Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 10/8 leq. 29
  • Lebaka Leo ka Lona ba Bangata ba Hanang Mali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ka Lona ba Bangata ba Hanang Mali
  • Tsoha!—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Litšelo Tsa Mali—Li Sireletsehile Hakae?
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Na Mali a Hlahlobetsoeng HIV a Sireletsehile?
    Tsoha!—2008
  • Mpho ea Bophelo Kapa Sesosa sa Lefu?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 10/8 leq. 29

Lebaka Leo ka Lona ba Bangata ba Hanang Mali

HO SE ileng sa bitsoa qeto e hlahisitseng phetoho, lekhotla la Ontario le ile la nka Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu oa Canada o ikarabella bakeng sa tšoaetso ea HIV ea batho ba babeli ba ileng ba amohela mali—bao ka bobeli ba ileng ba tšeloa mali a silafetseng a tsoang ho motho a le mong. Moahloli Stephen Borins o itse: “Ha ntho e kotsi joaloka mali a silafetseng e sokela bophelo ba batho ba a amohelang, ho hlokahala hore ho nkoe khato ka potlako.”

Ka bo-1980, Macanada a ka bang 1200 a ile a tšoaetsoa HIV, ’me palo e eketsehileng ea ba 12 000 ea tšoaroa ke hepatitis C [lefu la sebete]—kaofela e le ka lebaka la mali a silafetseng le lihlahisoa tsa mali. E le ho thusa ho fokotsa palo ea ba tšoaetsoang ke mafu, ba fanang ka mali ba hlahlojoa ka tsela e hlokolosi haholoanyane. Empa hase bafani bohle ba mali ba tšepahalang ha ba bua ka histori ea bona ea likamano tsa botona le botšehali. Ka mohlala, phuputso e ileng ea etsoa United States e ile ea sibolla hore mofani a le mong ho ba 50 ha aa ka a tlaleha maemo a ka ’nang a ba kotsi, a kang ketso ea bosodoma kapa ho ba le likamano tsa botona le botšehali le letekatse.

’Nete ea hore tlhahlobo ea mali hase makhona-tsohle le eona e tlatsetsa phareleng ena. Ho latela makasine ea New Scientist, “haeba motho a fana ka mali pele ho feta libeke tse tharo ka mor’a hore a tšoaetsoe ke HIV, litlhahlobo li hlōleha ho fumana kokoana-hloko. Bakeng sa hepatitis C, ‘nako [ena] ea ho fumana kokoana-hloko’ e ka nka likhoeli tse ka holimo ho tse peli.”

Lilemong tsa morao tjena, ho bile le palo e khōlō e fokotsehang ho Macanada a ikemisetsang ho fana—kapa ho amohela—mali. Mongoli oa koranta Paul Schratz oa ngola: “Ka palo e fokotsehang ho ba thahasellang ho fana ka mali, le e phahamang ea ba ke keng ba fana ka ’ona, lehlohonolo ke hore Lipaki tsa Jehova ke tsona tse eteletseng pele patlisisong ea lintho tse ka sebelisoang ho e-na le ho sebelisa mali.”

Ka ho thahasellisang, The Toronto Star e tlaleha hore selemong se seng morao tjena, batho ba 40 ba ile “ba kena lipetlele tsa Canada, ka bohata ba ipolela hore ke Lipaki tsa Jehova hobane ba sa batle ho tšeloa mali.” Lipatlisiso li bontša hore karolo ea 90 lekholong ea Macanada e ka khetha ho sebelisa ntho e ’ngoe ho e-na le mali. Kahoo, tšebeliso ea mali ha e sa le taba ea bolumeli feela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela