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]
WHO/E. Hooper