Seo Bahlokomeli ba ka se Etsang
MARGARET, setsebi sa bongaka sa Australia se ’nileng sa sebetsana le bakuli ba Alzheimer’s le bahlokomeli ba bona ka lilemo tse ngata o re: “Ka mehla ke ’nile ka makatsoa ke kamoo [batho] ba fapaneng kateng matleng a bona a ho sebetsana ka katleho [le lefu lena].” O tsoela pele: “Malapa a mang a khona ho jara boemo bo boima bo ba tobileng, athe a mang a batla a hlōleha ho sebetsana le boemo hang ha motho a qala ho bonahatsa phetoho e nyenyane feela e sa reng letho bothong ba hae.”—E qotsitsoe bukeng ea When I Grow Too Old to Dream.
Phapang e bakoa ke eng? Lebaka le leng e ka ba tsela eo kamano e neng e le ka eona pele lefu lena le qaleha. Malapa a nang le kamano e haufi-ufi, e lerato, a ka fumana ho le bonolo ho sebetsana le boemo. ’Me haeba motho ea nang le Alzheimer’s disease (AD) a hlokomeloa hantle, ho ka ba bonolo ho sebetsana le lefu lena.
Ho sa tsotellehe ho fokola ha matla a bona a kelello, hangata ha bakuli ba bontšoa lerato le mosa, ba arabela hantle ho fihlela boemong ba ho qetela ba boloetse. Leqephe la keletso la Communication le hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Alzheimer’s Disease oa London le re: “Mokhoa oa puisano hase feela ho bua mantsoe.” Puisano e se nang mantsoe e hlokahalang ho bahlokomeli e akarelletsa ho bontša sefahleho se mofuthu, se botsoalle le molumo oa lentsoe o bonolo. Ho hong habohlokoa ke ho sheba motho ka mahlong, haesita le ho bua ka tsela e hlakileng le e tsitsitseng, le ho sebelisa lebitso la mokuli khafetsa.
Kathy ea boletsoeng sehloohong se ka pele o re: “Hase feela hore hoa khoneha ho boloka puisano e le teng lipakeng tsa hao le moratuoa oa hao, empa e boetse ke habohlokoa. Ho mo tšoara ka tsela e mofuthu le e tletseng lerato, molumo oa lentsoe o bonolo haesita le ho ba teng ha hao ka bohona, kaofela li fa moratuoa oa hao tšireletseho le khothatso.” Mokhatlo oa Alzheimer’s Disease oa London o akaretsa lintlha ka hore: “Boikutlo bo mofuthu bo ka thusa hore le lule le le haufi e mong ho e mong, haholo-holo nakong eo puisano e bang thata haholoanyane. Ho tšoara letsoho la motho, ho lula u mo kopile, ho bua le eena ka lentsoe le thobang kapa ho mo haka, kaofela ke litsela tse bontšang hore u ntse u mo tsotella.”
Moo ho nang le kamano e mofuthu, mohlokomeli le mokuli hangata ba ka tšeha ’moho esita le ha ho entsoe liphoso. Ka mohlala, monna e mong o hopola kamoo mosali oa hae ea neng a ferekane ka kelellong a ileng a alola bethe empa ka phoso, a kenya kobo lipakeng tsa lilakane. Ba ile ba bona phoso eo bosiu ha ba robala. Mosali eo o ile a re: “Ao, moratuoa! Ke bile sethoto.” ’Me ka bobeli ba ile ba tšeha haholo.
Boloka Bophelo bo le Bonolo
Bakuli ba AD ba sebetsa hamolemohali libakeng tseo ba li tloaetseng. Ba boetse ba hloka kemiso e tloaelehileng ea letsatsi le letsatsi. Bakeng sa ho etsa sena, almanaka e khōlō e ngotseng ka ho hlaka mesebetsi ea letsatsi le letsatsi e thusa haholo. Dr. Gerry Bennett oa hlalosa: “Ho tlosa motho sebakeng seo a se tloaetseng ho ka hlahisa liphello tse mpe. Boemo bo tšoanang le ho tsoela pele ka ntho e le ’ngoe ke lintho tsa bohlokoa haholo mothong ea ferekaneng.”
Ha boloetse bo ntse bo hōla, bakuli ba AD ba fumana ho le thata haholoanyane ho arabela linthong tseo ba laeloang hore ba li etse. Litaelo li lokela ho fanoa ka tsela e bonolo, e hlakileng. Ka mohlala, ho bolella mokuli hore a apare e ka ’na ea e-ba ntho e thata haholo. Mohlomong liaparo li tla tlameha ho behoa ka ho latelana ’me mokuli a thusoe ho apara seaparo ka seng.
Tlhokahalo ea Hore ba Lule ba E-na le Seo ba se Etsang
Bakuli ba bang ba AD baa tsama-tsamaea kapa ba tlohe malapeng a bona ebe baa lahleha. Ho tsama-tsamaea ke mokhoa o motle oa ho ikoetlisa bakeng sa mokuli ’me ho ka thusa ho fokotsa khatello ea kelello le ho ntlafatsa boroko. Ka lehlakoreng le leng, ho tloha lapeng ho ka ba kotsi. Buka ea Alzheimer’s—Caring for Your Loved One, Caring for Yourself ea hlalosa: “Haeba moratuoa oa hao a tloha lapeng, u tobane le boemo ba tšohanyetso bo ka ’nang ba fetoha tlokotsi habonolo. Polelo eo u lokelang ho e hopola ke hore se ke ua tšohela holimo. . . Sehlopha sa batho ba batlang se hloka ho hlalosetsoa hore motho eo ba mo batlang o shebahala joang. E-ba le linepe tsa morao-rao tsa ’mala lapeng.”a
Ka lehlakoreng le leng, bakuli ba bang ba ba botsoa ’me ba ka ’na ba batla ho lula feela letsatsi lohle. Leka ho etsa hore ho be le ntho e itseng eo le thabelang ho e etsa hammoho. Etsa hore ba bine, ba letse mololi kapa ba letse seletsa se itseng sa ’mino. Ba bang ba rata ho opa liatla, ho itšisinya kapa ho tantšetsa ’mino oo ba o ratang. Dr. Carmel Sheridan oa hlalosa: “Mosebetsi o atlehang ka ho fetisisa o ka etsoang ke batho ba A.D. hangata ke o akarelletsang ’mino. Hangata malapa a hlalosa hore ka mor’a nako e telele [lintho] tse ling li hlakohile, beng ka bona ba ntse ba thabela lipina le ’mino oa khale tseo ba neng ba li tloaetse.”
“Ke ne ke Batla ho ho Etsa”
Mosali e mong oa Afrika Boroa eo monna oa hae a neng a le boemong ba ho qetela ba AD o ne a thabela ho ba le eena letsatsi le leng le le leng lehaeng la kokelo. Leha ho le joalo, litho tsa lelapa tse neng li e-na le sepheo se setle li ile tsa mo nyatsetsa ho etsa sena. Mohlomong li ne li bona eka o senya nako ea hae, kaha monna oa hae o ne a se a sa mo tsebe ’me a sa bue ho hang. Ka mor’a lefu la monna, o ile a hlalosa: “Leha ho le joalo, ke ne ke batla ho lula le eena. Baoki ba ne ba tšoarehile haholo, kahoo, ha a itšilafatsa, ke ne nka khona ho mo hlatsoa le ho mo apesa liaparo tse ling. Ke ne ke ho thabela—ke ne ke batla ho ho etsa. Ka lekhetlo le leng, o ile a ikutloisa bohloko leotong ha ke ne ke mo sututsa ka setulo sa likooa. Ke ile ka re, ‘Na u utloile bohloko?’ ’me a arabela, ‘Ehlile!’ Joale ke ile ka lemoha hore o ne a ntse a khona ho ikutloa le ho bua.”
