SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 45
PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba
Lula u Thabile ha u Ntse u Hlokometse Moratuoa oa Hao
“Ba jalang peo ba lla, ba tla kotula ba thabile haholo.”—PES. 126:5.
NTLHA-KHOLO
Kamoo batho ba hlokomelang baratuoa ba bona ba ka mamellang mathata a sa tloaelehang ao ba tobanang le ’ona le seo ba ka se etsang hore ba lule ba thabile.
1, 2. Jehova o ikutloa joang ka batho ba hlokomelang baratuoa ba bona? (Liproverbia 19:17) (Sheba litšoantšo.)
MOR’ABO rona Jin-yeol oa Korea o re: “’Na le mohats’a ka re na le lilemo tse ka holimo ho tse 32 re nyalane. Mohats’a ka o na le lilemo tse hlano a kula, ’me haesale ke mo hlokometse. O tšoeroe ke lefu le bitsoang Parkinson ’me ho thata hore a etse lintho. Ke rata mohats’a ka haholo ’me ke thabela ho mo hlokomela. Bosiu bo bong le bo bong, o robala betheng e kang ea sepetlele eo re nang le eona lapeng. Ke robala pel’a hae re tšoarane ka matsoho.”
2 Na u hlokometse motho eo u mo ratang joaloka motsoali, molekane, ngoana kapa motsoalle? Haeba ho joalo, e tlameha ebe u ananela tokelo ena e ikhethang ea ho mo thusa. Ha u hlokomela moratuoa oa hao, u bontša hore u rata Jehova. (1 Tim. 5:4, 8; Jak. 1:27) Leha ho le joalo, u tobana le mathata ao batho ba bangata ba sa a tsebeng. Ka linako tse ling, u ka ’na oa utloa eka ke uena feela ea nang le mathata. Ha u le bathong, u ka ’na oa bososela empa ha u le mong oa utloa ho le thata ho thiba likhapha. (Pes. 6:6) Le hoja batho ba sa tsebe mathata ao u tobanang le ’ona, Jehova eena oa a tseba. (Bapisa le Exoda 3:7.) O nka likeleli tsa hao le boitelo ba hao e le tsa bohlokoa. (Pes. 56:8; 126:5) O hlokomela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang ho hlokomela motho eo u mo ratang. O inka a u kolota ’me o tšepisa hore o tla u patala.—Bala Liproverbia 19:17.
Na u hlokometse motho eo u mo ratang? (Sheba serapa sa 2)
3. Ke mathata afe ao e ka ’nang eaba Abrahama le Sara ba ile ba tobana le ’ona ha ba ntse ba hlokometse Tera?
3 Bibele e na le mehlala e mengata ea banna le basali ba ileng ba hlokomela motho ea holileng kapa ea kulang. Nahana ka mohlala oa Abrahama le Sara. Ha ba ne ba tloha Ure, ntate oa bona e leng Tera o ne a le lilemo tse ka bang 200. Leha ho le joalo, o ile a tsamaea le bona. Ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 960 ho ea Harane. (Gen. 11:31, 32) Ha ho pelaelo hore Abrahama le Sara ba ne ba rata Tera, empa u se u ka inahanela hore na e ka ’na eaba ho ne ho le thata hakae ho mo hlokomela, haholo-holo ha ba ntse ba le tseleng. Ho ka etsahala hore ba ne ba tsamaea ka likamele kapa litonki, e leng se neng se ka etsa hore ho be thata haholo ho Tera ea neng a se a holile. Hoa utloahala hore Abrahama le Sara ba ne ba khathala haholo ka linako tse ling. Empa ho sa tsotellehe hore na ho etsahetse’ng, ho hlakile hore Jehova o ile a ba fa matla ao ba neng ba a hloka. Le uena o tla u fa matla le ho u tšehetsa feela joalokaha a ile a tšehetsa Abrahama le Sara.—Pes. 55:22.
4. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?
4 Ho thaba ho ka u thusa hore u tiisetse ha u ntse u hlokometse motho ea kulang kapa ea holileng. (Liprov. 15:13) Hopola hore u ka lula u thabile leha u tobane le maemo a boima. (Jak. 1:2, 3) U ka etsa’ng e le hore u lule u thabile? Tsela e ’ngoe ke ka hore u itšetlehe ka Jehova ka ho mo rapela ’me u mo kope hore a u thuse hore u fumane mabaka a ho thaba. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba lintho tse eketsehileng tseo u ka li etsang hore u lule u thabile. Re tla boela re hlahlobe hore na batho ba bang ba ka etsa’ng ho thusa. A re qaleng ka ho hlahloba hore na ke hobane’ng ha batho ba hlokometseng batho ba kulang kapa ba holileng ba hloka ho lula ba thabile, le mathata a ka etsang hore ba se ke ba thaba.
KE HOBANE’NG HA HO KA BA THATA HORE U LULE U THABILE HA U HLOKOMETSE MORATUOA OA HAO?
5. Ke hobane’ng ha batho ba hlokometseng batho ba kulang kapa ba holileng ba lokela hore ba lule ba thabile?
5 Haeba motho ea hlokometseng motho ea kulang kapa ea holileng a sa thaba, ho ka ’na ha e-ba bonolo hore a khathale. (Liprov. 24:10) Ha a khathetse a ka ’na a se ke a thusa motho eo a mo hlokometseng kapa a ba mosa ka tsela eo a neng a ka ba ka eona ha a ne a sa khathala. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata hore motho ea hlokometseng motho ea kulang kapa ea holileng a lule a thabile?
6. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba hlokomelang batho ba kulang kapa ba holileng ba ikutloa ba khathetse haholo?
6 Motho ea hlokometseng e mong, a ka ’na a khathala haholo. Morali oa bo rona Leah o re: “Ho hlokomela motho ho khathatsa maikutlo leha lintho li tsamaea hantle. Qetellong ea letsatsi le joalo, hangata ke ee ke ikutloe ke sa batle letho. Ka linako tse ling ha ke be le matla a hore ke arabe leha e se e le molaetsa feela.” Ba bang ha ba khone ho ba le nako e lekaneng ea ho robala kapa ea ho phomola. Morali oa bo rona Inés o re: “Ha ke khone ho robala nako e lekaneng. Hangata bosiu, ke tlameha ho tsoha ka mor’a lihora tse ling le tse ling tse peli e le hore ke hlokomele matsale oa ka. E se e le lilemo ’na le mohats’a ka re sa khone ho ea phomolong.” Ba bang ha ba khone ho qeta nako le metsoalle ea bona kapa ho etsa lintho tse itseng tšebeletsong ea Jehova hobane ba hlokomela baratuoa ba bona nako eohle. Kahoo, ba ka jeoa ke bolutu ebile ba ka utloa eka ba teronkong ka lebaka la maemo a bona.
7. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba hlokometseng motho ea kulang kapa ea holileng ba ikutloa ba le molato kapa ba saretsoe?
7 Motho ea hlokometseng motho e mong a ka ikutloa a le molato kapa a saretsoe. Morali oa bo rona Jessica o re: “Le ’na ho na le moo matla a ka a fellang teng. Empa ha ke ipha nako ea ho phomola ke ikutloa ke le molato ebile ekare ke icheba bonna feela.” Ba bang ba ikutloa ba le molato hobane ka linako tse ling ha ba rate boemo boo ba leng ho bona. Ba bang ba tšoenngoa ke hore ha ba khone ho etsa ho lekaneng ho thusa baratuoa ba bona. Ba bang bona ba ikutloa ba le molato ka lebaka la lintho tse bohloko tseo ba li buileng ho motho eo ba mo hlokometseng, hobane ba ne ba nkuoe ke maikutlo. (Jak. 3:2) Ba bang ba utloisoa bohloko ke ho bona motho eo ba neng ba mo tseba a phetse hantle a bile a le mahlahahlaha, a ntse a kula ho ea pele. Morali oa bo rona Barbara o re: “E ’ngoe ea lintho tse nkutloisang bohloko haholo ke ho shebella motho eo ke mo ratang a ntse a kula ho ea pele.”
8. Pheta phihlelo ea kamoo mantsoe a seng makae a bontšang kananelo a ka amang motho ea hlokometseng e mong kateng.
8 Batho ba bang ba hlokometseng baratuoa ba bona ba utloa eka ha ba ananeloe. Hobane’ng? Hobane ha se hangata ba lebohuoang kapa ba babatsoang ka lebaka la mosebetsi o boima oo ba o etsang le boitelo ba bona. Mantsoe a seng makae a teboho a ka ba khothatsa haholo. (1 Bathes. 5:18) Morali oa bo rona Melissa o re: “Ka linako tse ling, ke ne ke lla hobane ke khathetse kapa ke nyahame. Empa ha batho bao ke ba hlokometseng ba nteboha ka lintho tsohle tseo ke ba etsetsang tsona, ke tsoha molota. Mantsoe a bona a nthusa hore ke tsohe letsatsing le hlahlamang ke ikemiselitse ke bile ke labalabela hore ke ba hlokomele hape.” Mor’abo rona Ahmadu o hlalosa kamoo ho utloa mantsoe a bontšang kananelo ho mo amang kateng. Eena le mohatsa oa hae ba hlokomela mochana oa bona ea lulang le bona ea nang le lefu la ho akheha. O re: “Le hoja a sa utloisise ka ho felletseng boitelo boo re bo etsang ba ho mo hlokomela, re thaba haholo ha a re bolella hore oa re leboha kapa hore oa re rata.”
U KA ETSA’NG HORE U LULE U THABILE?
9. Motho ea hlokometseng motho e mong a ka inyenyefatsa joang?
9 Inyenyefatse. (Liprov. 11:2) Kaofela ha rona ha re na nako le matla a ho etsa lintho tsohle tseo re batlang ho li etsa. Kahoo, u lokela ho ipehela meeli ea seo u ka khonang ho se etsa, ’me ka linako tse ling ha se phoso hore u hane ho etsa lintho tse ling. Ha u etsa joalo, o bontša hore oa inyenyefatsa. Haeba batho ba bang ba ithaopela ho u thusa, amohela thuso ea bona. Mor’abo rona Jay o re: “Letsatsi le letsatsi re ka khona ho etsa lintho tse itseng ho latela nako le matla ao re nang le ’ona. Haeba re sa etse lintho tse fetang matla a rona, re tla lula re thabile.”
10. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore motho ea hlokometseng motho e mong a be le temoho? (Liproverbia 19:11)
10 E-ba le temoho. (Bala Liproverbia 19:11.) Ha u na le temoho, ho tla ba bonolo hore u lule u khobile matšoafo ha motho eo u mo hlokometseng a sa u tšoare hantle. Motho ea nang le temoho o leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha motho a etsa lintho ka tsela e itseng. Bokuli bo bong bo sa foleng bo ka etsa hore motho a itšoare ka tsela e sa tloaelehang. (Moek. 7:7) Ka mohlala, motho eo ka tloaelo a leng mosa a bile a nahanela, a ka ’na a ba manganga kapa a ba leqhoko. Mohlomong a ka u batla lintho li hana ho fela, a u tšoaea-tšoaea liphoso kapa ha ba thata ho mo thabisa. Haeba u thusa motho ea nang le boloetse bo sa foleng, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u ithute ka boloetse boo. Ha u tseba haholoanyane ka bona, u tla khona ho lemoha hore tsela eo a itšoarang ka eona e bakoa ke boemo ba hae, eseng hore o batla ho u tšoara hampe.—Liprov. 14:29.
11. Ke lintho life tsa bohlokoa tseo motho ea hlokometseng motho e mong a lokelang ho ipha nako ea ho li etsa letsatsi le letsatsi? (Pesaleme ea 132:4, 5)
11 Iphe nako ea ho matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova. Ka linako tse ling, u tla lokela hore u behelle lintho tse ling ka thoko e le hore u etse lintho tsa “bohlokoa haholo.” (Bafil. 1:10) E ’ngoe ea lintho tsena tsa bohlokoa haholo ke ho matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova. Morena Davida o ne a nka ho rapela Jehova e le ntho ea bohlokoa bophelong ba hae. (Bala Pesaleme ea 132:4, 5.) Ka ho tšoanang, ho bohlokoa hore le uena u iphe nako ea ho bala Bibele le ho rapela letsatsi le letsatsi le hoja u phathahane. Morali oa bo rona Elisha o re: “Ke lula ke thabile ka lebaka la ho rapela le ho nahanisisa ka lipesaleme tse khothatsang. Thapelo ke eona ntho e nthusang ka ho fetisisa. Ke iphumana ke rapela letsatsi lohle e le hore ke lule ke khobile matšoafo.”
12. Ke hobane’ng ha motho ea hlokometseng motho e mong a hloka ho ipha nako ea hore a itlhokomele ’meleng le kelellong?
12 Iphe nako ea ho itlhokomela ’meleng. Batho ba phathahaneng joaloka ba hlokomelang batho ba bang, ba ka thatafalloa ke ho ja lijo tse nang le phepo hobane ha ba na nako ea ho li reka le ho li pheha. Ho ja hantle le ho ikoetlisa ho bohlokoa e le hore motho a phele hantle ’meleng le kelellong. Kahoo, leka ho sebelisa nako e fokolang eo u nang le eona hore u je lijo tse nang le phepo le ho ikoetlisa kamehla. (Baef. 5:15, 16) Ho ekelletsa moo, leka ho robala nako e lekaneng. (Moek. 4:6) Liphuputso li bontša hore ho robala ho thusa boko hore bo inchafatse. Sehlooho se reng “Kamoo ho Robala ho ka Amang Stress Kateng” se ngotsoeng ke Banner Health, se bontša hore ho robala nako e lekaneng ho ka ’na ha fokotsa ho tšoenyeha ha ba ha thusa motho hore a sebetsane le stress. U boetse u hloka nako ea hore u ithabise. (Moek. 8:15) Motho e mong ea hlokometseng moratuoa oa hae oa re bolella hore na ke eng e mo thusang hore a lule a thabile. O re: “Ha boemo ba leholimo bo le botle, ke leka ho ea ka ntle letsatsing. Bonyane hanngoe ka khoeli, ke ipha nako ea hore ke il’o thaba le motsoalle oa ka.”
13. Ke hobane’ng ha ho tšeha ho le molemo? (Liproverbia 17:22)
13 Fumana menyetla ea ho tšeha. (Bala Liproverbia 17:22; Moek. 3:1, 4) Ho tšeha ho ka u thusa ’meleng le kelellong. Ha u hlokometse motho, ha se kamehla lintho li tsamaeang ka tsela eo u neng u e lakalitse. Empa ha u ka lula u hopola hore lefu-leholo ke litšeho, u tla khona hore u mamelle le maemo a boima. Ho tšeha le motho eo u mo hlokometseng ho ka matlafatsa setsoalle sa lona.
14. Ho bua le motsoalle eo u mo tšepang ho ka u thusa joang?
14 Bua le motsoalle eo u mo tšepang. Ho sa tsotellehe boiteko ba hao, ka linako tse ling u ka ikutloa u imetsoe. Ha nako e joalo e fihla, ho bohlokoa hore u bue le motsoalle oa hao ea sa tl’o u ahlola le ea tla utloisisa tsela eo u ikutloang ka eona. (Liprov. 17:17) Ha a u mamela a bile a u bolella mantsoe a khothatsang, u tla hlokomela hore ke eona ntho eo u neng u e hloka hore u lule u thabile.—Liprov. 12:25.
15. Ho nahana ka Paradeise ho ka u thabisa joang?
15 Ipone u se u le Paradeiseng le motho eo u mo hlokometseng. Hopola hore mosebetsi oa ho hlokomela motho e mong ke oa nakoana. Ha se mosebetsi oo Jehova a neng a re bopetse hore re o etse. (2 Bakor. 4:16-18) “Bophelo ba sebele” ke hona bo tlang. (1 Tim. 6:19) Ha uena le motho eo u mo ratang le bua ka lintho tseo le tla thabela ho li etsa hammoho Paradeiseng, le tla thaba haholo. (Esa. 33:24; 65:21) Morali oa bo rona Heather o re: “Hangata ke bolella batho bao ke ba thusang hore haufinyane re tla roka, re mathe le ho palama libaesekele hammoho. Re tla pheha bohobe le lijo tse monate bakeng sa baratuoa ba rona ba tsositsoeng. ’Na le batho bao ke ba thusang, re leboha Jehova ka tšepo eo a re fileng eona.”
BATHO BA BANG BA KA U THUSA JOANG?
16. Re ka thusa batho ba hlokometseng ba bang joang phuthehong ea habo rona? (Sheba setšoantšo.)
16 Thusa batho ba hlokometseng ba bang e le hore ba be le nako ea ho phomola. Bara le barali ba bo rona ba ka thusetsa ka hore ba ithaopele ho thusa ba hlokometseng baratuoa ba bona. Seo se tla ba thusa hore ba be le nako ea ho phomotsa kelello le ea ho phetha mabaka a bona. (Bagal. 6:2) Bahoeletsi ba bang ba ipha nako beke le beke e le hore ba khone ho thusa. Morali oa bo rona Natalya, ea hlokometseng monna oa hae ea sa khoneng ho tsamaea, o re: “Mor’abo rona e mong phuthehong ea rona o tla hanngoe kapa habeli bekeng, e le hore a tl’o qeta nako le monna oa ka. Ba etsa mosebetsi oa boboleli, baa qoqa ebile ba shebella li-movie hammoho. Tseo e ba linako tse thabisang ho monna oa ka, ’me le ’na li mpha monyetla oa hore ke etse lintho tseo ke li ratang joaloka ho otlolla maoto.” Maemong a mang, u ka ithaopela ho qeta bosiu ha motho ea hlokometseng moratuoa oa hae, e le hore motho eo ea mo hlokometseng a khone ho robala.
U ka thusa motho ea hlokometseng e mong joang phuthehong ea heno? (Sheba serapa sa 16)a
17. Re ka thusa batho ba hlokometseng ba bang joang nakong ea liboka?
17 Thusa batho ba hlokometseng baratuoa ba bong nakong ea liboka. Batho ba hlokometseng ba bang ha ba rue molemo o felletseng ha ba le libokeng, likopanong tse nyenyane le tse kholo hobane ba phathahane ka ho hlokomela baratuoa ba bona. Ba bang ba ka ithaopela ho thusa ka hore ba lule le batho ba hlokang ho hlokomeloa nakong ea liboka kapa karolong e ’ngoe ea tsona. Haeba motho ea hlokang thuso ha a khone ho tsoa ka tlung, u ka ithaopela ho ea ha hae hore le il’o kena liboka ka marang-rang e le hore motho ea mo hlokometseng a ka khona ho ea libokeng ka seqo.
18. Re ka etsa’ng hape ho thusa batho ba hlokometseng ba bang?
18 Babatsa batho ba hlokometseng ba bang u be u ba rapelle. Baholo ba lokela ho etsetsa batho ba hlokometseng ba bang maeto a bolisa kamehla. (Liprov. 27:23) Hape ho sa tsotellehe hore na maemo a rona ke afe, kaofela ha rona ka phuthehong re ka itloaetsa ho khothatsa batho ba hlokometseng ba bang. Re ka boela ra kopa Jehova hore a tsoele pele ho ba matlafatsa le ho ba thusa hore ba lule ba thabile.—2 Bakor. 1:11.
19. Ke lintho life tseo re li lebelletseng?
19 Haufinyane, Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle. Ho kula le lefu li ke ke tsa hlola li e-ba teng. (Tšen. 21:3, 4) “Ea holofetseng o tla tlola-tlola joaloka khama.” (Esa. 35:5, 6) Litla-morao tse bohloko tsa botsofali le ho utloa bohloko ka lebaka la ho hlokomela motho eo re mo ratang ea kulang e tla ba ‘lintho tsa khale tseo re ke keng ra hlola re li hopola.’ (Esa. 65:17) Le hona joale ha re ntse re emetse hore tšepo eo e babatsehang e phethahale, Jehova a ke ke a re lahla. Haeba re tsoela pele ho itšetleha ka eena e le hore a re fe matla, o tla re thusa hore re ‘mamelle lintho tsohle re tiiselitse ebile re thabile.’—Bakol. 1:11.
PINA EA 155 Thabo e sa Feleng
a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Barali ba bo rona ba babeli ba bacha ba etetse morali oa bo rona ea holileng e le hore motho ea mo hlokometseng a ka tsoa a il’o hahloa ke moea.