Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 10/8 maq. 25-28
  • “Seporo sa Bohlanya” sa Afrika Bochabela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Seporo sa Bohlanya” sa Afrika Bochabela
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pharela li sa Tloha
  • Ho Haola le Lehoatata la Taru
  • Ho Tšosoa ke Litau
  • Mathata a Mang
  • Mokhahlelo oa ho Qetela
  • Seporo Seo Kajeno
  • Seporo se Tlohang Leoatleng le Leng ho ea ho le Leng
    Tsoha!—2010
  • Lilemo Tse Fetang 120 Hore e Haole le Naha
    Tsoha!—2008
  • Mocha ea Thahasellang Literene o Ithuta ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • E ne e le Setsi sa Motlakase Joale e se e le sa Leseli la Moea
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 10/8 maq. 25-28

“Seporo sa Bohlanya” sa Afrika Bochabela

KA MONGOLLI OA TSOHA! KENYA

MORERO oa Brithani oa lilemo tse ka holimo hanyenyane ho tse 100 tse fetileng oa ho etsa seporo ho haola le Afrika Bochabela, ha oa ka oa tšehetsoa ka cheseho ke e mong le e mong ka paramenteng ea London. Mohanyetsi e mong o ile a ngola ka mokhoa o phoqang:

“Ha ho mantsoe a ka hlalosang litšenyehelo tseo se tla li baka;

Hore na sepheo sa sona ke sefe, ha ho kelello e ka se utloisisang;

Ha ho ea ka nohang hore na se tla qala hokae;

Ha ho ea tsebang hore na se ea hokae.

Ha ho motho ea ka hakanyang hore na se tla sebelisetsoa eng;

Ha ho ea ka hlalosang hore na se tla tsamaisa eng;

Ho hlakile hore hase letho haese hore ke seporo sa bohlanya.”

Bonneteng, morero oo ha oa ka oa nkoa hampe joalokaha ho boletsoe ka holimo. Ho ne ho lebeletsoe hore seporo seo se be bolelele ba lik’hilomithara tse 1000 ho tloha Mombasa, koung ea Indian Ocean, Kenya, ho ea fihla Lake Victoria. Batšehetsi ba sona ba ile ba tiisa hore hang ha se qetiloe, se ne se tla hōlisa khoebo le ntšetso-pele ’me se be se felise ho hoeba ka makhoba sebakeng seo. Litšenyehelo tsa ho etsa seporo seo li ne li hakanyetsoa ho liranta tse limilione tse 25, tse neng li tla lefuoa ke Mabrithani a lefang lekhetho. Ho ne ho hakantsoe hore mosebetsi oo o ne o tla nka lilemo tse ’nè ho isa ho tse hlano.

Leha ho le joalo, makolopetso a ne a e-s’o hlake hantle. Ha George Whitehouse, moenjiniere ea ka sehloohong a fihla Mombasa ka December 1895, o ne a e-na le polane feela ea hore na tsela ea seporo e ne e lokela ho tsamaea joang. Seo Whitehouse a ileng a se tseba ka mor’a moo, se ne se tšosa haholo. Ka bophirimela ho Mombasa, e ne e le sebaka se chesang, se se nang metsi seo boholo ba bahahlauli bo neng bo se qoba. Ka nģ’ane ho sebaka seo, seporo se ne se tla feta lik’hilomithara tse 500 har’a thota le mofero o tletseng litau le o nang le boieane ba lintsintsi tsa tsetse le menoang. Ka mor’a moo, ho ne ho latela sebaka se lithaba tse ka foqohang seretse se chesang se neng se arotsoe ke Great Rift Valley e bophara ba lik’hilomithara tse 80, e nang le lilomo tse bolelele ba limithara tse 600. Lik’hilomithara tsa ho qetela tse neng li ka ba 150 ho fihla letšeng ho ile ha thoe e ne e le tsa tebetebe ea seretse. Ha ho makatse hore ebe ho etsoa ha seporo sena e ne e tla ba e ’ngoe ea litlaleho tse thahasellisang ka ho fetisisa tsa Afrika.

Pharela li sa Tloha

Ho hlakile hore ho ne ho tla hlokahala basebetsi ba bangata bakeng sa mosebetsi o moholo joalo. Kaha Mombasa e ne e le motse o monyenyane, ho ile ha latoa basebetsi India. Ka 1896 feela, ba ka holimo ho 2000 ba ile ba fihla ka likepe—lihahi tsa majoe, litei tsa tšepe, babetli, bahlahlobi, bo-ralipolane, litlelereke le basebetsi feela ba tloaelehileng.

Joale taba e ne e le hore Mombasa e etsoe sebaka se tšoanelehang sa ho amohela thepa e ngata e neng e tla romeloa ka likepe bakeng sa ho etsa seporo se bolelele ba lik’hilomithara tse 1000. Seporo ka bosona se ne se tla hloka lireile tse 200 000, e le ’ngoe e le bolelele ba limithara tse robong ’me e le boima ba lik’hilograma tse 200. Ho ne ho boetse ho hlokahala likotoana tse limilione tse 1,2 tse tšoarang seporo (boholo ba tsona e le tsa tšepe). Bakeng sa ho fasa lireile le likotoana tsa tšepe tse tšoarang seporo, ho ne ho tla hlokahala hore litšepe tse 200 000 tse hokahanyang lireile, liboutu tse 400 000 le litšepe tse parakang hore ho se be le ho sisinyeha tse limilione tse 4,8 li romelloe ho tsoa naheng e ’ngoe. Ho phaella moo, ho ile ha tlameha hore ho tlisoe literene, makareche a sebelisetsoang ho tšela peterole le metsi, makareche a nang le mariki, makareche a thepa le makareche a baeti. Empa pele ho ka etsoa seporo sa pele, ho ne ho hlokahala hore ho hahoe liemelo tsa likepe, libaka tsa ho boloka thepa, libaka tseo basebetsi ba tla lula ho tsona, mabenkele a ho tea le libaka tseo ho tla sebeletsoa ho tsona. Ka potlako, toropo eo e khutsitseng e lebōpong la leoatle e ne e fetotsoe boema-kepe ba sejoale-joale.

Whitehouse o ile a hlokomela ka potlako hore ho ne ho tla ba le bothata ba metsi; liliba tse seng kae tsa Mombasa li ne li finyella litlhoko tsa baahi ba moo ka thata. Leha ho le joalo, ho ne ho tla hlokahala metsi a mangata a nooang le a ho hlapa esita le bakeng sa mosebetsi ka booona. Whitehouse o ile a ngola: “Ho seo ke se boneng le seo ke se tsebang ka naha ena, ha ho tharollo e ’ngoe eo nka e buellang ntle le ea hore literene li tlise metsi limaeleng tse qalang tse 100 [lik’hilomithara tse 160].” Literene tseo tse tlisang metsi li ne li tlameha ho tlisa bonyane lilithara tse 40 000 letsatsi le leng le le leng!

Qalong, baenjiniere ba seporo ba ile ba rarolla bothata ba metsi ka ho thibella molapo le ho haha letamo bakeng sa ho boloka metsi a pula. Hamorao, ho ile ha tlisoa mechine e ileng ea hloekisa metsi ao a mangata.

Mosebetsi o ile oa qala ’me qetellong ea 1896—selemo ka mor’a hore Whitehouse a fihle Mombasa—ho ne ho se ho entsoe seporo se bolelele ba lik’hilomithara tse 40. Ho sa tsotellehe sena se neng se finyeletsoe, basomi ba ile ba potlakela ho bona hore haeba mosebetsi o ne o sa etsoe ka potlako, terene ea pele e ne e ke ke ea nka leeto ho tloha lebōpong la leoatle ho ea Lake Victoria ho fihlela neng-neng mathoasong a bo-1920!

Ho Haola le Lehoatata la Taru

Khabareng, basebetsi ba ile ba tšoaroa ke maloetse. Ka December 1896, litente tsa sepetlele li ile tsa amohela basebetsi ba ka holimo ho 500 ba tšoeroeng ke malaria, letšollo, liso tse bakoang ke mocheso le pneumonia. Libeke tse seng kae hamorao, halofo ea basebetsi e ne e sitoa ho sebetsa ka lebaka la ho kula.

Leha ho le joalo, mosebetsi o ile oa tsoela pele, ’me ka May, seporo se ne se se se atolohetse lik’hilomithareng tse fetang 80, ho ea Lehoatateng le ommeng la Taru. Le hoja qalong naha eo e ne e bonahetse e le ntle bakeng sa ho etsa mosebetsi ka lebelo le tloaelehileng, Taru e ne e le moru oa lihlahla tsa meutloa e bohale-hale tse bolelele ba motho. Lerōle le lengata le lefubelu le ne le qhoela basebetsi. Letsatsi le ne le chesa haholo, le bataola lefatše—sebaka seo se ne se tletse meutloa ’me se chesa ho tlōla tekano. Esita le bosiu, ke ka seoelo mocheso o neng o theohela ka tlaase ho likhato tse ka bang 40 tsa Celsius. Tlalehong ea hae ea molao eo a faneng ka eona ka seporo seo, mongoli M. F. Hill o hlokometse: “Ho ne ho bonahala eka tlhaho ea Afrika ka boeona e ne e hlonametse ho itšohlometsa hoo ha seporo sa makhooa.”

Ho Tšosoa ke Litau

Ho ella mafelong a 1898, seporo se ile sa atamela Nōka ea Tsavo ka lik’hilomithara tse 195. Joale ho phaella mathateng a sebaka seo se seng setle, ho ile ha hlaha bothata bo bong—litau tse peli li ile tsa qala ho hlasela basebetsi. Litau tse ngata li qoba ho hlasela batho. Hangata tse hlaselang batho ke tse tsofetseng haholo kapa tse kulang hoo li ke keng tsa tšoara liphoofolo. Litau tseo tse peli tsa tikolohong ea Tsavo, e tona le e tšehali, e ne e le mekhelo. Li ne li sa tsofala kapa hona hore li ne li fokola, li ile tsa tla ka lenyele bosiu ’me tsa nka liphofu tsa tsona.

Basebetsi ba tšohileng ba ile ba hloma mekoallo ea meutloa ho pota-pota likampo tsa bona, ba lula ba besitse mollo, ’me ba khetha balebeli ba neng ba tla letsa litoromolo tse se nang letho tsa oli ka tšepo ea hore ba tla leleka liphoofolo tseo. Ha December e fihla, basebetsi ba ne ba tšositsoe ke litau tseo hoo basebetsi ba bang ba ileng ba emisa terene e neng e khutlela Mombasa ka hore ba robale seporong, eaba ba ka bang 500 ba bona baa palama. Ho ile ha sala basebetsi ba ka bang 48 feela. Libeke tse tharo tse latelang, mosebetsi o ile oa emisa kaha basebetsi ba ne ba tšoarehile ka matla ka ho tiisa tšireletso ea bona.

Qetellong, litau tseo li ile tsa tšoaroa ’me mosebetsi oa tsoela pele.

Mathata a Mang

Bohareng ba 1899, seporo se ile sa fihla Nairobi. Ho tloha moo, se ile sa leba bophirimela, sa theohela Rift Valley ka limithara tse fetang 400, sa ntoo nyolosa ka lehlakoreng le leng har’a meru e teteaneng le likhohlo tse tebileng, ho fihlela se fihla Mau Summit, sebaka se bophahamo ba limithara tse 2600.

Mathata a ho etsa seporo sebakeng se matsaranka joalo a ne a phephetsa haholo, empa ho ne ho e-na le mathata a mang. Ka mohlala, bahlabani ba sebaka seo ba ile ba ea likampong ’me ba inkela thepa ea mosebetsi—lik’hebole tse tsamaisang melaetsa ea motlakase bakeng sa ho etsa mabenyane haesita le liboutu, lipekere le lireile bakeng sa ho etsa libetsa. Ha a hlalosa sena, Sir Charles Eliot, eo e kileng ea e-ba mokomishinara oa Afrika Bochabela o ile a ngola: “Motho a ka nahana hore na bosholu bo ne bo tla ba joang seporong sa Europe haeba lik’hebole tse tsamaisang melaetsa ea motlakase e ne e le lifaha tsa liperela ’me lireile e le lithunya tsa boleng bo phahameng tsa lipapali . . . Ha ho makatse ha [batho ba sechaba seo] ba ile ba inehela tekong eo.”

Mokhahlelo oa ho Qetela

Ha basebetsi ba seporo ba atamela Lake Victoria ka lik’hilomithara tse leshome, letšollo le malaria li ile tsa etsa feko kampong. Halofo ea basebetsi e ne e kula. Ka nako e tšoanang, lipula li ile tsa na, tsa fetola sebaka seo se neng se se se ntse se le mongobo tebetebe. Metheo ea seporo e ile ea tobosela hoo literene tsa thepa li ileng tsa tlameha ho laolloa li ntse li tsamaea; ho seng joalo, e ne e tla reketla ’me e tetebele seretseng. Mosebetsi e mong o ile a hlalosa terene e ’ngoe e joalo e “e-tla e nanara butle, e reketlisa mahlakore ’ohle, e nyolosa le ho theosa joaloka sekepe se leoatleng le befileng le nang le maqhubu a manyenyane, ’me e tsaratsa seretse maoto a leshome [limithara tse tharo] mahlakoreng a eona.”

Qetellong, ka la 21 December 1901, ho ile ha kokotelloa sepekere sa ho qetela reileng ea ho qetela, Port Florence (eo hona joale e leng Kisumu), lebōpong la Lake Victoria. Ka kakaretso, seporo seo se bolelele ba lik’hilomithara tse 937 se ile sa etsoa ka lilemo tse hlano le likhoeli tse ’nè, ’me litšenyehelo tsa sona ea e-ba R45 700 000. Ho ile ha shoa basebetsi ba ka holimo ho 2000 ho ba 31 983 ba neng ba rometsoe ho tsoa India, ba bang ba ile ba khutlela India, ’me ba likete ba ile ba sala ’me ea e-ba sechaba se seholo sa Maasia kajeno Afrika Bochabela. Ho ile ha hahoa liteishene tse 43 tsa literene, marokho a phahameng a 35 hammoho le marokho a manyenyane le likotopo tse ka holimo ho 1000.

Mongoli Elspeth Huxley o ile a se bitsa “seporo se bileng sebete ka ho fetisisa lefatšeng.” Leha ho le joalo, ho sala potso ea hore, Na liphello tsa sona li ile tsa tšoanela boiteko bo neng bo entsoe, kapa na ka sebele seporo seo e bile “seporo sa bohlanya,” tšenyo e khōlō ea nako, chelete le bophelo ba batho?

Seporo Seo Kajeno

Karabo ea potso eo e fumanoa ha ho hlahlojoa se etsahetseng lilemong tse ka bang 100 haesale seporo seo sa pele se qetoa. Literene tse beseletsoang li ile tsa nkeloa sebaka ke literene tsa kajeno tse matla tse ka holimo ho 200 tse tsamaeang ka disile. Seporo se atolositsoe ho ea fihla metseng le litoropong tse ngata Kenya le Uganda. Se phethile karolo ea bohlokoa tsoelo-peleng ea motse-moholo oa Nairobi le oa Kampala.

Kajeno mosebetsi oa seporo sena o habeli. Tabeng ea pele, se tsamaisa baeti ka botšepehi le ka tšireletseho ho fihla moo ba eang teng. Tabeng ea bobeli, seporo sena se etsa hore ho be bonolo ho tsamaisa thepa e kang samente, kofi, mechine, patsi le lijo. Ho tsamaisa lik’hontheinara tse ngata haholo ka har’a naha ka mor’a hore li laolloe likepeng e boetse ke khoebo e kenyang chelete e ngata bakeng sa Kenya Railways.

Ka ho hlakileng, seporo sena se ipakile e le sa bohlokoa haholo Afrika Bochabela. Mohlomong ka letsatsi le leng u tla thabela ho ba e mong oa baeti ba tsamaeang seporong sena se kileng sa bitsoa “seporo sa bohlanya.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

HO TSAMAEA KA TERENE

BAKENG sa bahahlauli le batho ba moo, terene ke oona mokhoa o tloaelehileng oa ho tsamaea, haholo-holo pakeng tsa Mombasa le Nairobi. Literene tsa baeti li tloha Nairobi le Mombasa letsatsi le leng le le leng mantsiboea ka 7:00 holim’a hlooho. Haeba u tsamaea ka tlelase ea pele kapa ea bobeli, pele u palama, u sheba litsebiso tse manehiloeng hore na lekareche la hao ke lefe le moo kamore ea hao e leng hona teng. Mohlokomeli ea emeng haufi le moo oa u botsa hore na u batla ho ja ka 7:15 kapa ka 8:30 mantsiboea na. U etsa khetho, ebe o u neha setlankana se loketseng.

Oa palama. Phala ea terene ea lla ’me ’mino o qala ho lla ha terene eo u e palameng e tloha butle seteisheneng.

Ha nako ea lijo e fihla, ho ba le motho ea tsamaeang phasejeng e mopatisane a letsa tšepe ho u tsebisa hore joale lijo li lokile. Ka lekarecheng la ho jela, u odara lijo lethathamong la lijo tse lokiselitsoeng; ’me ha u ntse u ja, mohlokomeli o kena ka kamoreng ea hao ho u alla bethe.

Karolo e qalang ea leeto e lefifing. Leha ho le joalo, pele u robala, u ka ’na ua batla ho tima lebone la kamore ea hao, ua nyarela kantle ho fensetere ’me ua ipotsa, ‘Na ebe liriti le meroeroe ela e khanyeng ea khoeli ke litlou le litau, kapa empa e le lihlahla le lifate feela? Ekaba ho ne ho le joang ho robala ka ntle sebakeng see lilemong tse ka bang lekholo tse fetileng ha seporo see se ne se etsoa? Ebe nka be ke ile ka tšaba ho ho etsa nakong eo? Hona joale teng?’

Leeto le nka lihora tse ka tlaasenyana ho tse 14, kahoo, ho na le ho hongata hoo u ka ho bonang ka mor’a hore mafube a khantše ponahalo e ntle ea naha ea Afrika. Haeba u e-ea Mombasa, hoseng letsatsi le chaba le le lefubelu ka holim’a moru oa meutloa, ebe lea lifateng tsa palema butle ’me joale le ee mohloeng o kutiloeng, makhoakhoeng a kutiloeng hantle le mehahong ea sejoale-joale ea Mombasa. Balemi ba lema masimo a bona ka matsoho ha bana ba sa roalang lieta ba tsoka matsoho ka cheseho ’me ba hoeletsa baeti ba ka tereneng ho ba lumelisa.

Haeba u e-ea Nairobi, mafube a hlaha ha u ntse u feta lesabasabeng le leholohali. Moo, ho bonolo ho bona liphoofolo, haholo-holo ha u feta Nairobi National Park.

Ka sebele phihlelo e joalo e-ea ikhetha. Ke tereneng efe e ’ngoe moo u ka thabelang lijo tse futhumetseng tsa hoseng ha u ntse u talimile ka fensetere mohlape oa liqoaha kapa oa matsa?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Kenya Railways

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 27]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

KENYA

Lake Victoria

Kisumu

NAIROBI

Tsavo

Mombasa

INDIAN OCEAN

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Globe: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

Map of Africa on globe: The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck

Male and female Kudu. Lydekker

Trains: Kenya Railways

Lioness. Century Magazine

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela