Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 11/8 maq. 3-4
  • Bophelo bo Botle ba ’Mele—Leseli le Lecha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo Botle ba ’Mele—Leseli le Lecha?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moo ba Bangata ba Retelehelang Teng
  • Mefuta e Meng ea Phekolo—Lebaka Leo ba Bangata ba e Sebelisang ka Lona
    Tsoha!—2000
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2000
  • Ho Hlahloba Mefuta e Meng ea Phekolo
    Tsoha!—2000
  • Phekolo eo U e Khethang
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 11/8 maq. 3-4

Bophelo bo Botle ba ’Mele—Leseli le Lecha?

Ke lintho tse seng kae tseo batho ba amehileng ka tsona ho feta bophelo bo botle ba ’mele. Ka linako tse ling, ho bonahala maikutlo a leng teng a le mangata joaloka lingaka. Ho e-na le ho nka lehlakore, letotong lena la lihlooho Tsoha! e leka ho tlaleha ka tšebeliso e ntseng e eketseha ea liphekolo tseo ka tloaelo ho thoeng ke mefuta e meng ea phekolo. Ha re buelle liphekolo leha e le life tseo re tla bua ka tsona kapa liphekolo leha e le life tse ling. Mefuta e mengata ea phekolo ha ea boleloa—eo e meng ea eona e tloaelehileng haholo, ha e meng e tsosa likhang. Re lumela hore hangata thuto mabapi le litaba tsa bophelo bo botle ba ’mele e molemo; ’me liqeto tse mabapi le litaba tsa bophelo bo botle ba ’mele ke tsa botho ka ho feletseng.

E MONG le e mong o batla ho phela hantle ’meleng. Empa ho thata ho fumana bophelo bo botle, joalokaha ho bonoa palong ea batho ba kulang. Ba bang ba bona eka kajeno ho kula batho ba bangata ho feta leha e le neng pele.

E le ho loantša boloetse, lingaka tse ngata li itšetleha haholo ka ho fana ka meriana e etsoang le e buelloang ka matla ke lik’hamphani tsa meriana. Ka ho utloahalang, ’maraka oa lefatše oa meriana kapa lipilisi tse joalo tse thethefatsang o hōlile haholo mashomeng a lilemo a sa tsoa feta, ho tloha ho liranta tse limilione tse likete tse ’maloa ka selemo ho ea ho liranta tse limilione tse likete-kete ka selemo. Phello e bile efe?

Meriana kapa lipilisi tse thethefatsang tse laetsoeng ke lingaka li thusitse batho ba bangata. Leha ho le joalo, bophelo ba batho ba bang ba noang meriana kapa lipilisi tse thethefatsang bo lutse bo sa fetoha kapa bo mpefetse. Ka hona, morao tjena ba bang ba se ba sebelisa mekhoa e meng ea phekolo.

Moo ba Bangata ba Retelehelang Teng

Libakeng tseo ho tsona ka tloaelo ho ’nileng ha sebelisoa meriana ea morao-rao, e tloaelehileng, kajeno ba bangata ba khetha se bitsoang mofuta o mong oa phekolo, kapa phekolo e tlatsetsang. Consumer Reports ea May 2000 e itse: “Lekhalo le bileng teng ka nako e telele pakeng tsa mefuta e meng ea phekolo le meriana e tloaelehileng, le bonahala le koaleha.”

The Journal of the American Medical Association (JAMA), ea la 11 November, 1998, e itse: “Mefuta e meng ea phekolo, eo ka lebaka la tsela eo e sebetsang ka eona ho boleloang hore ea kenella ’me hape e sa rutoe haholo likolong tsa bongaka kapa hangata e sa fumanehe lipetleleng tsa United States, e hapile tlhokomelo e eketsehileng ea sechaba ka mecha ea litaba, lingaka, makala a ’muso le sechaba ka kakaretso.”

Leha ho le joalo, ha Journal of Managed Care Pharmacy e hlokomela mekhoa ea morao tjena, e ile ea hlalosa ka 1997: “Nakong e fetileng, lingaka tse sebelisang mekhoa e tloaelehileng ea phekolo li ’nile tsa belaella mefuta e meng ea phekolo, empa hona joale likolo tsa bongaka tse 27 United States [tlaleho ea morao-rao e re li 75] ho kopanyelletsa le Harvard, Stanford, Univesithi ea Arizona le Yale li fana ka monyetla oa ho khetha thupelo ea mofuta o mong oa phekolo.”

JAMA e ile ea bontša se etsoang ke bakuli ba bangata ha ba leka ho ntlafatsa bophelo ba bona. E ile ea tlaleha: “Ka 1990, ho hakanyetsoa hore motho a le mong (19,9%) ho ba bahlano ba eang ngakeng ka bothata bo tebileng, o boetse o sebelisa mofuta o mong oa phekolo. Ka 1997 karolo ena e ile ea eketseha ho ba hoo e ka bang motho a le mong (31,8%) ho ba bararo.” Sehlooho sena se boetse sa re: “Lipatlisiso tsa sechaba tse sa etsoang United States li bontša hore mofuta o mong oa phekolo o tloaelehile ho pholletsa le lefatše la indasteri.”

Ho latela JAMA, tekanyo ea baahi ba neng ba sebelisa mefuta e meng ea phekolo ka nako e sa tsoa feta ea likhoeli tse 12 e ne e le karolo ea 15 lekholong Canada, karolo ea 33 lekholong Finland le karolo ea 49 lekholong Australia. JAMA e ile ea re: “Mokhoa oo mofuta o mong oa phekolo o batloang haholo ka oona oa ikhetha.” Sena ke ’nete ka ho khetheha ka lebaka la hore mefuta e meng ea phekolo ke ka seoelo e patalloang ke inshorense. Kahoo sehlooho se ho JAMA se ile sa phetha ka ho re: “Mefuta e meng ea phekolo e sebelisoang kajeno, e thahaselloang ke batho, e bonahala e fokola ho feta kamoo e hlileng e ka bang kateng haeba nakong e tlang mefuta e meng e eketsehileng ea phekolo e ka patalloa ke inshorense.”

Tloaelo ea ho kopanya mefuta e meng ea phekolo le phekolo e tloaelehileng e ’nile ea etsoa ka nako e telele linaheng tse ngata. Dr. Peter Fisher, oa Royal London Homeopathic Hospital o ile a bontša hore mefuta e ka sehloohong ea phekolo e tlatsetsang e fetohile “e batlang e tloaelehile libakeng tse ngata.” A re, “Ha ho sa hlola ho e-na le mefuta e ’meli ea phekolo, e tloaelehileng le e tlatsetsang. Ke feela phekolo e ntle le phekolo e mpe.”

Ka hona, litsebi tse ngata tsa bongaka kajeno li lemoha bohlokoa ba phekolo e tloaelehileng le mefuta e meng ea phekolo. Ho e-na le ho tsitlella hore mokuli a amohele mofuta ona oa phekolo kapa oane, ba buella hore mokuli a sebelise mofuta leha e le ofe ho mefuta eohle e sa tšoaneng ea phekolo o ka bang molemo ho eena.

Mekhoa e meng ea pholiso ea se bitsoang mofuta o mong oa phekolo, kapa phekolo e tlatsetsang ke efe? E meng ea eona e simolohile neng hona hokae? Hona ke hobane’ng ha e sebelisoa ke ba bangata hakaale?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela