Lik’hemik’hale—Na ke Motsoalle Ebile ke Sera?
BOPHELONG re etsa liqeto tse ngata ka ho bapisa melemo ea ntho e itseng le mathata a eona. Ka mohlala, batho ba bangata ba reka koloi ka lebaka la melemo ea eona. Empa ba lokela ho bapisa melemo eo le litšenyehelo tsa ho ba le koloi—inshorense, ho e ngolisa, ho theoha ha matla a eona a theko—le ho e boloka e loketse tsela. Ba boetse ba lokela ho nahana ka ho ba kotsing ea ho lemala kapa ho shoa ho ka bakoang ke likotsi. Boemo boa tšoana le ka lik’hemik’hale tse iketselitsoeng—ho lokela hore ho bapisoe melemo ea tsona le mathata a tsona. Ka mohlala, nka k’hemik’hale e bitsoang MTBE (methyl tertiary butyl ether), e leng ntho e kopanngoang le peterole e eketsang ho cha ha eona le ho fokotsa mosi oa koloi.
Ka lebaka la MTBE, ho isa tekanyong e itseng, metseng e mengata ea United States moea o hloekile ho feta kamoo o ’nileng oa e-ba kateng ka lilemo tse ngata. Leha ho le joalo, New Scientist e tlaleha hore moea oo o hloekileng haholoanyane o “bile le liphello tse kotsi.” Sena se etsoa ke hore MTBE e ka baka kankere, ’me e ’nile ea lutla litankeng tse mashome a likete tse bolokang peterole ka tlas’a lefatše, e leng seo hangata se ’nileng sa silafatsa metsi a ka tlas’a lefatše. Ka lebaka leo, hona joale motse o mong o lokela ho reka karolo ea 82 lekholong ea metsi a oona ka ntle, ka litšenyehelo tse jang lidolara tse limilione tse 3,5 (liranta tse limilione tse 22,3) ka selemo! New Scientist e re koluoa ena “e ka ’na ea fetoha bo bong ba mathata a tebileng ka ho fetisisa a metsi a ka tlas’a lefatše bo tla ba teng ka lilemo United States.”
Lik’hemik’hale tse ling li thibetsoe le ho ntšoa ’marakeng ka ho feletseng ka lebaka la tšenyo eo li e bakang tikolohong le bophelong bo botle ba ’mele. U ka ’na ua botsa, ‘Empa ke hobane’ng ha li thibeloa? Na lik’hemik’hale tsohle tse ncha ha li hlahlojoe ka ho feletseng hore na ha li na chefo pele li lokolloa?’
Mathata a Litlhahlobo Tsa Chefo
Ha e le hantle, ho hlahloba lik’hemik’hale bakeng sa chefo ke motsoako oa saense le taba e hakanngoang feela. Bukeng ea hae e bitsoang Calculated Risks, Joseph V. Rodricks o re: “Ba lekanyetsang likotsi ha ba tsebe ho bontša phapang e hlakileng ea ‘se seng kotsi’ le ‘se kotsi’ k’hemik’haleng leha e le efe.” Ho joalo le ka lithethefatsi tseo boholo ba tsona e leng tse iketselitsoeng. The World Book Encyclopedia e re: “Esita le litlhahlobo tse etsoang ka hloko haholo hase kamehla li bontšang menyetla ea hore sethethefatsi se ka ba le phello e sa lebelloang e kotsi.”
Lilaboratori li na le meeli e itseng ea motheo. Ka mohlala, ha li khone ho fumana ka ho feletseng hore na k’hemik’hale e tla sebetsa joang ha e se e le ka ntle ho laboratori moo ho nang le lintho tse sa tšoaneng le tse rarahaneng. Ka ntle ho lilaboratori ho tletse lik’hemik’hale tse fapa-fapaneng tse iketselitsoeng tse makholo, esita le tse likete, tseo bongata ba tsona li ka sebelisanang le tse ling haesitana le ho sebelisana le lintho tse phelang. Tse ling tsa lik’hemik’hale tsena ha li kotsi ha li le ling, empa ha li kopana le tse ling ka ntle kapa ka hare ho ’mele ea rōna, li ka hlahisa metsoako e mecha e chefo. Lik’hemik’hale tse ling li ba chefo, esita le ho baka kankere feela ka mor’a hore ’mele o li sebelise bakeng sa ho fumana matla ho tsona.
Ba lekanyetsang likotsi ba leka joang ho fumana hore na k’hemik’hale ha e na kotsi ha e tobana le liphephetso tse joalo? Mokhoa o tloaelehileng e ’nile ea e-ba ho fa liphoofolo tseo lilaboratori li li sebelisang ho etsa liteko tekanyo e itseng ea k’hemik’hale, ebe joale liphello tse fumanoeng ba leka ho li sebelisa ho batho. Na mokhoa oo kamehla oa tšepahala?
Na Liteko Tse Etsoang Liphoofolong li ka Tšeptjoa?
Ntle le ho phahamisa lipotso tsa hore na ho nepahetse ho tšoara liphoofolo hampe, ho hlahloba chefo ka ho sebelisa liphoofolo ho boetse ho phahamisa lipotso tse ling. Ka mohlala, liphoofolo tse fapaneng li arabela ka tsela e fapaneng lik’hemik’haleng. Tekanyo e fokolang ea dioxin e chefo haholo e tla bolaea mofuta oa khoto e se nang mohatla e tšehali, empa tekanyo eo e lokela ho eketsoa ka makhetlo a 5 000 hore e bolaee khoto e khōlō e nang le mohatla! Esita le mefuta e amanang haufi-ufi e kang litali le litoeba, e arabela ka mokhoa o fapaneng lik’hemik’haleng tse ngata.
Kahoo, haeba tsela eo mofuta o itseng oa phoofolo o arabelang ka eona hase tiiso ea hore mofuta o mong o tla arabela joalo, babatlisisi ba ka kholiseha hakae hore k’hemik’hale e itseng e ke ke ea ntša batho kotsi? Taba ke hore ha e le hantle ba ke ke ba kholiseha.
Litsebi tsa metsoako ea meriana ka sebele li na le mosebetsi o thata. Li tlameha ho khahlisa batho ba batlang lihlahisoa tsa tsona, li khotsofatse ba amehileng ka boiketlo ba liphoofolo le ho khotsofatsa matsoalo a tsona ka hore lihlahisoa tsa tsona ha li na kotsi. Ka lebaka lena, hona joale lilaboratori tse ling li etsa liteko ka ho kenya lik’hemik’hale liseleng tsa motho tse lokisitsoeng ka thōko bakeng sa liteko tse joalo. Leha ho le joalo, ho se ho tla bonahala ha nako e feta hore na sena se etsa hore ho khonehe ho ba le tiiso e tšepahalang ea hore kotsi e ke ke ea e-ba teng.
Ha Liteko Tsa Laboratori li Hlōleha
Chefo e bolaeang likokoanyana ea DDT, e ntseng e fumanoa haholo tikolohong, ke mohlala o mong oa k’hemik’hale eo ka phoso ho neng ho boleloe hore ha e na kotsi ha e ne e qala ho lokolloa. Hamorao bo-rasaese ba ile ba lemoha hore DDT e lula nako e telele linthong tse phelang, joalokaha ho le joalo le ka lintho tse ling tse ka bang chefo. Liphello tse kotsi tsa see ke life? Bonneteng, lethathamo la lintho tse jeoang, ho tloha ho libōpuoa tse limilione tse nyenyane haholo, ho ea ho litlhapi, e ntan’o ba linonyana, libere, liqibi le tse ling tse joalo, ke lona le fetisetsang chefo e phaellaneng libōpuoeng tsa ho qetela tse jang lethathamong lena. Boemong bo bong, mafuli, e leng mofuta o mong oa linonyana tsa metsing, a kile a sitoa ho qhotsa lelinyane leha le le leng ka lilemo tse fetang leshome!
Libōpuoa tsena tse fetisetsang chefo ho tse ling li atleha hoo lik’hemik’hale tse ling, le hoja li sa hlokomelehe hantle ka metsing, li phaellanang ka mokhoa o makatsang libōpuoeng tsa ho qetela tse li jang. Mohlala o motle ke oa maruarua a beluga a Nōkeng ea St. Lawrence, Amerika Leboea. A na le chefo e ngata hoo a lokelang ho nkoa joaloka litšila tse kotsi ha a e-shoa!
Lik’hemik’hale tse ling tse liphoofolong tse ngata li fumanoe li nkile sebōpeho sa li-hormone. ’Me ke morao tjena feela moo bo-rasaense ba qalileng ho sibolla phello e sa bonahaleng e chefo eo lik’hemik’hale tsena li nang le eona.
Lik’hemik’hale Tse Nang le Sebōpeho sa Li-Hormone
Li-hormone ke manģosa a bohlokoa a lik’hemik’hale ’meleng. Li phalla le mali a rōna ho ea lithong tse ling tsa ’mele, moo li fihlang li susumetsa kapa li thibela tšebetso e itseng, e kang ho hōla ha ’mele kapa potoloho e amanang le matla a ho hlahisa bana. Ho thahasellisang ke hore khatiso ea morao tjena e ntšitsoeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO [World Health Organization]) e boletse hore “palo e ntseng e hōla ea bopaki ba saense” e bontša hore lik’hemik’hale tse ling tse iketselitsoeng, ha li kena ’meleng li kena-kenana le li-hormone ka ho iketsa tsona ka tsela e kotsi kapa ka ho li sitisa ho sebetsa.
Lik’hemik’hale tse amehang li akarelletsa li-PCB,a li-dioxin, li-furan, le chefo e ’ngoe e bolaeang likokoanyana, ho kopanyelletsa le masalla a DDT. Li bitsoa baferekanyi ba li-endocrine, lik’hemik’hale tsena li na le matla a ho ferekanya tsela e tloaelehileng ea tsamaiso ea li-endocrine ’meleng, e leng mohloli oa li-hormone.
Hormone e ’ngoe eo lik’hemik’hale tsena li iketsang eona ke estrogen e sebetsanang le pōpeho ea bosali. Phuputso e ileng ea hatisoa koranteng ea bongaka ea Pediatrics e bolela hore ho ata ha banana ba kenang bosaling pele ho nako ho ka amahanngoa le litlolo tsa moriri tse nang le estrogen, hammoho le lik’hemik’hale tse tikolohong tse ikentseng estrogen.
Ho pepesetsa sebōpuoa se se tona lik’hemik’hale tse itseng nakong ea bohlokoa khōlong ea sona ho ka ba le liphello tse mpe. Tlaleho e makasineng ea Discovery e re: “Liteko li bontšitse hore ha li-PCB li sebelisoa nakong e itseng e khethehileng ea khōlo, li ka fetola likolopata tse tona le likoena hore li be tšehali, kapa tsa etsa hore li be le ‘bong bo habeli.’”
Ho phaella moo, chefo ea lik’hemik’hale e fokolisa matla a ’mele a ho itoanela mafung, e leng ho etsang hore liphoofolo li tšoaetsoe likokoana-hloko habonolo. Ka sebele, tšoaetso ea likokoana-hloko e bonahala e ata ho ea pele le hona ka potlako ho feta leha e le neng pele, haholo-holo liphoofolong tse qetellang lethathamong la lintho tse jeoang, tse kang li-dolphin le linonyana tsa leoatle.
Ho batho, bana ke bona ba angoang ka ho fetisisa ke lik’hemik’hale tse iketsang eka ke li-hormone. Makasine ea Discover e tlaleha hore bana ba ileng ba tsoaloa ke basali ba neng ba jele reisi e nang le oli e silafalitsoeng ke PCB Japane lilemong tse ’maloa tse fetileng “ba ile ba lieha ho hōla ’meleng le kelellong, ba ba le mathata a boitšoaro a kopanyelletsang ho sebetsa butle ha kelello le ho hloka botsitso ka ho feletseng, ho ba le litho tsa botona tse nyenyane ka tsela e sa tloaelehang, ’me IQ [tekanyo ea bohlale] ea bona ea e-ba ka tlaase ho e tloaelehileng ka lintlha tse hlano.” Liteko tse entsoeng ho bana ba ileng ba pepesehela li-PCB ka tekanyo e phahameng Netherlands le Amerika Leboea li senotse liphello tse tšoanang tse kotsi khōlong ea bona ea ’mele le ea kelello.
WHO e tlaleha hore ntho e ’ngoe e amahanngoang le lik’hemik’hale tsena e ka ’na ea e-ba ho eketseha ha mefuta ea kankere e “susumetsoang ke li-hormone” ho banna le basali, e kang kankere ea matsoele, ea makoalata le ea tšoelesa e ka tlas’a senya. Ho phaella moo, linaheng tse ngata palo eo ka ho hlaka e ntseng e tsoela pele ho fokotseha ea peō ea botona ho banna, hammoho le boleng ba peō ea botona, e ka ’na eaba e amana le ho eketseha ha tšebeliso ea lik’hemik’hale. Linaheng tse ling, palo ea peō ea botona ka karolelano e fokotsehile hoo e ka bang ka halofo ka nako ea lilemo tse 50!
Sehloohong se ka pele, ho qotsitsoe ngaka e ’ngoe moo e reng re “moloko oo ho etsoang liteko ka oona ho bona hore na lintho lia sebetsa.” Ho bonahala eka e nepile. Ke ’nete hore lik’hemik’hale tse ngata tseo re li entseng li re tsoetse molemo, empa tse ling ha lia re tsoela molemo. Ka lebaka leo, re bohlale haeba re qoba ho ipepesetsa lik’hemik’hale tse ka ’nang tsa re ntša kotsi ho sa hlokahale. Ho makatsang ke hore bongata ba lik’hemik’hale tsena bo ka fumanoa malapeng a rōna. Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla hore na re ka etsa eng ho itšireletsa lik’hemik’haleng tse ka ’nang tsa e-ba kotsi.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li-PCB (li-polychlorinated biphenyl) tse ’nileng tsa sebelisoa ka ho pharaletseng ho tloha ka bo-1930, ke sehlopha sa metsoako e ka holimo ho 200 e nang le oli e sebelisoang linthong tse ngobetsang, lipolasetiking, ho aroleng lithapo tsa motlakase, chefong e bolaeang likokoanyana, sesepeng se metsi se hlatsoang lijana le lihlahisoeng tse ling. Le hoja hona joale ho hlahisoa ha PCB ho thibetsoe linaheng tse ngata, ho ’nile ha hlahisoa tse lipakeng tsa milione le limilione tse peli. Ho bile le liphello tse kotsi ka lebaka la li-PCB tse lahliloeng tse ileng tsa fetela tikolohong.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Maruarua ana a chefo hoo a nkoang e le litšila tse kotsi ha a e-shoa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
©George Holton, The National Audubon Society Collection/PR