Bobe ba Lik’hemik’hale Libakeng Tsa Mesebetsi
E NE E le kamor’a khitla mantsiboeeng a pholileng a Tšitoe, 1984, ha kotsi e mpe ka ho fetisisa sebakeng sa mesebetsi e etsahala historing. Ke batho ba ’maloa ba lulang hōle le Riphaboliki ea India ba tloaelaneng le lebitso Bhopal, motse o sebakeng sa mesebetsi o nang le baahi ba fetang 800 000, o setsing sa naha eo. Baahi ba ’ona ba robetseng ba ne ba sa hlokomele kotsi e neng e ba aparetse.
Sebakeng sa mesebetsi sa U.S. Union Carbide, Bhopal, tanka e tšetseng litone tse ka bang 41 tsa methyl isocyanate (MIC), k’hemik’hale e chefu e sebelisetsoang ho bolaea likokoanyana, ea qala ho hohomoha ka baka la khatello ea moea ’me hoo ho ne ho le kotsi haholo. Ka tšohanyetso, peipi e ntšang moea ea phatloha, leru la gase e chefu la qala ho hasa lefu le bohloko motseng oo kaofela. La felisa bophelo ba banna, basali, le bana ba fetang 2 500. La holofatsa ba fetang likete tse lekholo.
Ho shoa ha liphoofolo tse likete—lipulumo, mehlape ea makhomo, lintja—ha etsa hore motse o tlale ka litopo tse ileng tsa koala litsela tsa motse. Bhopal ea fetoha sebaka se seholo sa ho chesa litopo, tsa chesoa motšehare le bosiu. Tsa chesoa ka lihlopha tse mashome a supileng, tse 25 sehlopheng ka seng, khanareng ea mollo. Tse ling tsa patoa bongata mabitleng a chekiloeng ka potlako.
Hamorao kotsi e ’ngoe e khōlō ea etsahala Europa ’me e ne e bitsoa “Bhopal Nōkeng ea Rhine.” K’hemik’hale e ile ea tšoloha sebakeng sa mesebetsi se ka holim’a Basel, Switzerland, ’me litone tse 36 tsa chefu tsa tšolohela nōkeng ea Rhine. Ea bolaea lihlapi le li-eel tse likete tse mashome ha e “phalla le metsi a nōka e moeling oa Jeremane le Fora, e kena Rhineland le ho theohela Netherlands ho ea Leoatleng le ka Leboea.” Koranta e ’ngoe e fane ka maikutlo ana: “Baahi ba Switzerland ba ne ba nkoa ba hloekile, libaka tsa bona tsa lifeme li bolokehile, ho kopanyeletsa le lifeme tsa lik’hemik’hale. Empa ha ho sa le joalo.”
Baahi ba Bhopal le baahi ba metse e haufi le Nōka ea Rhine ba ile ba fetoha bahlaseluoa ba mehla ea tsoelopele e ikhantšang ka ho kopanya metsoako ea lik’hemik’hale tse fetang 66 000. Metsoako e meng ea lik’hemik’hale e reretsoe ho nolofatsa bophelo bakeng sa motho, empa, ka ho fapaneng, metsoako e mengata e chefu haholo ’me e ka baka liphello tse bolaeang le tse senyang, ho batho le litsamaisong tsa bophelo. Setsebi se seng se hlalositse lik’hemik’hale tsena e le “meriana e bolaeang tsohle tse phelang.”
Ho na le lik’hemik’hale tse ngata tse nang le mabitso a malelele hoo e leng batho ba ’maloa feela ba ka tsebang ho li bitsa hantle ’me ho nolofatsa mabitso a tsona li bitsoa ka litlhaku tsena tse khutšufalitsoeng PCB, DDT, PCDD, PCDF, TCDD. Metsoako ena ea lik’hemik’hale tse chefu ke kotsi e bolaeang ho batho le ho lihlahisoa tsa lefatše tseo motho a lokelang ho itšetleha ka tsona hore a phele. “Selemo le selemo metsoako e chefu e likete e tšolleloa tikolohong ea rōna,” ho boletse moemeli oa Lekhotla la Tšireletso ea Tikoloho la U.S. Lichefu tse joalo li sokela moea, metsi a ka holim’a lefatše, le metsi a ka tlas’a lefatše a nooang, ’me lichefu tseo li lula mobung lilemo tse ngata.
Lekhotla la Tšireletso ea Tikoloho la U.S. le lekanyetsa hore United States feela lilithara tse libillione tse 5,7 tsa litšila tsa lik’hemik’hale tse kotsi li kena tsamaisong ea metsi a ka tlas’a lefatše selemo le selemo. Ka hobane re tseba hore lithara e le ’ngoe ea motsoako ’ona e tla silafatsa lilithara tse limillione tse 20 tsa metsi a ka tlas’a lefatše, ho ka tlakalisa kelello ha e bala hore na ke tšenyo e kae eo lilithara tse libillione tse 5,7 tsa lik’hemik’hale tse chefu li ka e etsang.
Ka lebaka la lik’hemik’hale tse kotsi le litšila le ho lahloa feela ha tsona, linōka le melatsoana lia silafala. Lihlapi lia shoa. Ha linōka le melatsoana li tšela metsi a tsona leoatleng, lik’hemik’hale tse bolaeang li kena le tsona, ’me libakeng tse ling moo bophelo ba leoatleng bo kileng ba ata, kajeno, joalokaha seithuti se tsebahalang sa maoatle Jacques Cousteau se boletse, lihlapi ha li sa fumaneha.
Bophelo ba linonyana le ba liphoofolo le bona bo sokeloa ke tšilafalo ena. Esita le libaka tsa tšireletso ea liphoofolo tse hlaha li hlaseloa ke tšilafalo ena. “Libaka tse leshome tsa tšireletso ea liphoofolo li silafalitsoe ke lik’hemik’hale tse chefu ’me tse ling tse 74 li kotsing. . . . Mobu o hoholoang ke pula o nang le selenium le lik’hemik’hale tseng ling o bolaile matata a mangata libakeng tsa ’ona tsa tšireletso,” ho tlalehile The New York Times ea Tlhakola la 4, 1986.
Litsebi tsa lefatše ha li fane ka pono e tšepisang ka bokamoso. Ho fokola ho potlakileng ha lihlahisoa tsa lefatše ha ho felle feela ka ho lahleha ha mobu le ho silafala ha moea le metsi. Ho thoe’ng ka meru e meholo e libakeng tse chesang e fumanang pula selemo le selemo eo ka lilemo tse likete e kileng ea phahamisa mahlaku a eona ka limithara tse makholo? Na le eona e kotsing e tšoanang le ea lihlahisoa tse ling tse felang re li shebile? Ebang re a hlokomela kapa che, bophelo ba rōna bo angoa ke mesebetsi ena e mengata ea liatla tsa Jehova, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.