Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 10/8 maq. 13-17
  • Ho Boloka Seriti sa Mokuli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Boloka Seriti sa Mokuli
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba le Boikutlo bo Nepahetseng
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Boitšoaro bo Soabisang
  • Na ba Hlile ba Hloka ho Khalemeloa?
  • “Kaofela re Khoptjoa Hangata”
  • Seo Bahlokomeli ba ka se Etsang
    Tsoha!—1998
  • Ho Tobana le Alzheimer’s Disease
    Tsoha!—1998
  • Ho Hlokomela ea Fanang ka Tlhokomelo—Kamoo ba Bang ba ka Thusang Kateng
    Tsoha!—1997
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Maikutlo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 10/8 maq. 13-17

Ho Boloka Seriti sa Mokuli

MATSATSI a mabeli pele Sally a isa monna oa hae ngakeng ea boloetse ba methapo, ho ne ho khethiloe tona-khōlo e ncha Afrika Boroa. Ha ngaka eo ea boloetse ba methapo e botsa Alfie ka sephetho sa likhetho, e sa le a e tonetse mahlo ’me a sitoa ho araba. Joale ka mor’a hore e hlahlobe boko, ngaka eo ea boloetse ba methapo e ile ea bua e sa khethe mantsoe: “Monna enoa o sitoa le ke ho kopanya peli le peli. Boko ba hae bo senyehile!” Joale o ile a eletsa Sally: “U lokela ho lokisa litaba tsa hao tsa lichelete. Monna enoa a ka ’na a u fetohela ’me a ba mabifi.”

Sally o ile a arabela: “Le khale! eseng monna oa ka!” Khanyetso eo ea Sally e ne e le ’nete; ha ho mohla Alfie a kileng a mo befela, le hoja ba bang ba tšoeroeng ke Alzheimer’s disease (AD) ba e-ba bohale. (Hangata sena se bakoa ke ho ferekana, hoo ka linako tse ling ho ka kokobetsoang ke tsela eo mokuli oa AD a tšoaroang ka eona.) Le hoja ngaka eo ea boloetse ba methapo e ile ea atleha ho batlisisa bothata ba Alfie, ho bonahala e ne e sa hlokomele hore e lokela ho boloka seriti sa mokuli. E ka be e sebelisitse mokhoa o mong ka hore ka mosa e hlalosetse Sally ka boemo ba Alfie ka thōko.

Buka e bitsoang When I Grow Too Old to Dream e re: “Ntho ea bohlokoahali e hlokoang ke ba tšoeroeng ke le leng la mafu a ho lahleheloa ke kelello ke hore ba ’ne ba khone ho boloka seriti sa bona, boitlhompho le ho itšepa. Tsela ea bohlokoa ea ho boloka seriti sa mokuli e hlalositsoe leqepheng la keletso la Communication, le hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Alzheimer’s Disease oa London: “Le ka mohla u se ke ua bua [ka bakuli ba AD] ho batho ba bang joalokaha eka ha ba eo. Le haeba ba sa utloisise, ba ka ’na ba elelloa hore ka tsela e itseng, ba beheletsoe ka thōko ’me ba ikutloa ba tlotlolotsoe.”

’Nete ke hore bakuli ba bang ba AD ba utloisisa seo ba bang ba se buang ka bona. Ka mohlala, mokuli e mong oa Australia o ile a ea le mosali oa hae sebokeng sa mokhatlo oa Alzheimer. Hamorao o ile a fana ka tlhaloso ena: “Ba ne ba rupela bahlokomeli hore na ba lokela ho etsa eng le hore na ba e etse joang. Ke ile ka tepelletsoa maikutlo haholo ke taba ea hore ke ne ke le moo ’me ha ho le ea mong ea ileng a bua ka mokuli. . . . Hoa nyahamisa. Hobane ke na le Alzheimer’s, ntho eo ke e buang e tsoile lekoteng: ha ho ea tla mamela.”

E-ba le Boikutlo bo Nepahetseng

Ho na le litsela tse ngata tse nepahetseng tsa ho thusa ho boloka seriti sa bakuli. Ba ka ’na ba hloka thuso hore ba tsoele pele ho etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi eo pele ba neng ba nolofalloa ke ho e etsa. Ka mohlala, haeba pele ba ne ba rata ho ngollana le batho ba bang, mohlomong u ka lula fatše ’me ua ba thusa ho araba mangolo a tsoang ho metsoalle e amehileng ka bona. Bukeng ea hae ea Alzheimer’s—Caring for Your Loved One, Caring for Yourself, Sharon Fish o fana ka litsela tse ling tse sebetsang tsa ho thusa bakuli ba AD: “Batla lintho tsa bohlokoa le tse molemo tse bonolo tseo le ka li etsang hammoho: ho hlatsoa lijana le ho li phumula, ho fiela, ho mena liphahlo, ho pheha lijo tsa motšehare.” Joale oa hlalosa: “Mokuli oa Alzheimer’s a ka ’na a se ke a khona ho hloekisa ntlo eohle kapa ho pheha lijo kaofela, empa hangata bokhoni bona bo fela butle-butle. U ka ’na ua rua molemo bokhoning boo a sa ntseng a e-na le bona ’me ua thusa hore bo lule bo le teng nako e telele ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ha u etsa joalo, u boetse u thusa ho boloka ho itšepa ha moratuoa oa hao.”

E meng ea mesebetsi eo mokuli oa AD a e etsang e ke ke ea khotsofatsa, kahoo, u ka ’na ua tlameha ho fiela hape kapa ho hlatsoa lijana hape. Leha ho le joalo, ka ho lumella mokuli hore a ’ne a ikutloe a e-na le thuso, u mo lumella hore a khotsofalle bophelo. Mo babatse le haeba mosebetsi o sa khotsofatse. Hopola hore o entse sohle seo a ka se khonang ka matla a hae a fokolang. Bakuli ba AD ba hloka ho khothatsoa khafetsa le ho babatsoa—haholo-holo nakong eo ba sitoang haholoanyane ho etsa mesebetsi e sa tšoaneng. Kathy, eo monna oa hae ea lilemo li 84 a nang le AD o re: “Ka motsotso leha e le ofe—ka tšohanyetso, ba ka pupetsoa ke maikutlo a hore ha ba na thuso. Mohlokomeli o lokela ho thusa ka potlako ka hore a fane ka khothatso e mofuthu ea hore mokuli o ntse a ‘etsa hantle.’” Buka e bitsoang Failure-Free Activities for the Alzheimer’s Patient ea lumela: “Kaofela re batla ho utloa hore re etsa mosebetsi hantle, ’me ho batho ba nang le lefu la ho lahleheloa ke kelello, tlhoko ena e matla ka ho khethehileng.”

Kamoo U ka Sebetsanang le Boitšoaro bo Soabisang

Bahlokomeli ba lokela ho ithuta mokhoa oa ho sebetsana le boitšoaro bo soabisang ba baratuoa ba bona. E ’ngoe ea lintho tse tšosang haholo ke hore mokuli o tla ithusa feela ka har’a batho. Bukeng ea hae ea Alzheimer’s Disease and Other Confusional States, Dr. Gerry Bennett oa hlalosa: “Liketso tsena ha li etsahale khafetsa ’me hangata li ka thibeloa kapa tsa fokotsoa. Ho boetse ho lokela ho nahanoe ka seo e hlileng e leng sa bohlokoa, kaha hase ketso ka boeona kapa batho ba shebileng bao ho lokelang ho amehoe ka bona, empa ho lokela ho amehoe ka ho lahleheloa ha mokuli ke seriti.”

Haeba ho etsahala ntho e joalo e soabisang, u se ke oa omanya mokuli. Ho e-na le hoo, leka ho latela keletso ena: “Itšoare ’me u se ke ua halefa ’me u hopole hore motho enoa ha a iketse. Ho feta moo, ba tla sebelisana le uena haholoanyane haeba u le bonolo ’me u tiile ho e-na le ha u teneha u bile u fela pelo. Etsa sohle seo u ka se khonang hore bothata bona bo se ke ba senya kamano ea lōna.”—Leqephe la keletso la Incontinence, le hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Alzheimer’s Disease oa London.

Na ba Hlile ba Hloka ho Khalemeloa?

Hangata bakuli ba AD ba bua lintho tseo e seng tsona. Ka mohlala, ba ka ’na ba re ba lebeletse ho eteloa ke mong ka bona eo e leng khale a hlokahetse. Kapa ba ka ’na ba bona lipono, ba bona lintho tse menahanong ea bona feela. Na hoa hlokahala hore motho a lulele ho khalemela mokuli oa AD ha a bolela maikutlo a hae a fosahetseng?

