Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 11/8 leq. 14
  • Ke Hobane’ng ha e Bitsoa “Propaganda”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha e Bitsoa “Propaganda”?
  • Tsoha!—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hana Mashano a Satane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Ho Fetola Boitsebiso ka Mano
    Tsoha!—2000
  • Phatlalatso ea Likhopolo Tsa Leshano e ka ba e Bolaeang
    Tsoha!—2000
  • U se ke Ua ba Phofu ea Phatlalatso ea Likhopolo Tsa Leshano!
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 11/8 leq. 14

Ke Hobane’ng ha e Bitsoa “Propaganda”?

Ka 1622, Mopapa Gregory XV o ile a theha phutheho kapa komiti ea bak’hadinale ba 13, babishopo ba babeli le mongoli ho hlokomela baromuoa ba Kereke ea Roma e K’hatholike. O ile a e bitsa Congregatio de Propaganda Fide—Phutheho e Phatlalatsang Tumelo—kapa Propaganda ka bokhutšoanyane. Qetellong lentsoe lena le ile la bolela boiteko leha e le bofe ba ho hasa likhopolo kapa tumelo ka morero oa ho sokolla batho.

Kajeno, hangata “propaganda” e amahanngoa le ho sothoa ha linnete, ho susumetsa likelello tsa batho ka bolotsana, ka mohlala, joaloka nakong ea ntoa. Empa mehloli e meng ea boitsebiso e ikutloa hore esita le phatlalatso e molemo ka ho fetisisa ka ho nepahetseng e ka hlalosoa e le propaganda, haholo-holo haeba ho akarelletsa ho phehella. The World Book Encyclopedia e-ea hlalosa: “Matichere mekhatlong ea puso ea sechaba ka sechaba a ruta batho hore ba nahane joang, empa litsebi tse susumetsang likelello tsa batho ka mokhoa o bolotsana, li ba bolella seo ba tlamehang ho se nahana.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela