Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 1/8 maq. 23-24
  • Bongata bo Tšosang ba Lik’hemik’hale Tse Etsoang ke Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bongata bo Tšosang ba Lik’hemik’hale Tse Etsoang ke Batho
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Eketseha ha Lik’hemik’hale ho Eketsa Likotsi?
  • Lik’hemik’hale—Na ke Motsoalle Ebile ke Sera?
    Tsoha!—1999
  • Lehae la Hao le Tletse Chefo Hakae?
    Tsoha!—1999
  • Bobe ba Lik’hemik’hale Libakeng Tsa Mesebetsi
    Tsoha!—1987
  • Ha Lik’hemik’hale li U Kulisa
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 1/8 maq. 23-24

Bongata bo Tšosang ba Lik’hemik’hale Tse Etsoang ke Batho

KA NEPO, lekholo lena la lilemo le ka bitsoa mehla ea k’hemistri. Metsoako ea lik’hemik’hale tse etsoang ke batho e fetotse bophelo ba rōna. Mahae a rōna, liofisi le lifektheri li tletse linyanyatsi, litsoekere tsa maiketsetso, litlolo, lintho tse fetolang ’mala, lienke, lipente, chefo e bolaeang likokoanyana, meriana, lipolasetiki, lintho tse theolang mocheso, thepa ea maiketsetso—lethathamo lena ha le na moo le fellang teng.

Ho latela tlaleho ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO [World Health Organization]), e le ho khotsofatsa litlhoko tsa batho bakeng sa lik’hemik’hale tsena, ho hlahisoa ha tsona lefatšeng ka bophara ho ja liranta tse ka bang libilione tse 9,5 ka selemo. WHO e tlaleha hore lik’hemik’hale tse ka bang 100 000 li ’marakeng hona joale le hore selemo se seng le se seng ho eketsoa tse ncha tse 1 000 ho ea ho tse 2 000.

Leha ho le joalo, lik’hemik’hale tsena tse ngata ka mokhoa o tšosang li hlahisa lipotso mabapi le tsela eo li amang tikoloho le bophelo ba rōna ba ’mele ka eona. Ka ho hlakileng, re boemong boo re e-song ho ka re e-ba ho bona pele. Ngaka e ’ngoe e ile ea re: “Kaofela ha rōna re karolo ea moloko oo ho etsoang liteko ka oona ho bona hore na lintho lia sebetsa, ’me liphello tse feletseng li ke ke tsa tsejoa ka lilemo tse mashome tse tlang.”

Na ho Eketseha ha Lik’hemik’hale ho Eketsa Likotsi?

WHO e hlokomela hore batho ba angoang ke lik’hemik’hale tse silafatsang ka ho fetisisa ke “ba futsanehileng, batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola, ba fumaneng koetliso e fokolang kapa bao ho hang ba sa fumanang koetliso e nepahetseng kapa boitsebiso ba motheo mabapi le likotsi tse bakoang ke lik’hemik’hale tseo ba li pepesehetseng ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang letsatsi le leng le le leng.” Sena ke ’nete haholo ha ho tluoa chefong e bolaeang likokoanyana. Empa kaofela re angoa ke lik’hemik’hale.

Buka e reng A Green History of the World e re karolo ea 20 lekholong ea metsi a liliba tsa California a na le tekanyo e itseng ea tšilafalo, ho akarelletsa le chefo e bolaeang likokoanyana, e ka holimo ho tekanyo e behiloeng ke ’muso bakeng sa metsi a hloekileng. Buka eo ea phaella: “Florida liliba tse 1 000 li koetsoe ka lebaka la ho silafala; metse le metsana ea Hungary e 773 e na le metsi a sa tšoanelang ho nooa, karolo ea 10 lekholong ea mehloli ea metsi Brithani e silafetse ho feta tekanyo e behiloeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bakeng sa metsi a hloekileng, ’me likarolong tse ling tsa Brithani le tsa United States, masea a sa tsoa tsoaloa a ke ke a fuoa metsi a pompo ka lebaka la ho ba le letsoai le lengata.”

Mercury ke k’hemik’hale e ’ngoe e molemo empa e ka bang chefo. E kena tikolohong ka mehloli e fapaneng, ho tloha ho lichomela tsa indasteri ho isa maboneng a mangata-ngata a fluorescence. Ka tsela e tšoanang, loto e ka fumanoa lihlahisoeng tse ngata, ho tloha peteroleng ho isa penteng. Empa joaloka mercury, e ka ba chefo, haholo-holo ho bana. Tlaleho e ’ngoe e tsoang Cairo, Egepeta, e re ho hahlameloa ke mosi o nang le loto ho ka fokotsa hoo e ka bang “lintlha tse ’nè tsa I.Q. [tekanyo ea bohlale]” ea ngoana ea tloaelehileng.

Ho ea ka tlaleho ea United Nations Environment Programme, selemo se seng le se seng lithane tse ka bang 100 tsa mercury, lithane tse 3 800 tsa loto, lithane tse 3 600 tsa phosphate, le lithane tse 60 000 tsa sesepa li kena Leoatleng la Mediterranean ka lebaka la mesebetsi ea batho. Ka ho utloahalang, leoatle lena le maqakabetsing. Empa hase lona feela. Ha e le hantle, Machaba a Kopaneng a phatlalalitse selemo sa 1998 e le Selemo sa Machaba sa Leoatle. Lefatšeng ka bophara, maoatle ’ohle a bothateng, haholo-holo ka lebaka la tšilafalo.

Le hoja theknoloji ea lik’hemik’hale e re file lihlahisoa tse ngata tse molemo, re sebelisa le ho lahla tse ngata tsa tsona ka tsela e senyang tikoloho haholo. Na, joalokaha mongoli e mong oa koranta a sa tsoa bolela, re ikentse “ba laoloang ke tšusumetso ee ea tsoelo-pele”?

[Lebokose le leqepheng la 24]

Lik’hemik’hale le Liphetoho Tseo li li Bakang

Lentsoe “k’hemik’hale” le bolela lintho tsohle tsa motheo tse bōpang lefatše le re potolohileng, ho kopanyelletsa le likarolo tsa motheo tse ka holimo ho lekholo tse kang tšepe, loto, mercury, k’habone, oksijene le nitrogen. Metsoako ea lik’hemik’hale, kapa metsoako ea likarolo tse fapaneng, e kopanyelletsa lintho tse kang metsi, liasiti, matsoai le tahi. Bongata ba metsoako ena e hlaha ka tsela ea tlhaho.

“Phetoho ea lik’hemik’hale” e ’nile ea hlalosoa e le “mohato oo ho oona ntho e itseng e fetohelang ho e ’ngoe ka tšebetso ea lik’hemik’hale.” Mollo ke phetoho ea lik’hemik’hale; o fetola ntho e ka tukang—pampiri, peterole, hydrogen le tse ling—ntho e ’ngoe kapa lintho tse ling tse fapaneng ka ho feletseng. Liphetoho tse ngata tsa lik’hemik’hale li etsahala li sa khaotse ho re potoloha esita le ka hare ho rōna.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Mafutsana ke ’ona a hlokofatsoang ka ho fetisisa ke lik’hemik’hale tse silafatsang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela