Ho Hlokomela ea Fanang ka Tlhokomelo—Kamoo ba Bang ba ka Thusang Kateng
“’NA LE Lawrie re se re nyalane lilemo tse 55—nako e telele—’me e bile lilemo tse thabisang hakaakang! Haeba ho ne ho khoneha hore ke mo boloke hae, nka be ke mo bolokile. Empa bophelo ba ka bo ile ba qala ho mpefala. Qetellong, ke ile ka tlameha ho lokisetsa hore a ee lehaeng la kokelo. Bohloko ba maikutlo ba ho pheta sena ke bo batlang bo nkimela. Kea mo rata le ho mo hlompha ka ho tebileng ’me ke mo etela khafetsa kamoo nka khonang. ’Meleng, ke sitoa ho etsa ho eketsehileng.”—Anna, mosali ea lilemo li 78 eo ka lilemo tse fetang 10 a ileng a hlokomela monna oa hae ea nang le Alzheimer’s disease ’me hape lilemong tse 40 tse fetileng o ile a hlokomela morali oa bona ea nang le Down’s syndrome.a
Boemo bo kang ba Anna ke bo tloaelehileng. Phuputso e ’ngoe British Isles e senotse hore “lihlopheng tse itseng tsa lilemo (tsa bo-40 le bo-50) ke palo ea hoo e ka bang mosali a le mong ho ba bang le ba bang ba babeli ea fanang ka tlhokomelo.” Joalokaha ho boletsoe pejana, pherekano ea maikutlo le mathata ao ba fanang ka tlhokomelo ba tobanang le ’ona li ka ’na tsa bonahala li sa mamellehe ka linako tse ling.
Dr. Fredrick Sherman, oa American Geriatrics Society o re: “Ke nahana hore bonyane 50% ea ba fanang ka tlhokomelo e tepella maikutlo selemong sa pele sa ho fana ka tlhokomelo.” Ho batho ba hōlileng joaloka Anna, ho fokotseha ha matla a bona le ho fokolloa ke bophelo ho ka etsa hore boemo bo be thata haholoanyane ho sebetsana le bona.
E le hore re thuse ba fanang ka tlhokomelo ho sebetsana ka katleho le boikarabelo ba bona, re hloka ho ela hloko litlhoko tsa bona. Ke life litlhoko tseo, ’me ke joang re ka sebetsang tumellanong le tsona?
Ba Fanang ka Tlhokomelo ba Hloka ho Bua
Mosali e mong ea ileng a thusa ho hlokomela motsoalle oa hae ea kulelang lefu o ile a re: “Ke ne ke hloka ho ikimolla.” Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se ka pele, hangata ho ba bonolo ho tobana le mathata le ho sebetsana le ’ona haeba ho ka buisanoa ka ’ona le motsoalle ea bontšang kutloelo-bohloko. Bongata ba ba fanang ka tlhokomelo ba ikutloang ba qabeletsoe ke maemo a bona ba fumana hore ho bua ka boemo ba bona ho ba thusa ho hlakisa maikutlo a bona ’me ho bebofatsa khatello e ba bipelitseng.
Jeanny o hopola nakong eo a neng a hlokomela monna oa hae: “Ke ne ke ananela ha metsoalle e hlokomela hore ka bobeli ba rōna re ne re hloka tšehetso.” O hlalosa hore ba fanang ka tlhokomelo ba hloka khothatso ’me, ka linako tse ling, motho ea ka bontšang kutloelo-bohloko. Hjalmar, ea ileng a thusa ho hlokomeleng soare sa hae se kulang, oa lumela: “Ke ne ke hloka e mong ea neng a ka mamela lintho tseo ke li tšabang le mathata a ka ’me a utloisise kamoo ke ikutloang kateng.” Mabapi le motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo, Hjalmar oa eketsa: “Ho ne ho e-ba monate haholo ho mo etela, esita le haeba e e-ba halofo ea hora feela. O ne a ’mamela. O ne a hlile a tsotella. Ke ne ke ee ke ikutloe ke khatholohile ka mor’a moo.”
Ba fanang ka tlhokomelo ba ka fumana khothatso e makatsang ho momameli ea bontšang kutloelo-bohloko. Ka bohlale Bibele ea eletsa: ‘U potlake mabapi le ho utloa, u be ea liehang mabapi le ho bua.’ (Jakobo 1:19) Tlaleho e ho The Journals of Gerontology e senotse hore “ho tseba feela hore tšehetso ea fumaneha hangata ho lekane bakeng sa ho fana ka khatholoho e hlokahalang.”
Leha ho le joalo, ntle ho motho ea mamelang mathata a bona le ea fanang ka tšehetso, ke eng hape eo ba fanang ka tlhokomelo ba e hlokang?
Ho Fana ka Thuso e Sebetsang
Dr. Ernest Rosenbaum oa hlokomela: “Mokuli le lelapa ba rua molemo ka tsela leha e le efe eo lerato le khothatso li ka bontšoang ka eona.” Ntlha ea pele, “lerato le khothatso” tse joalo li ka bontšoa nakong ea ketelo, puisano ea thelefono kapa molaetsa o mokhutšoanyane o ngotsoeng (mohlomong o tsamaea le lipalesa kapa mpho e ’ngoe e itseng).
Sue o hopola tšehetso eo lelapa labo le ileng la e fumana nakong eo ntate oa hae a neng a kulela lefu a tšoeroe ke Hodgkin’s disease: “E ne e le ho khothatsang ha metsoalle ea rōna e re etela hakhutšoanyane.” O tsoela pele: “E mong oa metsoalle ea ka, o ne a araba founo ’me a thusa ka ho hlatsoa le ho tereka liphahlo tsa rōna kaofela.”
Ho tšehetsa ba fanang ka tlhokomelo ho ka, ’me ho lokela, ho akarelletsa thuso e tobileng le e bonahalang. Elsa oa hopola: “Ke ne ke ho fumana ho thusa haholo ha metsoalle e ithaopela ho kenya letsoho. E ne e sa re feela: ‘Leha e le neng haeba ho e-na le seo nka se etsang, u ntsebise.’ Ho e-na le hoo, e ne e re: ‘Ke ea mabenkeleng. Nka u tlela le eng?’ ‘Na nka u hlokomella serapa?’ ‘Kea fumaneha bakeng sa ho lula le mokuli le ho ’malla.’ Ntho e ’ngoe eo re ileng ra e fumana e sebetsa hamolemo e bile ho lokisetsa hore baeti ba siee melaetsa e ngotsoeng bukeng ea ho ngola lintlha nakong eo motsoalle oa ka ea kulang a neng a khathetse kapa a robetse. Sena se ile sa re tlisetsa khotsofalo e khōlō kaofela.”
Ho ithaopela ho thusa ka lintho tse itseng ka ho khetheha ho ka akarelletsa mesebetsi leha e le efe e meng. Rose oa hlalosa: “Ke ne ke ananela ho thusoa ka ho alola libethe, ho ngolla mokuli mangolo, ho hlokomela baeti ba mokuli, ho lata litlhare, ho hlatsoa le ho lokisa moriri, ho hlatsoa lijana.” Lelapa le metsoalle ba ka boela ba thusa ea fanang ka tlhokomelo ka ho chenchana ka ho lokisa lijo.
Moo ho loketseng, mohlomong ho ka boela ha e-ba molemo ho thusa ka litlhoko tsa motheo tsa tlhokomelo. Ka mohlala, ea fanang ka tlhokomelo a ka ’na a hloka thuso bakeng sa ho fepa kapa ho hlatsoa mokuli.
Litho tse amehileng tsa lelapa le metsoalle li ka ’na tsa ithaopela ho kenya letsoho ha boloetse bo qala, empa ho thoe’ng haeba boloetse e le ba nako e telele? Ho tšoareha likemisong tsa rōna tse maphatha-phathe, ho ka ’na ha re lebatsa habonolo khatello e tsoelang pele—’me mohlomong e eketsehang—eo ba fanang ka tlhokomelo ba tobanang le eona. E ka ba ho bohloko hakaakang haeba tšehetso e hlokahalang haholo e ka qala ho qepha!
Haeba seo se etsahala, e ka ’na ea e-ba bohlale hore ea fanang ka tlhokomelo a bitse seboka sa lelapa bakeng sa ho tšohla tlhokomelo ea mokuli. Hangata hoa khoneha ho kōpa thuso ho metsoalle le beng ka motho ba bontšitseng thahasello ea ho kenya letsoho. Sena ke seo Sue le lelapa labo ba ileng ba se etsa. Oa pheta: “Ha ho ne ho hlaha litlhoko tse itseng, re ne re hopola ba ileng ba ithaopela ho fana ka thuso ebe rea ba founela. Re ne re ikutloa re lokolohile ho ba kōpa thuso.”
Ba fe Phomolo
Buka ea The 36-Hour Day e re: “Ke habohlokoa haholo hore uena [ea fanang ka tlhokomelo] hammoho le [mokuli oa hao]—le be le linako tse itseng tsa ‘ho intša’ lihoreng tse mashome a mabeli a metso e mene tsa tlhokomelo ea mokuli oa boloetse bo sa foleng. . . . Ho nka phomolo, ho ba thōkoana le tlhokomelo ea [mokuli], ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo u ka li etsang ho inolofalletsa hore u tsoele pele ho hlokomela motho e mong.” Na ba fanang ka tlhokomelo baa lumela?
Maria, ea ileng a thusa tlhokomelong ea motsoalle ea haufi ea neng a tšoeroe ke kankere, oa araba: “Hantle haholo. Nako le nako, ke ne ke hloka ‘ho fumana phomolo’ ’me motho e mong osele a etse mosebetsi oo ka nakoana.” Joan, ea hlokomelang monna oa hae ea nang le Alzheimer’s disease, o na le maikutlo a tšoanang. Oa hlalosa: “E ’ngoe ea litlhoko tsa rōna tse khōlō ka ho fetisisa ke ho ba le phomolo nako le nako.”
Leha ho le joalo, ke joang ba ka phomolelang khatello e tlisoang ke boikarabelo ba bona? Jennifer, ea ileng a thusa ho hlokomela batsoali ba hae ba tsofetseng, o bontša kamoo a ileng a fumana phomolo kateng: “Ka linako tse ling motsoalle e mong oa lelapa o ne a nka ’Mè letsatsi lohle e le ho re fa phomolo.”
U ka ’na ua khona ho fa ea fanang ka tlhokomelo phomolo ka ho ithaopela ho ntša mokuli ka nakoana, haeba ho etsa joalo ho le molemo. Joan o re: “Ke fumana ho khatholla ha e mong a ntša monna oa ka e le hore nka khona ho ba mong hang ka seoelo.” Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua khona ho qeta nako e itseng le mokuli lapeng la hae. Ka tsela leha e le efe, etsa hore motho ea fanang ka tlhokomelo a fumane phomolo e hlokahalang haholo.
Leha ho le joalo, hopola hore hase kamehla ho leng bonolo hore ba fanang ka tlhokomelo ba nke phomolo. Ba ka ’na ba ikutloa ba le molato ha ba le thōkoana le moratuoa oa bona. Hjalmar oa lumela: “Ha ho bonolo ho hlokomoloha boemo le ho kopanela boikhathollong kapa phomolong. Ke ne ke ikutloa ke batla ho ba moo ka linako tsohle.” Empa o ne a fumana khotso e khōlō ea kelello ka ho phomola nakong eo soare sa hae se neng se hloka tlhokomelo e fokolang. Ba bang ba ile ba lokisetsa hore moratuoa oa bona a hlokomeloe ke setsi sa tlhokomelo ea batho ba baholo lihora tse seng kae ka letsatsi.
Ho Fela ha Boloetse Bohle
Ntle ho pelaelo, ho hlokomela moratuoa ea kulang haholo ke boikarabelo bo boholo. Leha ho le joalo, ho hlokomela moratuoa ho ka tlisa thabo le khotsofalo e khōlō. Bafuputsi hammoho le ba fanang ka tlhokomelo ba bontša hore likamano tsa lelapa le metsoalle lia matlafala. Kamehla, ba fanang ka tlhokomelo ba ithuta litšoaneleho le tsebo tse ncha. Ba bangata ba boetse ba rua melemo ea moea.
Habohlokoa le ho feta, Bibele e bontša hore Jehova le Mor’a hae, Jesu Kreste, ba fana ka tlhokomelo e nang le kutloelo-bohloko ka ho fetisisa. Boprofeta ba Bibele bo re tiisetsa hore ho fela ha boloetse bohle, bohloko le lefu ho atametse. Haufinyane, ’Mōpi ea tsotellang oa batho o tla putsa baahi ba lokileng ba lefatše ka bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha le atlehileng ka ho phethahetseng, le letle—leo ho lona ho seng “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW; Tšenolo 21:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Boiketlo ba mokuli bo itšetlehile ka ho toba ka boiketlo ba hao
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Tšehetso ea metsoalle e molemo e tla etsa ho hongata ho u boloka u ntse u tsoela pele linakong tse thata
[Lebokose le leqepheng la 12]
Ho Fana Ka Tlhokomelo Ho Ka Putsa
BA BANG ba ka ’na ba ipotsa: ‘Ebe ho ka putsa? Ho ka putsa joang?’ Ka kōpo hlokomela seo ba latelang ba fanang ka tlhokomelo ba se boleletseng Tsoha!:
“Ho tela lipakane le litakatso tsa motho ha ho bolele ho haelloa ke thabo. ‘Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.’ (Liketso 20:35) Ho ka tlisa thabo e khōlō ho hlokomela moratuoa oa hao.”—Joan.
“Ke ile ka thabisoa haholo ke hore ke ile ka khona ho thusa khaitseli ea ka le soare nakong eo ba neng ba hlile ba hloka thuso—ba se na ho mpuseletsa letho. Ho ile ha re momahanya. Ke tšepa hore ka letsatsi le leng ke tla sebelisa phihlelo ena eo ke e fumaneng ho thusa e mong ea boemong bo tšoanang.”—Hjalmar.
“Joalokaha ke ile ka bolella motsoalle oa ka ea kulang, Betty, ka makhetlo a fetang le le leng, ke amohetse ho feta kamoo ke faneng kateng. Ke ithutile qenehelo le mamello. Ke ithutile hore ho ka khoneha ho boloka boikutlo bo nepahetseng tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa.”—Elsa.
“Ke fetohile motho ea matla haholoanyane moeeng. Ke tsebile ka botlalo haholoanyane hore na ho joang ho itšetleha ka Jehova Molimo letsatsi le letsatsi le ho mo tšepa bakeng sa hore a khotsofatse litlhoko tsa ka.”—Jeanny.
[Lebokose le leqepheng la 13]
Ha U Etela Ea Fanang Ka Tlhokomelo
• Mamela ka qenehelo
• Fana ka pabatso e tsoang pelong
• Ithaopele ho kenya letsoho ka tsela e tobileng
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Tšehetsa ba fanang ka tlhokomelo ka ho ba ela mabenkeleng le ho ba phehela, kapa ka ho ba thusa ho hlokomela mokuli