Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 10/8 maq. 22-24
  • Nka Tsepamisa Mohopolo oa ka Joang Linthong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Tsepamisa Mohopolo oa ka Joang Linthong?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba le Thahasello
  • Matichere a Borehileng le a Borang
  • ‘Ho Ela Hloko Lintho ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’
  • Kamoo U ka Ruang Molemo o Moholoanyane Libokeng
  • ‘Ela Lintho Hloko ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Tsa Bokreste?
    Tsoha!—2012
  • ‘Ela Hloko Kamoo U Mamelang Kateng’
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Kamoo Jehova a re Tsamaisang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 10/8 maq. 22-24

Bacha Baa Botsa. . .

Nka Tsepamisa Mohopolo oa ka Joang Linthong?

“Ke qetile lilemo ke lula ka libokeng empa ke sa fumane molemo o mokaalo ho tsona. Kelello ea ka e ne e lelera feela tjee.”—Matthew.

NA U kile ua lula ka tlelaseng ea sekolo kapa sebokeng sa Bokreste ’me ka potlako ua hlokomela hore ha u tsebe le hore na ho ntse ho buuoa ka eng? Bonneteng, haeba kelello ea hao e tloaetse ho lelera ka linako tse ling, ha u mong. Joalokaha sehlooho se fetileng se boletse, ho sitoa ho tsepamisa mohopolo nako e telele ho tloaelehile ho bacha.a Leha ho le joalo, ka ho etsa boiteko bo seng bo kae le ho lokisa boikutlo ba hao, u ka ithuta ho eketsa matla a hao a ho tsepamisa mohopolo.

E-ba le Thahasello

Nahana ka moatlelete ea koetlisitsoeng. Moapostola Pauluse o re: “Monna e mong le e mong ea nkang karolo tlhōlisanong o sebelisa boitšoaro linthong tsohle.” Haeba moatlelete a lumella ho sitisoa, esita le ka nakoana feela, seo se ka etsa hore a hlōloe. E le hore a hlōle, o lokela ho ithuta ho tsepamisa mohopolo—a hlokomolohe molumo oa letšoele, a iphapanyetse bohloko le mokhathala tseo a li utloang, le ’ona maikutlo a ho hlōloa ka booona a a qhelele thōko. Empa ke eng e susumelletsang baatlelete hore ba ikitlaetse ka matla a fetang a tloaelehileng joalo? Ho latela moapostola Pauluse, ba etsa joalo e le hore “ba ka fumana moqhaka o ka bolang”—mehope ea tlhōlo le meputso e fuoang bahlōli.—1 Bakorinthe 9:25.

Ka tsela e tšoanang, u lokela ho susumetsoa ke ntho e itseng hore u tsepamise mohopolo! Buka ea William H. Armstrong e reng Study is Hard Work e re: “Ke boikarabelo ba seithuti hore se be le thahasello. Ha ho na motho ea tla thahasella bakeng sa hao, ’me ha ho na ea ka eketsang thahasello ea hao ntle leha e le uena ea batlang.” Tsebo ke eona e tla etsa hore u utloisise lefatše le u potolohileng. Ha u tseba ho hongata, u ka ithuta ho hongata. Liproverbia 14:6 e re: “Ho ea nang le kutloisiso tsebo e fumaneha habonolo.” U ka ’na ua se ke ua hopola lintho kaofela tseo u ithutileng tsona sekolong, empa bonyane sekolo se u thusa hore u koetlise le ho hōlisa matla a ho nahana. (Bapisa le Liproverbia 1:4.) Ho tseba ho laea kelello le ho khona ho tsepamisa mohopolo ho tla u thusa bophelong bohle ba hao.

Matichere a Borehileng le a Borang

Leha ho le joalo, bacha ba bang ba tletleba ka hore matichere a bona a bonahala a se na thahasello. Mocha ea bitsoang Jesse o re: “Matichere a ema ka pel’a lōna, a bua ho itseng, a le fa mosebetsi ebe aa le lokolla. Ke bona eka aa tsoafa. Matichere ha a etse lintho joalokaha eka ke tsa bohlokoa, kahoo, ha re bone tlhokahalo ea ho tsepamisa mohopolo.”

