Ho Hlōloa ke Monko oa Lik’hemik’hale Tse Ngata—Boloetse bo Makatsang
Ntlo eabo Pam e ne e le sebakeng se pota-potiloeng ke masimo a k’hothone. Lifofane li ne li atisa ho fafatsa masimo ka meriana e bolaeang limela le ka chefo e bolaeang likokoanyana; ’me hangata moea o ne o fefolela lik’hemik’hale tse setseng malapeng a haufinyane, ho akarelletsa le labo Pam.
PAM o ile a qala ho tšoaroa ke hlooho e bohloko le ho nyekoa ke pelo, ’me bophelo ba hae bo ile ba fokola. Hamorao, o ile a angoa hampe ke lintho tseo ho bonahalang li sa amane le chefo ea ho bolaea likokoanyana: litlolo tse nkhang hamonate, litebela-lephoka, litlolo tsa ’mele, lintho tse hloekisang, pente, k’hapete e ncha, mosi oa koae, senkhisa kamore hamonate le lintho tse ling. Matšoao a Pam a balelloa har’a ao ka tloaelo ho thoeng ke a boloetse bo tsietsang bo bitsoang multiple chemical sensitivity (MCS [ho hlōloa ke monko oa lik’hemik’hale tse ngata]).a
Pam o hlaloselitse Tsoha!: “Ha ke ba haufi le lik’hemik’hale tsa letsatsi le leng le le leng, ke qala ho khathala haholo le hona ho ferekana, ke ba le molikoa-likoane le ho nyekoa ke pelo. ’Mele oa ka oa ruruha, ’me ka linako tse ling ke thatafalloa ke ho hema, ke sehoa ke letsoalo leo ke sa tsebeng hore na ke la eng ’me ke lle ka tsela e sa laoleheng, pelo ea ka e otla ka matla, ’me ho ba le mokelikeli o bokellanang matšoafong a ka. Sena se bile se entse hore ke tšoaroe ke pneumonia.”
Le hoja matšoao a MCS a fapana ka tsela e itseng ho ea ka batho, a ka ’na a akarelletsa hlooho e opang, mokhathala o fetisisang, ho opa ha mesifa, ho opa ha manonyeletso, lekhoekhoe, lekhopho, matšoao a kang a ntaramane, asma, bothata ba mahanana, ho tšoenyeha, ho tepella maikutlo, bolebali, ho thatafalloa ke ho tsepamisa mohopolo, ho hlobaela, ho se otle hantle ha pelo, ho ruruha, ho nyekoa ke pelo, ho hlatsa, mathata a ka maleng le sethoathoa. Ke ’nete hore a mangata a matšoao ana a ka boela a bakoa ke maloetse a mang.
MCS—Bothata bo Hōlang
United States, liphuputso har’a lihlopha tse fapaneng tsa baahi li fana ka maikutlo a hore karolo ea 15 ho ea ho 37 lekholong ea baahi ka ho khetheha e inka e hlōloa kapa e hanana le lik’hemik’hale tse tloaelehileng le menko ea lik’hemik’hale, joaloka oa mosi oa koloi, oa koae, oa pente e ncha, k’hapete e ncha le oa litlolo tse nkhang hamonate. Leha ho le joalo, ke ba etsang karolo ea 5 lekholong kapa ba ka tlaase ho moo feela ba ileng ba bolela hore ba boleletsoe hore ba tšoeroe ke MCS, ho latela lihlopha tse fapaneng tseo ho neng ho etsoa liphuputso ho tsona ho ea ka lilemo. Hoo e ka bang karolo ea batho ba bararo ho ba bane ho bana e ne e le basali.
Boholo ba batho ba tšoeroeng ke MCS ba bolela hore e bakiloe ke chefo e bolaeang likokoanyana le lihlapolli. Lihlahisoa tsena ka bobeli li tloaelehile tikolohong, haholo-holo lihlapolli. Lihlapolli ke lintho tseo matla a tsona a fofang (tse fetohang mouoane kapele) tse qhalakanyang kapa ho qhibilihisa tse ling. Ke metsoako e teng lipenteng, linthong tse khomaretsang, chefong e bolaeang likokoanyana le metsoakong e hloekisang.
Lihloohong tse latelang, re tla hlahloba MCS ka ho kenelletseng haholoanyane, re tšohle hore na ke thuso efe e fumanehang bakeng sa ba tšoenngoang ke boemo boo, re bone hore na ba boemong boo le ba seng ho bona ba ka sebelisana joang hore bophelo e be bo thabisang haholoanyane bakeng sa ba nang le MCS.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Re sebelisitse “ho hlōloa ke monko oa lik’hemik’hale tse ngata” hobane ho sebelisoa hona haholo. Leha ho le joalo, ho na le litlhaloso tse ling tse ngata, ho kopanyelletsa “boloetse bo bakoang ke tikoloho” le “matšoao a ho hlōloa ke lik’hemik’hale.” “Ho hlōloa” ho sebelisitsoeng mona ho bolela ho angoa ke lik’hemik’hale haholo ho feta kamoo ho bonahalang li ama batho ba bang kateng.