Phatlalatso ea Likhopolo Tsa Leshano e ka ba e Bolaeang
“Leshano le ka nama ho fihla bohareng ba lefatše nakong eo ’nete eona e leng hona e tla hlaha.”—E nehetsoe ho MARK TWAIN.
HA TICHERE e ne e jabela seithuti sa eona se lilemo li supileng, e ile ea re ka mantsoe a hlabang: “Ntho esele tooe ea Mojuda!” Ka mor’a moo, e ile ea bolella tlelase hore e etse mokoloko o fetang ho seithuti seo ’me e se tšoele ka mathe sefahlehong.
Tichere hammoho le seithuti—seo e leng mochana oa tichere eo—ba ne ba tseba hantle hore moshanyana eo le batsoali ba hae e ne e se ba leloko la Bajuda. Leha e le hona hore tumelo ea bona e ne e le ea Bajuda. Ho e-na le hoo, e ne e le Lipaki tsa Jehova. E nka monyetla ka lehloeo le neng le atile khahlanong le Bajuda, tichere eo e ne e fehla lehloeo khahlanong le seithuti sa eona. Ka lilemo tichere eo hammoho le tlelase ea eona ba ne ba ile ba bolelloa ke moruti oa bona hore Lipaki tsa Jehova li ne li eiseha. Batsoali ba moshanyana eo ba ne ba ’nile ba bitsoa Makomonisi le mahlahana a CIA (Central Intelligence Agency). Ka hona, liithuti-’moho le moshanyana eo li ile tsa koloka, li ikemiselitse ho tšoela sefahleho sa ‘ntho esele eo ea Mojuda.’
Moshanyana eo o ile a pholoha ’me a khona ho bolela se ileng sa mo hlahela. Ha hoa ba joalo ho Bajuda ba limilione tse tšeletseng ba neng ba lula Jeremane le linaheng tse haufi le eona lilemong tse 60 tse fetileng. Ho ile ha sebelisoa phatlalatso ea likhopolo tsa leshano tse sehlōhō ho timetseng bophelo ba Bajuda bao ka likamoreng tsa khase tsa Manazi le likampong tsa mahloriso. Bora bo atileng, bo tebileng, bo sa utloahaleng le bo lonya khahlanong le Bajuda bo ile ba etsa hore ba bangata ba nke Bajuda e le lira tseo ho rinngoa ha tsona ho neng ho hlokahala ebile e le ho lokileng. Tabeng eo, phatlalatso ea likhopolo tsa leshano e ile ea ipaka e le sebetsa se sebetsang ho rinyeng boieane ba batho.
E, ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano ho ka etsoa pepenene ka ho sebelisa matšoao a lehloeo a kang la swastika kapa ka ho etsa mesoaso e hlabang. Mekhoa e susumetsang ea teng hangata e sebelisoa ke babusi ba bahatelli, bo-ralipolotiki, baruti, babapatsi, bo-rakhoebo, baqolotsi ba litaba, liboholi tsa seea-le-moea le tsa TV, bahatisi ba likoranta hammoho le ba bang ba thahasellang ho susumetsa mehopolo le boitšoaro ba ba bang.
Ke ’nete hore melaetsa e phatlalatsang likhopolo e ka sebelisoa ho finyella se itseng se molemo ho sechaba, joaloka matšolo a etsoang molemong oa ho fokotsa ho khanna motho a le tlas’a tšusumetso ea tahi. Empa ho phatlalatsa likhopolo tse itseng ho ka boela ha sebelisoa bakeng sa ho khothalletsa lehloeo khahlanong le lihlopha tse nyenyane tsa morabe kapa tsa bolumeli kapa hona ho hoka-hokela batho hore ba reke lisakerete. Bafuputsi Anthony Pratkanis le Elliot Aronson ba bolela hore “letsatsi le leng le le leng re hlaseloa ka melaetsa e susumetsang e tlang e latellana. Melaetsa ena e ipiletsang ha e susumetse ka ho fapanyetsana maikutlo le ka ho pheha khang, empa ho fapana le hoo, e susumetsa ka ho laola ka mano boitšoaro le maikutlo a rōna a botho. E-bang ke bakeng sa se molemo kapa se sebe, mehla ea rōna ke ea phatlalatso ea likhopolo tsa leshano.”
Phatlalatso ea likhopolo tsa leshano e ’nile ea sebelisoa joang hore e ame monahano oa motho le liketso tsa hae ho theosa le makholo a lilemo? U ka etsa eng ho itšireletsa likhopolong tse kotsi tse phatlalatsoang? Na ho na le mohloli oa boitsebiso bo ka tšeptjoang? Lipotso tsena le tse ling li tla tšohloa lihloohong tse latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Phatlalatso ea likhopolo tsa leshano e ile ea sebelisoa ho hlasela Bajuda nakong ea Polao e Sehlōhō