Na joale u lokela ho etsa qeto ea hore ho tsepamisa mohopolo ke tšenyo ea nako? Eseng joalo. E ka ’na eaba feela matichere a mangata a qabeletsoe bothateng bona. Mocha ea bitsoang Collin oa hlalosa: “Ha ho na ea mamelang matichere, kahoo, matichere a nahana hore ha ho na motho ea batlang ho ithuta. Ka lebaka leo, ha a rute ka sefutho le ka cheseho.”

Ebang ua lumela kapa che, u ka thusa ho felisa mokhoa ona. Joang? Ka hore feela u tsepamise mohopolo. Ho ba le seithuti se le seng feela se nang le thahasello e ka ’na ea e-ba sohle seo tichere e borehileng e se hlokang hore e boele e be le thahasello mosebetsing oa eona. Ke ’nete hore matichere a mang ha a na bokhoni ba ho etsa hore liithuti li be le thahasello tabeng. Empa pele u itumella ho nahana ka lintho tse ling lisele, ipotse, ‘Na o tseba seo a buang ka sona?’ Haeba ho joalo, ipolelle hore ho na le seo u tla ithuta sona ho eena. Mamela ka hloko—tsepamisa mohopolo! Kenella lipuisanong tsa tlelase. Botsa lipotso tse tobileng. Buka e bitsoang How to Study in High School ea hlokomela: “Liithuti tse ngata li fumana ho thusa ho ngola litšoantšo, mantsoe, lichate, litlhaloso le lintlha tsa sehlooho tseo tichere e li ngolang letlapeng kapa tseo e li hatisang.”

‘Ho Ela Hloko Lintho ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’

Leha ho le joalo, u boemong ba ho rua molemo kapa ba ho lahleheloa ha ho tluoa tabeng ea ho mamela libokeng tsa Bokreste. Jesse oa lumela: “Ka linako tse ling bacha ha ba mamele ka hloko linthong tse kang liboka hobane ha ba hlokomele hore na liboka ke tsa bohlokoa hakae.” Ho Baheberu 2:1, re laeloa hore re “ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa, e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.” Ka mor’a ho ba teng sebokeng sa phutheho, na ho na le ntho eo u ka e hopolang puong ka ’ngoe? Kapa na ka linako tse ling u sitoa le ho hopola feela hore na ke bo-mang ba neng ba fana ka lipuo?

Hape, taba e ’ngoe ke ea ho bona bohlokoa ba seo u ithutang sona. Ka sebele, bophelo ba hao boa ameha! (Johanne 17:3) Ntlha e ’ngoe e ka nahanoang ke ena: Ha u ithuta Bibele, u ithuta ho nahana joaloka Molimo! (Esaia 55:8, 9) ’Me ha u sebelisa seo u ithutang sona, u apara seo Bibele e se bitsang “botho bo bocha.” (Bakolose 3:9, 10) Ka lehlakoreng le leng, haeba u hlōleha ho mamela ka hloko, u ka ’na ua se ke ua ntlafatsa bophelo ba hao moo ho hlokahalang teng; u tla khina khōlo ea hao ea moea. Jehova oa tseba hore kaofela ha rōna re na le tšekamelo ea ho tlohella likelello tsa rōna hore li sitisoe. Kahoo, o re kōpa ka tieo: “’Mameleng hle . . . Sekehang litsebe, le tle ho ’na. Mamelang, meea ea lona e tle e phele.”—Esaia 55:2, 3.

Kamoo U ka Ruang Molemo o Moholoanyane Libokeng

Leha ho ntse ho le joalo, qalong ho ka ’na ha e-ba thata ho mamela ka hloko libokeng. Empa bafuputsi ba bolela hore ha re itloaetsa hore re tsepamise mohopolo haholoanyane, boko ba rōna bo ba bohlale haholo mosebetsing oo re o etsang. Matthew ea qotsitsoeng qalong o ile a hlōla tloaelo ea hae ea ho lelera ha kelello nakong ea liboka. O re: “Ke hlokometse hore ke lokela ho itaea hore ke mamele ka hloko. Ka mor’a nako, boemo boa ntlafala ’me u ka khona ho mamela ka hloko ka nako e telele.” Matthew o boetse o bolela ntlha e le ’ngoe e ka sehloohong e etsang hore liboka li mo natefele. O re: “Ke ithuta nako esale teng.” Ka tsela e tšoanang, mocha ea bitsoang Charese o re: “Ha ke lokiselitse, ke ikutloa ke le e mong oa ba teng libokeng. Lipuo e ba tse tebileng haholoanyane ’me li bolela ho eketsehileng ho ’na.”

Ke habohlokoa hape ho thibela menahano e faposang kelello. Ke ’nete hore e ka ’na eaba u na le lintho tse ngata tse utloahalang tse u tšoenyang kelellong: tlhahlobo e ngoloang bekeng e tlang, ho se utloane le ba bang ho u bakelang khatello ea maikutlo, litšenyehelo tse u tobileng tseo u lokelang ho li lefella. Empa Jesu o ile a fana ka keletso ena: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng? Kahoo, le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.” (Matheu 6:27, 34) Ho lebisa tlhokomelo libokeng tsa phutheho ho ke ke ha felisa mathata a hao, empa ho tla thusa ho u nchafatsa moeeng, e le hore u ka sebetsana ka katleho le mathata.—Bapisa le 2 Bakorinthe 4:16.

Ho mamela ka hloko ho ka boetse ha u thusa hore u lule u tsepamisitse mohopolo. Matthew o re: “Ke leka ho lebella hore na sebui se tla phahamisa lintlha life puong ’me ke shebe hore na se li hlahisa joang.” Ipotse, ‘Lintlha tsa sehlooho tseo ho buuoang ka tsona ke life? Nka sebelisa se rutoang joang?’ Ho lebella se latelang seo sebui se tla se bua le hona ho ka u thusa hore u lule u tsepamisitse mohopolo. Leka ho latela tsela eo se behang mabaka ka eona. Hlokomela mabaka a Mangolo ao se fanang ka ’ona. Nahana ka lintlha tsa sona tsa sehlooho ’me u li akaretse. Ngola lintlha tse khutšoanyane tsa bohlokoa. Haeba puo e akarelletsa bamameli, nka karolo! Ho etsa joalo ho ka u thusa hore kelello ea hao e lule e tšoarehile ’me mehopolo ea hao e se ke ea lelera.

Ho ke ke ha latoloa hore ho mamela e ka ba phephetso haeba sebui se itseng se sa chesehe kapa se fana ka puo ka tsela e se nang bophelo. Hopola hore na Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba re’ng ka tsela eo ba neng ba talima bokhoni ba moapostola Pauluse ba ho bua: “Ho ba teng ha hae ka boeena hoa fokola le puo ea hae ea eiseha.” (2 Bakorinthe 10:10) Empa Pauluse o ile a arabela nyatsong eo ka hore: “Esita le haeba ke se kheleke puong, ka sebele ha ke joalo tsebong.” (2 Bakorinthe 11:6) E, haeba bamameli ba Pauluse ba ne ba ile ba sheba ka nģ’ane ho mokhoa oa hae oa ho bua ’me ba lebisa tlhokomelo linthong tsa bohlokoa tseo a neng a li bua, ba ka be ba ile ba ithuta “lintho [tse ngata] tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakorinthe 2:10) Ka tsela e tšoanang, haeba u tsepamisa mohopolo ’me u mamela, u ka ithuta esita le ho sebui se “se nang bophelo.” Ho tseba mang? Mohlomong se ka bua ntlha ka tsela e itseng kapa sa sebelisa lengolo ka tsela eo u qalang ho utloa le sebetsa ka eona.

Mantsoe a Jesu a ho Luka 8:18 a akaretsa lintho hantle: “Le ele hloko kamoo le mamelang kateng.” Ke ’nete hore ho ithuta ho mamela ka hloko—le ho se lumelle kelello ho lelera—ho tla hloka boiteko le boikoetliso. Empa ka mor’a nako, u tla rua melemo. Ho ithuta ho tsepamisa mohopolo ho ka bolela ho pasa hantle, ’me habohlokoa haholoanyane, ho ka bolela khōlo ea moea!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Sitoa ho Tsepamisa Mohopolo?,” se hlahang tokollong ea rōna ea August 8, 1998.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho hlaolela thahasello ho seo u se utloang ke senotlolo sa ho tsepamisa mohopolo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela