Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 1/8 maq. 27-29
  • Lehae la Hao le Tletse Chefo Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lehae la Hao le Tletse Chefo Hakae?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba le Boikutlo bo Leka-lekaneng
  • Lik’hemik’hale—Na ke Motsoalle Ebile ke Sera?
    Tsoha!—1999
  • Bongata bo Tšosang ba Lik’hemik’hale Tse Etsoang ke Batho
    Tsoha!—1999
  • Ha Lik’hemik’hale li U Kulisa
    Tsoha!—2000
  • Bobe ba Lik’hemik’hale Libakeng Tsa Mesebetsi
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 1/8 maq. 27-29

Lehae la Hao le Tletse Chefo Hakae?

HO LATELA makasine ea Scientific American, phuputso e sa tsoa etsoa ho batho ba fetang 3 000 United States le Canada e bontšitse hore “e ka ’na eaba bongata ba baahi bo ne bo ka ’na ba hahlameloa haholo ke lintho tse silafatsang tse ka ’nang tsa e-ba kotsi . . . libakeng tseo hangata ba neng ba nahana hore ka ho khetheha ha li na tšilafalo, tse kang mahae, liofisi le likoloi.” Mehloli e meholo ea tšilafalo ea moea mahaeng e ne e le mosi o tsoang lihlahisoeng tse tloaelehileng tse kang metsoako ea ho hloekisa, lintho tse thibelang tšoèlè, thepa ea mohaho, libeso, litebela-lephoka le meriana e hloekisang, hammoho le lik’hemik’hale tse hlahang liaparong tse tsoang dry-clean le masela a iketselitsoeng a koahelang litulo.

Lefu la “ntaramane ea sepakapaka” le ileng la tšoara bo-rasepakapaka ho fihlela ha sesosa se fumanoa, le ne le bakoa ke mosi o joalo, kapa “ho hasana ha khase e itseng.” U utloa khase e itseng e hasaneng ha u lutse ka koloing e ncha kapa ha u feta lirakeng tse behileng lihlahisoa tsa ho hloekisa suphamaketeng, le hoja li ntse li koetsoe. Kahoo, haeba ntlo e koetsoe ka thata, mohlomong ho thibela serame sa mariha, khase e tsoang lik’hemik’haleng tse fapa-fapaneng e ka tlatsetsa boemong ba tšilafalo ea ka tlung bo phahameng ho feta tšilafalo ea ka ntle.

Medical Post ea Canada e bontša hore bana, haholo-holo ba sa ntsaneng ba le banyenyane, ke bona ba hlaseloang habonolo ka ho fetisisa ke lintho tse silafatsang tse ka tlung. Ba haufi le fuluru ho feta batho ba baholo; ba hema ka potlako ho feta kamoo batho ba baholo ba hemang kateng; karolo ea 90 lekholong ea nako ea bona ba e qeta ba le ka tlung; ’me kaha litho tsa bona ha li e-s’o hōle ka ho feletseng, ’mele ea bona e amohela chefo habonolo haholoanyane. ’Mele ea bona e nka hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea loto eo ba e jang, athe ’mele ea batho ba baholo e nka hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong.

Ho ba le Boikutlo bo Leka-lekaneng

Kaha moloko ona oa kajeno oa batho o ’nile oa pepesehela lik’hemik’hale ka tekanyo eo ho e-s’o ka ho e-ba le e tšoanang le eona, ho sa na le ho hongata hoo re ka ithutang hona ka liphello tsa tsona, ka hona, bo-rasaense ba lula ba le hlokolosi. Ho pepesehela lik’hemik’hale ha ho bolele hore motho a be a se a tšoha hore o tla tšoaroa ke kankere kapa o tla shoa. Ka sebele, ho bonahala batho ba bangata ba tsoella hantle, e leng ho isang thoriso ho ’Mōpi oa ’mele oa motho o hlollang. (Pesaleme ea 139:14, NW) Leha ho le joalo, ho hlokahala hore ho eloe hloko litlhokomeliso tse itekanetseng, haholo-holo haeba hangata re hahlameloa ke lik’hemik’hale tse ka ’nang tsa e-ba chefo.

Buka e reng Chemical Alert! e bolela hore “lik’hemik’hale tse ling li chefo ka kutloisiso ea hore li kena-kenana le tsela e tsitsitseng eo [’mele] o sebetsang ka eona ’me ka hona li hlahisa matšoao a sa hlakang a ka hlalosoang hamolemo feela e le ho ikutloa u sa phele hantle.” Ho fokotsa ho ipepesetsa lik’hemik’hale tse ka ’nang tsa e-ba kotsi ha ho bolele hore ho etsoe liphetoho tse khōlō bophelong, empa ho hlokahala liphetoho tse itekanetseng bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ka kōpo hlahloba litlhahiso tse lebokoseng le leqepheng la 8. Tse ling tsa tsona li ka ’na tsa u thusa.

Ho phaella tabeng ea ho ela hloko litlhokomeliso tse loketseng ka lik’hemik’hale, re itsoela molemo haeba re sa tšoenyehe ho feta tekanyo, haholo-holo ka lintho tseo re ke keng ra li laola. Ho Liproverbia 14:30 (BPN), Bibele e re: “Pelo e nang le khotso e phelisa motho hantle.”

Leha ho le joalo, ka lebaka la chefo ea lik’hemik’hale, batho ba bangata ba utloa bohloko ’me baa kula, ka linako tse ling ba bile ba kulela lefu.a Joaloka batho ba limilione ba utloisoang bohloko ke lintho tse ngata tse fapaneng kajeno, ba tšoeroeng ke mafu a bakoang ke lik’hemik’hale ba na le mabaka a utloahalang a ho lebella bokamoso, hobane haufinyane lefatše ha le sa tla ba le chefo e ntšang baahi ba lona kotsi. Esita le menahano e kotsi, hammoho le ba e nahanang, e tla ba lintho tse fetileng, joalokaha sehlooho se qetellang letotong lena se tla bontša.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lilemong tsa morao tjena, palo e ntseng e hōla ea batho e ’nile ea tšoaroa ke lefu le hlalosoang e le ho kulisoa habonolo ke lik’hemik’hale tse ngata. Lefu lena le tla tšohloa tokollong e tlang ea Tsoha!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

Bakeng sa Lehae le Nang le Tikoloho e Sireletsehileng Haholoanyane

Ho fokotsa ho ipepesetsa lik’hemik’hale tse ka ’nang tsa e-ba kotsi ho hloka feela liphetoho tse itekanetseng mokhoeng oo u phelang ka oona. Litlhahiso tse ling tseo u ka ’nang ua li fumana li le molemo ke tsena. (Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng le bo tobileng haholoanyane, re u khothalletsa hore u ee laebraring e haufi le uena.)

1. Leka ho beha lik’hemik’hale tse ngata tse ntšang khase e hahlamelang moo li ke keng tsa silafatsa moea o ka lapeng la hao. Lik’hemik’hale tsena li akarelletsa meriana e hloekisang e monko o bohale le lihlahisoa tse nang le lihlapolli tse hahlamelang, tse kang pente, vanishe, likhomaretsi, chefo e bolaeang likokoanyana le lisepa tse metsi. Lihlahisoa tse hahlamelang tse tšoarang mollo ka potlako li ntša khase e chefo. Sehlopha sena se akarelletsa benzini, eo ha e ka ea hahlamela motho haholo ka nako e telele ho tsejoang hore e baka kankere, ho tsoaloa ha masea a holofetseng le likotsi tse ling tse amanang le peleho.

2. E-ba le mokhoa o motle oa ho kenya moea o hloekileng likamoreng tsohle, ho kopanyelletsa le kamore eo ho hlapeloang ho eona. Ho sebelisa shaoara ho baka mouoane o nang le lintho tse itseng tse kang chlorine eo e ka ’nang eaba e teng metsing. Sena se ka lebisa ho pakellaneng ha chlorine esita le chloroform.

3. Hlakola maoto pele u kena ka tlung. Scientific American e re ketso ena e bonolo e ka fokotsa tekanyo ea loto k’hapeteng ka ntlha tse tšeletseng. Ho boetse ho fokotsa chefo e bolaeang likokoanyana, eo e ’ngoe ea eona e felloang ke matla ka potlako ha e le ka ntle e chabetsoe ke letsatsi, empa e ka lula lilemo tse ngata k’hapeteng. Khetho e ’ngoe eo likarolong tse ling tsa lefatše e leng mokhoa o tloaelehileng, ke ho rola lieta. Mochine o fielang k’hapete o boemong bo botle, haholo-holo o nang le borashe bo likolohang, o ka boela oa fokotsa tšilafalo k’hapeteng.

4. Ha u sebelisa chefo e bolaeang likokoanyana ka kamoreng e itseng, ntša lintho tsa ho bapala kamoreng eo bonyane ka libeke tse peli, le hoja e ka ’na eaba sehlahisoa seo se ngotsoe hore kamore ha e na kotsi ka mor’a hore ho fete lihora tse itseng se sebelisitsoe. Bo-rasaense ba sa tsoa fumana hore lipolasetiki tse itseng le masela a kang seponche linthong tsa ho bapala li hlile li monya chefo e setseng ea likokoanyana joaloka seponche. Chefo eo e tla kena ho bana ka letlalo kapa ka molomo.

5. Fokotsa ho sebelisa chefo e bolaeang likokoanyana. Bukeng ea hae e reng Since Silent Spring, Frank Graham, e monyenyane, o ngotse hore chefo e bolaeang likokoanyana “e na le sebaka sa eona se loketseng lapeng le serapeng, empa letšolo le buellang hore li rekoe le ’nile la kholisa moahi ea tloaelehileng oa metseng ea litoropo hore o lokela ho lula a e-na le pokello ea lik’hemik’hale tse lekaneng hore a thibele tlhaselo e mabifi ea litsie tsa Afrika.”

6. Tlosa pente e seng e khakhapheha e nang le loto libakeng tsohle ’me u pente bocha ka pente e se nang loto. U se ke ua lumella bana hore ba bapalle lithōleng tse nang le pente e nang le loto. Haeba ho e-na le pelaelo ea hore loto e teng lipeiping tse tsamaisang metsi, pompo ea metsi a batang e lokela ho buleloa nako e khutšoanyane ho fihlela ho hlokomeloa phapang mochesong oa metsi, ’me metsi a tsoang pompong ea metsi a chesang ha aa lokela ho nooa.—Environmental Poisons in Our Food.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Bana ba banyenyane ke bona ba hlaseloang habonolo ka ho fetisisa ke lintho tse silafatsang tse ka tlung

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela