Ho Tobana le Alzheimer’s Disease
SALLY oa hlalosa: “Monna oa ka Alfie, e ne e le foromane morafong o mong oa khauta Afrika Boroa. Ke ile ka makala ha a mpolella hore o batla ho tlohela mosebetsi. O ne a le lilemo li 56 feela ’me e le monna ea bohlale, ea sebetsang ka thata. Hamorao, ke ile ka utloa ka basebetsi-’moho le eena hore Alfie o ne a qalile ho etsa liphoso tse sa tloaelehang ha a etsa liqeto. Hangata ba ne ba koahela liphoso tsa hae.
“Ka mor’a hore a tlohele mosebetsi, re ile ra reka hotele. Kaha Alfie o ne a khona ho sebetsa ka matsoho, re ile ra nahana hore o tla lula a tšoarehile ho lokisa sebaka seo. Empa ho e-na le hoo, kamehla o ne a bitsa setei.
“Selemong sona seo, re ile ra tsamaea le setloholo sa rōna sa ngoananyana se lilemo li tharo ho ea matsatsing a phomolo lebōpong la leoatle, Durban. Se ne se rata ho ea qhoma-qhoma seileng ea rekere e neng e le ka mose ho tsela ho tloha foleteng eo re neng re lula ho eona. Motšehareng o mong oa mantsiboea, hoo e ka bang ka 4:30 thapama, Alfie o ile a se isa ho ea qhoma-qhoma seileng eo ea rekere ’me a re ba tla khutla ka mor’a halofo ea hora. Ka 7:00 mantsiboea, ba ne ba e-s’o khutle. Ke ile ka founela mapolesa, empa a ile a re ha a batle batho ba lahlehileng pele ho feta lihora tse 24 ba nyametse. Bosiung boo, ke ne ke nahana hore kea hlanya ha ke ntse ke nahana hore ba bolailoe. Hoo e ka bang motšehare o moholo letsatsing le hlahlamang, motho o ile a kokota monyako, ’me e ne e le Alfie a tšoere setloholo sa rōna ka letsoho.
“Ke ile ka re: ‘Le tsoa hokae?’
“O ile a arabela: ‘U se ke ua nkoatela. Ha ke tsebe.’
“Setloholo sa rōna se ile sa hlalosa: ‘Nkhono, rōna re lahlehile.’
“Nahana motho a lahleha a le ka nģ’ane feela ho tsela! Ha ke tsebe le hore ba ne ba robetse kae bosiung boo. Leha ho le joalo, motsoalle e mong oa ka o ile a ba fumana ’me a ba supisa folete e nepahetseng.”
Ka mor’a ketsahalo ena, Sally o ile a isa Alfie ngakeng ea boloetse ba methapo, e ileng ea netefatsa hore o tšoeroe ke lefu la ho lahleheloa ke kelello (ho se sebetse hantle ha kelello). Ha li phuthuloha, Alfie o ne a e-na le Alzheimer’s disease (AD), eo ho fihlela joale ho e-s’ong ho be le pheko e sebetsang kapa kalafo ea eona.a Koranta ea Brithani e bitsoang New Scientist e re AD ke “’molai e moholo oa bone linaheng tse tsoetseng pele moruong ka mor’a lefu la pelo, kankere le stroke.” E ’nile ea bitsoa “lefu le sa foleng le ka sehloohong ho ba seng ba tsofetse.” Empa AD e ka tšoara le ba e-s’ong ho tsofale hakaalo, joalokaha e ile ea tšoara Alfie.
Mabapi le batho ba bangata ba phelang nako e telele ba le linaheng tse ruileng, lipalo tse boleloang esale pele tsa ba tla tšoaroa ke lefu la ho lahleheloa ke kelello lia tšosa. Ho latela phuputso e ’ngoe, pakeng tsa 1980 le 2000, ho ka ’na ha e-ba le keketseho ea 14 lekholong Brithani, keketseho ea 33 lekholong United States le keketseho ea 64 lekholong Canada. Ka 1990, lenaneo la TV Australia le ile la re: “Hona joale ho hakanyetsoa hore ho na le batho ba ka bang 100 000 Australia ba tšoeroeng ke Alzheimer’s. Empa bofelong ba lekholo lena la lilemo, ho tla be ho e-na le ba 200 000.” Batho ba hakanyetsoang ho limilione tse 100 lefatšeng ka bophara ba tla be ba tšoeroe ke AD ka selemo sa 2000.
Alzheimer’s Disease ke Eng?
Le hoja ho entsoe patlisiso ea lisosa tse ngata tse bakang lefu lena, ha ho e-s’o tsejoe sesosa sa sebele sa AD. Leha ho le joalo, hoa tsebahala hore AD e akarelletsa ho senyeha ha lisele tsa boko butle-butle, hoo likarolo tse ling tsa boko li ka finahanang. Likarolo tse sebetsanang le matla a ho hopola le a ho nahana ke tsona tse amehang haholo. Lisele tsa tsamaiso ea boko tse amanang le maikutlo li ameha qalong ea lefu lena, li qetelle li fetotse botho ba motho. Likarolo tse ling tsa boko li ka ’na tsa sireletseha ho fihlela hamorao—likarolo tse amanang le ho bona le ho tšoara haesita le motor cortex e laolang ho sebetsa ha mesifa. Scientific American e hlalosa hore liphetoho tsena “li tlisa boemo ba sebele bo utloisang bohloko ba motho ea khonang ho tsamaea, ho bua le ho ja empa a sa khone ho utloisisa se etsahalang.”
Ka ho tloaelehileng, lefu lena le nka lilemo tse hlano ho ea ho tse leshome—empa ka linako tse ling le nka lilemo tse fetang 20. Ha le ntse le hōla, hanyane ka hanyane, ba tšoeroeng ke lona ba sitoa ho etsa lintho. Qetellong, ba ka ’na ba se tsebe le baratuoa ba bona. Ha le le boemong ba ho qetela, hangata ba tšoeroeng ke lefu lena ba lula ba le betheng ’me ba sitoa ho bua kapa ho itjesa. Leha ho le joalo, ba bangata ba tšoeroeng ke lefu lena ba bolaoa ke lintho tse ling pele ba fihla boemong bona ba ho qetela.
Le hoja qalong AD e sa utloise ’mele bohloko, e hlokofatsa maikutlo haholo. Ka ho utloahalang, ba bang ba hlōleha ho tobana le eona qalong, ba tšepa hore bothata boo bo tla fela.b Leha ho le joalo, ho fumanoa molemo o moholo ha motho a tobana le lefu lena ’me a ithuta hore na ke joang a ka fokotsang bohloko ba maikutlo boo le bo bakang. Bert, eo mosali oa hae ea lilemo li 63 a tšoeroeng ke AD o itse: “Ke lakatsa eka nka be ke ile ka tseba pejana hore na ho senyeha ha mohopolo ho ne ho tla ama mokuli joang.” E, hoa thusa ha malapa a tseba seo AD e leng sona le ho tseba mekhoa ea ho sebetsana ka katleho le eona. Ka kōpo, kopanela le Tsoha! ho hlahlobeng lintlha tsena le makolopetso a mang lihloohong tse peli tse latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a AD e reheletsoe ka Alois Alzheimer, ngaka ea pele ea Mojeremane ea ho hlalosa lefu lena ka 1906 ka mor’a hore e hlahlobe setopo sa mokuli ea neng a tšoeroe ke lefu la ho lahleheloa ke kelello le matla. Ho nahanoa hore AD ke eona e bakang karolo e fetang 60 lekholong ea bakuli ba tšoeroeng ke lefu la ho lahleheloa ke kelello, e tšoara motho a le mong ho ba 10 ba nang le lilemo tse ka holimo ho 65. Mofuta o mong oa lefu la ho lahleheloa ke kelello, multi-infarct dementia, o bakoa ke stroke se senyenyane se senyang boko.
b Tlhokomeliso: Ke habohlokoa hore motho a hlahlojoe ka ho feletseng ke ngaka pele ho ka etsoa qeto ea hore o na le AD. Hoo e ka bang karolo ea 10 ho ea ho 20 lekholong ea batho ba nang le lefu la ho lahleheloa ke kelello ho bakoa ke mafu a mang a phekolehang. Ha e le tabeng ea ho lemoha AD, buka ea How to Care for Aging Parents ea hlalosa: “Alzheimer’s e ka lemohuoa ka ho feletseng feela ka hore ho hlahlojoe boko ka hloko, empa lingaka li ka hlahloba matšoao ’me joale tsa hlokomoloha a sa ameheng.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Batho ba hakanyetsoang ho limilione tse 100 lefatšeng ka bophara ba tla be ba tšoeroe ke Alzhemer’s disease ka selemo sa 2000