Bukeng ea hae ea Alzheimer’s Disease—Coping With a Living Death, Robert T. Woods oa hlalosa: “Ho na le batsoali ba sa khaotseng ho khalemela bana ba bona nako le nako ha ba bitsa mantsoe hampe kapa ha ba fosa puo. . . . Hangata hoo ho fella ka hore ngoana e be ea hlonameng kapa ea itšehlang thajana, ea fumanang hore boiteko boo a bo etsang ba ho itlhalosa boa sitisoa, le hore ha bo na molemo. Ho ka etsahala se tšoanang ho mokuli oa AD ea lulang a khalemeloa.” Ka ho thahasellisang, Bibele ea eletsa mabapi le tšoaro ea bana: “Lōna bo-ntate, le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21) Haeba ngoana oa khena ha a lula a khalemeloa, hakaakang ka motho e moholo! ARDA Newsletter ea Afrika Boroa ea hlokomelisa: “Hopola hore mokuli enoa ke motho e moholo ea kileng a ba le bolokolohi ba ho iketsetsa lintho le ho li finyella.” Ho lula u khalemela motho oa AD ho ka ’na ha se mo khentše feela empa ho ka boetse ha mo nyahamisa kapa hona ho mo halefisa.

Ho ka boetse ha ithutoa ho itseng ho Jesu Kreste, ho tla thusa ba sebetsanang le mefokolo ea bakuli ba AD. O ne a sa lokise maikutlo a mang le a mang a fosahetseng a barutuoa ba hae hang-hang. Ha e le hantle, ka linako tse ling o ne a sa ba bolelle boitsebiso bo itseng kaha ba ne ba e-s’o be boemong ba ho bo utloisisa. (Johanne 16:12, 13) Haeba Jesu o ile a nahanela mefokolo ea batho ba phelang hantle, joale rōna re lokela ho ikemisetsa haholo hakaakang ho amohela maikutlo a sa tloaelehang empa a se kotsi, a motho e moholo ea kulang haholo! Ho leka ho etsa hore mokuli a bone ntlha tabeng e itseng ho ka ’na ha tšoana le ho lebella—kapa ho batla—seo a ke keng a se khona. Ho e-na le hore u etse khang, ke hobane’ng ha u sa khutse kapa u fetole moqoqo ka bohlale?—Bafilippi 4:5.

Ka linako tse ling, ntho e lerato ka ho fetisisa e ka ba ho etsa eka u lumellana le lipono tseo mokuli a li bonang ho e-na le hore u leke ho mo kholisa hore hase ’nete. Ka mohlala, mokuli oa AD a ka ’na a tšosoa ke hobane a “bona” sebatana kapa senokoane seo a inahanelang sona ka mor’a kharetene. Ena hase nako ea ho leka ho mo behela mabaka a seo e leng ’nete. Hopola hore seo a se “bonang” kelellong ea hae ke ’nete ho eena, ’me tšabo eo ea hae ea sebele e lokela ho kokobetsoa. Ho ka ’na ha hlokahala hore u shebe ka mor’a kharetene ebe u re, “Ke kōpa u mpolelle ha u se ‘bona’ hape e le hore ke u thuse.” Bukeng ea bona e bitsoang Coping With Alzheimer’s: A Caregiver’s Emotional Survival Guide, Lingaka Oliver le Bock li hlalosa hore ka ho etsa lintho tumellanong le maikutlo a mokuli, u mo fa “boikutlo ba hore a ka hlōla liponong tse tšabehang le tse tšosang tseo kelello ea hae e li qapang. . . . Oa tseba hore a ka itšetleha ho uena.”

“Kaofela re Khoptjoa Hangata”

Ho ka ’na ha e-ba thata ho sebelisa litlhahiso tsohle tse boletsoeng ka holimo, haholo-holo bakeng sa batho ba imetsoeng ke mosebetsi le boikarabelo bo bong ba ho hlokomela lelapa. Mohlokomeli ea nyahameng ka linako tse ling a ka ’na a sitoa ho itšoara ’me a hlōleha ho tšoara mokuli oa AD ka tlhompho. Ha sena se etsahala, ke habohlokoa hore u se ke ua itumella ho tepellisoa ke ho ikutloa u le molato. U hopole hore, ka lebaka la tsela eo lefu lena le leng ka eona, mokuli a ka ’na a lebala se etsahetseng kapele.

Hape, mongoli oa Bibele, Jakobo o re: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng.” (Jakobo 3:2) Kaha ha ho na mohlokomeli eo e leng motho ea phethahetseng, ho ka lebelloa liphoso mosebetsing o thata oa ho hlokomela mokuli oa AD. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba lintho tse ling tse thusitseng bahlokomeli hore ba sebetsane ka katleho—esita le ho thabela—ho hlokomela mokuli oa AD.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]

Bakuli baa matlafala ha ba khothatsoa le ho babatsoa khafetsa

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]

‘Mokuli a ka ’na a utloisisa se boleloang. Kahoo, le ka mohla u se ke ua bua ka boemo ba hae kapa lintho tse bakoang ke lefu la hae u ntse u le ka thōko ho bethe ea hae’

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ho thusa bakuli ba “Alzheimer’s” ka mesebetsi ea letsatsi le letsatsi ho thusa ho boloka seriti sa bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela