Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 4/8 maq. 12-14
  • Lefu la Huntington—Ho Utloisisa Tlokotsi ea Liphatsa Tsa Lefutso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefu la Huntington—Ho Utloisisa Tlokotsi ea Liphatsa Tsa Lefutso
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matšoao a Lefu Lena
  • Ho Tšehetsa Mokuli
  • Ho Tšehetsa ba Fanang ka Tlhokomelo
  • Tšepo e Tiileng
  • Ho Thusa Batho ba Nang le Bothata ba ho Ja
    Tsoha!—1992
  • Ho Boloka Seriti sa Mokuli
    Tsoha!—1998
  • Ha Motho eo U mo Ratang a E-na le Lefu la Kelello
    Tsoha!—2004
  • Kamoo ba Bang ba ka Thusang
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 4/8 maq. 12-14

Lefu la Huntington—Ho Utloisisa Tlokotsi ea Liphatsa Tsa Lefutso

“Ha ’na le Johnny re nyalana, ke ne ke lumela hore re tla phela re thabile ho ea ho ile ka mor’a moo. Empa butle-butle monna enoa ea lerato, ea tsotellang o ile a ba le phetoho e khōlō bothong ba hae. O bile a qala ho tlakoloha ka bohale bo sa laoleheng le ho ba mabifi. Ha nako e ntse e ea, Johnny o ile a tlameha ho kenngoa sepetleleng sa batho ba mafu a kelello, moo hamorao a ileng a hlokahalla teng. Lilemo tse seng kae hamorao re ile ra ithuta hore lefu lena la hae le makatsang le na le lebitso—lefu la Huntington.”—Janice.

BATHO ba likete lefatšeng ka bophara ba tšoaroa ke lefu lena la Huntington (Huntington’s disease [HD]), e leng lefu le liphatseng tsa lefutso le amang tšebetso ea methapo ea kelello. Kaha HD ea futsoa, e atisa ho tšoara litho tse ’maloa tsa lelapa. Janice o re: “Esale Johnny a hlokahala, ke se ke lahlehetsoe ke bara ba bararo le morali ka lebaka la lefu lena la Huntington, ’me litloholo tsa ka tse tharo li na le lona. Ha ho bonahale eka ke bile le nako ea ho llela tahlehelo ea setho se seng sa lelapa pele e e-ba nako ea hore ke llele se latelang.”

Ka lebaka le utloahalang, HD e ’nile ea hlalosoa e le “boemo bo sithabetsang haholo,” eseng feela ho mokuli empa le ho ba mo hlokomelang. Ha e le hantle HD ke eng? Ba nang le eona—le ba ba hlokomelang—ba ka thusoa joang?

Matšoao a Lefu Lena

Lefu lena le reheletsoe ka Dr. George Huntington, ea neng a qale ho hlalosa matšoao a lona ka 1872, ’me lefu lena la Huntington le bonahala ka ho ba le liphetoho tse batlang li poteletse bothong le boitšoarong tse eang li totobala ha lefu lena le ntse le tota. Tsena li akarelletsa ho ba le maikutlo a feto-fetohang le ho teneha feela ho isa ho tepelleng maikutlo le khalefong e mabifi. Bakuli ba ka ’na ba thakhinya le ho thothomela matsoho le maoto ka tsela e sa laoleheng. Bokhoni ba ho sebelisana ha litho tsa ’mele boa nyamela, ’me mokuli o etsa lintho ka ho tlankella haholoanyane. Ho ba thata ho bua. Ho ba thata ho koenya, ’me matla a ho hopola lintho le a ho tsepamisa mohopolo linthong aa fokotseha. Ho ithuta, ho hlophisa lintho le ho rarolla mathata—hoo ka nako e ’ngoe e kileng ea e-ba tšebetso ea letsatsi le letsatsi—joale ho fetoha moroalo o boima, haeba e sa be ntho e sa khoneheng.a

Matšoao a lefu la HD a tsoela pele le ho mpefala hafeela mokuli a ntse a phela.b Qetellong, o tla lokela ho tlohella mosebetsi ’me ha a sa tla hlola a khona ho itlhokomela. Hangata bona e ba boemo bo nyotobetsang ho motho ea nang le HD. Mokuli e mong ea bitsoang Bill o re: “Ke ne ke tloaetse ho haha matlo. Hona joale ke sitoa ho etsa letho. Ke ikutloa ke ferekane maikutlo haholo.”

E, e ka ba ho sithabetsang ho motho ea nang le HD ho bona matla a hae a ’mele le a kelello a ntse a fokotseha butle-butle. Hape ke ho utloisang bohloko ho ea ratoang ho shebella ha mokuli a qetoa ke boloetse bona bo tšabehang. Ka hona, ke’ng se ka etsoang ho tšehetsa motho ea nang le HD?