Esita le maemong ao ho neng ho se na kamano e ntle ea lelapa pele AD e qala, bahlokomeli ba ntse ba khonne ho sebetsana le boemo ka katleho.b Ho tseba feela hore ba etsa se nepahetseng le se thabisang Molimo ho ka ba fa boikutlo bo tebileng ba khotsofalo. Bibele e re, “U hlomphe ea holileng,” hape e re, “U se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse.” (Levitike 19:32; Liproverbia 23:22) Ho feta moo, Bakreste baa laeloa: “Haeba mohlolohali leha e le ofe a e-na le bana kapa litloholo, bana a ba ithute pele ho tloaela ho sebelisa boinehelo ba bomolimo ho ba ntlo ea bona le ho ’na ba lefa puseletso e loketseng ho batsoali le batsoali ba batsoali ba bona, kaha hona hoa khahlisa mahlong a Molimo. Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.”—1 Timothea 5:4, 8.
Ka thuso ea Molimo, bahlokomeli ba bangata ba khonne ho etsa mosebetsi o babatsehang oa ho hlokomela beng ka bona ba kulang, ho kopanyelletsa le ba tšoeroeng ke Alzheimer’s disease.
[Lebokose le leqepheng la 19]
Alzheimer’s Disease le Phekolo
LE HOJA hona joale ho ntse ho lekoa liphekolo tse ka bang 200 tsa Alzheimer’s disease (AD), ha ho e-s’o ho be le phekolo ea AD. Ho tlalehoa hore lithethefatsi tse ling li fokotsa ka nakoana ho lahleheloa ke mohopolo nakong eo AD e leng boemong bo qalang, kapa li liehisa ho hōla ha boloetse bona bakuling ba bang. Leha ho le joalo, ho hlokahala kelo-hloko hobane lithethefatsi tsena ha li sebetse ho bakuli bohle, ’me tse ling li ka baka tšenyo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling liphekolo tse ling li sebelisetsoa ho phekola maemo ao hangata a tsamaisanang le AD, a kang ho tepella maikutlo, ho tšoenyeha le ho hlobaela. Ka ho kōpa keletso ho ngaka e phekolang mokuli, lelapa ka leng le ka hlahloba melemo le likotsi tsa phekolo pele le ka etsa qeto.
[Lebokose le leqepheng la 19]
Kamoo Baeti ba ka Thusang
KA LEBAKA la ho hlōleha ha kelello ho sebetsa, ba tšoeroeng ke Alzheimer’s disease (AD) hangata ba sitoa ho bua ka lintho tse ntseng li etsahala lefatšeng. Leha ho le joalo, e ka ba ho fapaneng ha ho buuoa ka lintho tsa nakong e fetileng. Mehopolo ea nako e fetileng e ka ’na ea lula e le teng, haholo-holo boemong bo qalang ba bokuli.Bakuli ba bangata ba AD ba thabela ho ikhopotsa lintho tseo ba neng ba li etsa nakong e fetileng. Kahoo, ba kōpe hore ba u phetele tse ling tsa lipale tsa bona tseo ba li ratang, esita le haeba u ’nile ua li utloa ka makhetlo-khetlo. Ka ho etsa joalo, u tlatsetsa thabong ea mokuli. Ka nako e tšoanang, e ka ’na eaba u fa mohlokomeli oa hae oa kamehla khefu eo a e hlokang haholo. Ha e le hantle, ho ithaopela ho hlokomela mokuli ka nako e itseng, mohlomong letsatsi lohle, ho ka khatholla mohlokomeli oa hae oa ka mehla haholo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ke kahoo bahlokomeli ba bang ba fumaneng ho thusa hore ba tlamelle boitsebahatso bo itseng bakuling ba bona, mohlomong e le sepetja kapa sefaha seo ba ka se roaloang.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho fana ka tlhokomelo le hore na ba bang ba ka thusa joang, ka kōpo sheba lihlooho tse latellanang tsa “Ho Fana ka Tlhokomelo—Ho Sebetsana le Phephetso,” leqepheng la 3-13 la Tsoha! ea February 8, 1997.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Thusa mokuli hore a utloisise liketsahalo tse mo potolohileng le tse etsahalang