Ho Tšehetsa Mokuli

Le hoja ho se na pheko bakeng sa HD, tlhokomelo e loketseng ea meriana e thusitse ba bangata ho sebetsana ka katleho le matšoao a lefu lena. Dr. Kathleen Shannon o re: “Sena ha se ame liphello tsa nako e telele tse fokolisang tsa lefu lena, empa se ntlafatsa boleng ba bophelo ba bakuli haholo.”

Ka mohlala, ba bang ba nang le HD ba ruile molemo merianeng e laolang ho thakhinya ho sa laoleheng le e kokobetsang ho tepella maikutlo. Thuso ea setsebi sa lijo tse nang le phepo le eona e ka ’na ea thusa. Hobane’ng? Hobane hangata bakuli ba HD ba ba le bothata ba ho theoha ’meleng, ’me ba atisa ho hloka lijo tse nang le lik’hilojule tse ngata e le hore ba boloke boima ba bona ba ’mele bo le boemong bo loketseng.

Ka ho sebelisa masene, malapa a mang a ’nile a khona ho thusa mokuli ho amohela mefokolo ea hae e mecha. Ka mohlala, Monica o re: “Ha Ntate a ntse a thatafalloa le ho feta ke ho bua, re ile ra batla litsela tse ling tsa ho utloisisa seo a re kōpang sona.” Monica le lelapa labo ba ile ba etsa buka e nyenyane ea ho ngolla e nang le maqephe a arohaneng a entsoeng ka k’hateboto, le leng le le leng le e-na le lentsoe kapa setšoantšo. Monica o re: “Re ile ra kenyelletsa Ntate morerong ona. O ile a re thusa ho khetha litšoantšo le mantsoe.” Ka tsela ena e ncha ntate oa Monica o ne a ka buisana le bona ka ho supa seo a sitoang ho se bitsa ka mantsoe.

Esita le ha mokuli a tlameha ho ba lapeng kapa sebakeng sa tlhokomelo e khethehileng, ho kopana le ba lelapa le metsoalle e ntse e le habohlokoa. Janice oa lumela: “Ho ka ’na ha e-ba thata ho etela ba tšoeroeng ke HD e seng e jele setsi, empa bana ba ka ba ananela haholo ha metsoalle e fapohela ho tla ba khothatsa.” Ka masoabi, ka linako tse ling tšobotsi ena ea tšehetso ea hlokomolohuoa. Beatrice eo monna oa hae a nang le HD o re: “Ka linako tse ling re qetoa ke bolutu. Haeba metsoalle e ne e ka fapohela feela ho tla lumelisa monna oa ka, ho ne ho tla etsa phapang e khōlō ho eena!”

Leha ho le joalo, ke’ng seo ba nang le HD ba hlileng ba se hlokang? Bobby, mokuli eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova, o re: “Ho utloisisoa.” Oa phaella: “Bara le barali beso ba Bakreste ka phuthehong baa hlokomela hore ho ka ’na ha nkuka metsotsoana e eketsehileng hore ke itlhalose libokeng. Hape ha ba khopehe ha ke ferekane kapa ke halefa kaha e mpa e le matšoao a lefu lena feela.”

Ho Tšehetsa ba Fanang ka Tlhokomelo

Ke ’nete hore ba fanang ka tlhokomelo le bona ba hloka tšehetso, kaha ba tobana le maemo a mangata a ferekanyang. Janice o re: “U lula u amehile ka ho sireletseha ha mokuli. Ha boemo ba hae bo ntse bo mpefala, u ikutloa u tsielehile.”

Ka ho hlakileng, ba fanang ka tlhokomelo ba hloka khothatso. Beatrice o hlalosa tsela e ’ngoe eo sena se ka etsoang ka eona. O re: “Ke sitoa ho siea monna oa ka a le mong, ’me nako le nako ha ke memeloa ’mokeng o itseng, ke tlameha ho re, ‘Kea leboha ka ho ’mema, empa ke tla sitoa ho ba teng.’ E ne e tla ba ho hotle hakaakang ha motsoalle a ne a ka re, ‘Mohlomong moshemane oa ka ea lilemong tsa bocha kapa monna oa ka a ka tla sala le monna oa hao ka nakoana.’!” Ka sebele, ba fanang ka tlhokomelo ba ananela ho nahanela ho joalo ho bontšang kutloelo-bohloko!—1 Petrose 3:8.

Ha HD e ntse e mpefala, mohlomong ea fanang ka tlhokomelo a ka ’na a tlameha ho etsa qeto e sithabetsang ka ho fetisisa har’a tsohle. Janice o re: “Ho tlameha ho re, ‘Ke se ke sitoa ho u hlokomela’ ke ntho e thata ka ho fetisisa.”

Qeto ea ho isa mokuli setsing sa tlhokomelo e khethehileng ke e ’ngoe eo Mokreste a lokelang ho e sekaseka ka hloko le ka thapelo. Bibele e laela Bakreste hore ba ‘lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba bona,’ ’me sena se akarelletsa ho hlokomela batsoali kapa bana ba kulang. (1 Timothea 5:8) Le ka mohla motho ha aa lokela ho lahla boikarabelo bona ba Mangolo feela hobane a batla boiketlo. Ka lehlakoreng le leng, ho ka ’na ha e-ba le mabaka a mang—a akarelletsang ho ameha ka ho sireletseha ha mokuli—a etsang hore tlhokomelo ea litsebi e be tsela e bontšang lerato le e sebetsang ka ho fetisisa. Ena ke qeto ea botho e etsoang ke lelapa ’me ba bang ba lokela ho e hlompha.—Baroma 14:4.

Tšepo e Tiileng

Bibele e tšelisa ka ho khetheha ba loantšanang le HD le maloetse a mang a sa phekoleheng. Mangolo a fana ka tšepo e tiisitsoeng ea hore lefatšeng le lecha la ho loka “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Ho feta moo, Bibele e bolela esale pele hore “ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.”—Esaia 33:24; 35:6, NW.

Bobby, eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae pejana, o tšelisoa ke tšepo ena. O re: “Ena ke eona pheko eo ke e batlang. Bona ke bona bokamoso bo tla etsa hore tsena tsohle li be joaloka ntho ea khale e fetileng.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Matšoao a lefu la HD le tsela eo a bonahalang ka eona aa fapana ho ea ka batho. Ka hona, matšoao a hlalositsoeng mona a hlalositsoe feela e le a akaretsang ’me ha aa rereloa hore a sebeletse e le matšoao a qaqileng bakeng sa ho fumana lefu le tšoereng motho.

b Nako eo motho ea nang le HD a lebeletsoeng ho e phela ke lilemo tse ka bang 15 ho isa ho tse 20 ka mor’a hore matšoao a lefu lena a qale, le hoja ba bang ba phela nako e batlang e le teletsana ho feta eo. Maemong a mangata motho o bolaoa ke pneumonia, kaha mokuli o sitoa ho khohlela ka ho lekaneng hore a hloekise tšoaetso e ka sefubeng.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Ho Futsa HD—Ho na le Menyetla e Lekanang Liphatseng Tsa Lefutso

Ngoana e mong le e mong eo motsoali oa hae a nang le HD o na le menyetla e lekanang ea ho futsa lefu lena kapa ho se le futse. Hobane’ng?

U na le lipara tse 23 tsa li-chromosome seleng e ’ngoe le e ’ngoe ’meleng. Phatsa e ’ngoe pareng ka ’ngoe e tsoa ho ntate; ’me e ’ngoe e tsoa ho ’mè. Kahoo, nka hore ntate o na le HD. Kaha o tla fetisa e le ’ngoe feela ea li-chromosome tsa hae tse peli ’me kaha ke e le ’ngoe feela ho tse peli e senyehileng, monyetla oa hore u futse HD o lekana le oa hore u se e futse.

Kaha matšoao a lefu la HD ha a atise ho bonahala ho fihlela motho a le pakeng tsa lilemo tse 30 le 50, ka linako tse ling mokuli oa HD oa be a se a e-na le bana ka nako eo ho fumanoang hore o na le lefu leo.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Ho mo Bolella Kapa ho se mo Bolelle

Ha lefu la HD le fumanoa, mokuli o lokela ho bolelloa boitsebiso bo bokae? Litho tse ling tsa lelapa li tšaba hore mokuli o tla sitoa ho sebetsana ka katleho le ho tseba hore o tšoeroe ke lefu le sa phekoleheng, le fokolisang. Leha ho le joalo, hase bohlale ho inahanela hore ha a batle ho tseba. Bukana e ’ngoe e buang ka HD e lemosa hore “tšabo le tsieleho ea rōna li ka ’na tsa etsa hore re batle ho sireletsa ka ho feteletseng,” ’me ea phaella: “[Mokuli a ka ’na] a ikutloa a imolohile haholo ke hore bonyane ho na le tlhaloso e itseng bakeng sa sohle se sa mo tsamaeleng hantle.” Ho phaella moo, kaha lefu lena lea futsoa, ke habohlokoa hore ba nang le HD ba tsebe likotsi tsa ho fetisetsa lefu lena ho bana leha e le bafe bao ba ka ’nang ba e-ba le bona nakong e tlang.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Janice, ea hlokahalletsoeng ke bana ba bane ka lebaka la lefu lena la Huntington

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela