Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 11/8 maq. 6-11
  • Ho Hlahloba Mefuta e Meng ea Phekolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlahloba Mefuta e Meng ea Phekolo
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meriana ea Litlama
  • Lintho Tse Tlatselletsang Lijo
  • Homeopathy
  • Chiropractic
  • Ho Silila
  • Ho Phekola ka ho Hlaba ka Linalete
  • Liphekolo Tseo U ka li Khethang li Ngata
  • Meriana ea Litlama—Na e ka U Thusa?
    Tsoha!—2004
  • Bophelo bo Botle ba ’Mele—Leseli le Lecha?
    Tsoha!—2000
  • Mefuta e Meng ea Phekolo—Lebaka Leo ba Bangata ba e Sebelisang ka Lona
    Tsoha!—2000
  • Ho Silila Lesea?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 11/8 maq. 6-11

Ho Hlahloba Mefuta e Meng ea Phekolo

“Ho etsa hore ho be le puisano pakeng tsa lingaka le ba phekolang ka ho sebelisa mefuta e meng ea phekolo ke habohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa tlhokomelo ea bophelo bo botle ho bakuli ba khethang mefuta e meng ea phekolo.”

POLELO ena e ile ea hatisoa ho The Journal of the American Medical Association (JAMA) tokollong ea eona ea la 11 November, 1998. Sehlooho seo se ile sa re: “Ho ka lebelloa hore tlhokahalo ena [ea hore ho be le puisano] e hōle ka lebaka la tšebeliso ea mefuta e meng ea phekolo, haholo-holo ha liphekolo tse joalo li ka patalloa ke inshorense.”

Bakuli ba ntseng ba eketseha ba sebelisa mefuta e meng ea phekolo ha ba ntse ba sebelisa mekhoa e tloaelehileng haholoanyane ea phekolo. Leha ho le joalo, ba bang ha ba bolelle lingaka tsa bona hore na ba etsa’ng. Ka lebaka leo, Tufts University Health & Nutrition Letter ea April 2000 e ile ea khothalletsa ho re: “U lokela ho itsoela molemo ka hore u sebelisane le ngaka ea hao ho e-na le hore u iketsetse lintho sephiring.” E ile ea phaella: “Ebang e lumellana le qeto ea hao kapa che, ho ntse ho le molemong oa hao hore u e tsebise.”

Ho builoe sena ka lebaka la likotsi tse ka ’nang tsa hlaha ha litlama tse itseng li kopanngoa le mefuta e tloaelehileng ea phekolo. Molemong oa mokuli, litsebi tse ngata tsa bophelo bo botle ba ’mele ha li lemoha hore bakuli ba bang ba tsona ba khetha mefuta e meng ea phekolo, li leka ho se lumelle maikutlo a tsona ka tlhokomelo ea bophelo hore a li sitise ho sebelisana le ba phekolang ka ho sebelisa mefuta e meng ea phekolo.

E le hore babali ba rōna ba be leseling ka mefuta e meng ea phekolo e sebelisoang hona joale ke batho ba ntseng ba eketseha linaheng tse ngata, re tlil’o hlalosa e seng mekae ea eona ka bokhutšoanyane. Leha ho le joalo, ka kōpo hlokomela hore Tsoha! ha e buelle leha e le ofe oa mekhoa ena kapa mofuta leha e le ofe oa phekolo.

Meriana ea Litlama

Mohlomong meriana ena ke mofuta o tloaelehileng ka ho fetisisa har’a mefuta e meng ea phekolo. Ho sa tsotellehe ho sebelisoa ha litlama e le moriana ho pholletsa le makholo a lilemo, bo-rasaense ba ithutile ka hloko palo e fokolang feela ea mefuta ea limela. Hape ke palo e fokolang le ho feta ea limela le maro a tsona e etselitsoeng liphuputso ka botlalo hoo boitsebiso bo mabapi le ho sireletseha ha tsona le katleho ea tsona bo fumanehang. Boitsebiso bo bongata ka litlama bo thehiloe phihlelong e tsoang tšebelisong ea tsona ea nakong e fetileng.

Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, ho bile le liphuputso tse ngata tsa saense tse bontšang molemo oa litlama tse itseng ho phekoleng mafu a kang ho tepella maikutlo ho seng sekhahla, bolebali bo bakoang ke botsofali le matšoao a ho ruruha ho seng kotsi ha tšoelesa e ka tlas’a senya. Setlama se seng seo ho entsoeng liphuputso ka sona ke black cohosh, eo ka linako tse ling e tsejoang ka lebitso la black snakeroot, bugbane, kapa rattleroot. Maindia a Amerika a ne a pheha mothapo oa sona ebe a se sebelisa ho phekola mathata a ho ilela khoeli le pelehi. Ho latela Harvard Women’s Health Watch ea April 2000, liphuputso tsa morao li bontša hore se ntšitsoeng ho black cohosh e rekisoang ea Jeremane e entsoeng hore e lumellane le tsamaiso e itseng, se ka khona ho folisa “matšoao a ho khaotsa ho ilela khoeli.”

Ho bonahala eka ho batloa haholo ha meriana e joalo ea tlhaho ho thehiloe maikutlong a hore e sireletsehile ho feta meriana kapa lipilisi tse thethefatsang tse tsoakiloeng. Le hoja hangata sena e le ’nete, litlama tse ling li na le liphello tse mpe, haholo-holo haeba li sebelisoa hammoho le meriana e meng. Ka mohlala, setlama se tloaelehileng se buelloang hore se phekola ho pipitleloa le hore se theola boima ba ’mele, se ka eketsa khatello ea mali le ho otla ha pelo.

Ho boetse ho na le litlama tse etsang hore mokuli a tsoe mali haholo. Haeba litlama tsena li sebelisoa hammoho le meriana kapa lipilisi tse thethefatsang “tse hlapollang mali,” ho ka ba le liphello tse kotsi. Batho ba nang le mafu a sa foleng, joaloka lefu la tsoekere kapa khatello ea mali methapong kapa ba noang meriana e meng, ba lokela ho ba seli mabapi le ho sebelisa meriana ea litlama.—Bona lebokose le kenyelelitsoeng.

Taba e ’ngoe e ngongorehisang ka meriana ea litlama ke ho se be le mokhoa o tsitsitseng oa ho tiisetsa batho boleng ba eona ha e etsoa. Lilemong tsa morao ho bile le litlaleho tsa meriana e silafalitsoeng ke tšepe le lintho tse ling tse silafatsang. Ho phaella moo, litlama tse ling li fumanoe li e-na le metsoako e fokolang eo ho ngotsoeng hore li na le eona, kapa e le sieo ho hang. Mehlala ena e hatisa bohlokoa ba ho reka litlama, esita le meriana leha e le efe e meng, mehloling e hlomphuoang le e ka tšeptjoang.

Lintho Tse Tlatselletsang Lijo

Lintho tse tlatselletsang lijo, tse kang livithamine le liminerale, ho ’nile ha tlalehoa hore li molemo bakeng sa ho thibela le ho phekola maloetse a mangata, ho kopanyelletsa khaello ea mali le phokolo ea masapo—esita le ho thibela kholofalo e itseng ea masea. Ho noa livithamine le liminerale letsatsi le letsatsi, tseo palo ea tsona e lekanyelitsoeng ke ’muso ho nkoa ho batla ho sireletsehile ’me ho le molemo.

Ka lehlakoreng le leng, ho noa tse ngata ka ho fetisisa tse buelloang bakeng sa ho phekola maloetse a mang ho ka ba kotsi bophelong bo botle ba ’mele. Ho ka etsahala hore li sitise ho monngoa ha lijo tse ling kapa ho sebetsa ha tsona ’me ho ka boela ha e-ba le liphello tse mpe. Sena, haesita le ho haella ha bopaki bo utloahalang bo tšehetsang tšebeliso ea livithamine tse ngata ka ho fetisisa, ha sea lokela ho hlokomolohuoa.

Homeopathy

Homeopathy e qapiloe lilemong tsa bo-1700 e le mofuta oa phekolo o se nang liphello tse kotsi joaloka mefuta e meng ea phekolo e neng e tloaelehile ka nako eo. Homeopathy e thehiloe molao-motheong oa hore “moleko o ntšoa ka moleko o mong” le khopolong ea hore motho a noe moriana o fokolang. Meriana ea homeopathy e etsoa ka ho hlapolla moriana ka makhetlo-khetlo—ka linako tse ling o hlapolloe hoo ho sa saleng le karoloana ea moriana oo o hlapolotsoeng.

Leha ho le joalo, ha meriana ea homeopathy e bapisoa le meriana e mpang e thoba feela, ho fumanoe hore e na le phello e itseng ho phekoleng mafu a kang asma, ho kulisoa ke lintho tse itseng le letšollo ho bana. Ho nkoa hore meriana ea homeopathy e sireletsehile haholo, kaha e hlapollotsoe haholo. Sehlooho se ileng sa hatisoa tokollong ea JAMA ea la 4 March, 1998, se ile sa re: “Ho bakuli ba bangata ba tšoeroeng ke mafu a sa foleng a e-song ho fumaneloe tlhahlobo e tobileng, homeopathy e ka ba khetho e molemo le ea bohlokoa ea phekolo. Haeba e sebelisoa ho latela meeli ea eona, homeopathy e ka tlatselletsa meriana ea morao-rao e le ‘thulusi e ’ngoe ka har’a mokotla.’” Leha ho le joalo, maemong a tšohanyetso a sokelang bophelo, e ka ba bohlale ho sebelisa phekolo e tloaelehileng haholoanyane.

Chiropractic

Ho na le mefuta e meng e mengata ea phekolo eo ho eona ho sebetsanoang le ’mele. Chiropractic e har’a mefuta e meng ea phekolo e atileng, haholo-holo United States. E thehiloe khopolong ea hore motho a ka fola haeba ho etsoa hore masapo a etsang lesapo la mokokotlo a boele sebakeng se loketseng. Ke ka lebaka leo batho ba ithutetseng chiropractic ba tsebahalang ka ho sebetsana le lesapo la mokokotlo bakeng sa ho lokisa masapo a mokokotlo a bakuli ba bona.

Meriana e tloaelehileng hase kamehla e khonang ho folisa lefu la seholoholo. Ka lehlakoreng le leng, bakuli ba bang ba fumanang phekolo ea chiropractic ba bolela hore ba khotsofala haholoanyane. Bopaki bo tšehetsang chiropractic bakeng sa maloetse a mang haese mahlaba boa fokola.

Ho hlakile hore liphello tse bohloko lia fokola haeba chiropractic e etsoa ke mophekoli ea nang le tsebo. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, motho o lokela ho hlokomela hore ha ho sebetsanoa le molala, ho ka ba le kotsi ea ho baka bothata bo tebileng, ho akarelletsa stroke le ho holofala. Bakeng sa ho fokotsa ho ba kotsing ea ho hlaheloa ke bothata, litsebi tse ling li buella hore motho a hlahlojoe ka botlalo ho bona hore na ebe ho sebetsana le setho se itseng sa ’mele ho mo loketse.

Ho Silila

Ke khale litso tse ngata li hlokometse melemo ea ho silila. Tšebeliso ea hona ebile e tlalehiloe ka Bibeleng. (Esthere 2:12, NW) British Medical Journal (BMJ) ea la 6 November, 1999, e re: “Mekhoa ea ho silila e phetha karolo ea bohlokoa phekolong e tloaelehileng ea Machaena le Maindia. Ho silila ha batho ba Europe ho ile ha hlophisoa mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo ke Per Henrik Ling, ea ileng a theha se bitsoang ho silila ha Sweden.”

Ho silila ho tšepeloa ho lokolla mesifa, ho ntlafatsa phallo ea mali le ho ntša chefo e bokellaneng linameng. Hona joale lingaka li khothalletsa ho silila bakeng sa maloetse a kang mokokotlo o bohloko, hlooho le mathata a amanang le tšilo ea lijo. Batho ba bangata ba sililoang ba bolela kamoo ho ba etsang hore ba ikutloe hantle kateng. Ho latela Dr. Sandra McLanahan, “karolo ea mashome a robeli lekholong ea maloetse e amana le khatello kelellong, ’me ho silila ho fokotsa khatello kelellong.”

BMJ ea tlaleha: “Mekhoa e mengata ea ho silila ha e atise ho ba le liphello tse mpe. Maemo ao ho silila ho sa khothalletsoeng tlas’a ’ona a thehiloe haholo-holo tabeng ea ho sebelisa kelello (ka mohlala, ho qoba ho silila moo motho a cheleng kapa ho silila setho se nang le mahloele methapong ea mali) . . . Ha ho na bopaki ba hore ho silila batho ba tšoeroeng ke kankere ho eketsa ho nama ha eona.”

E. Houston LeBrun, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa Mokhatlo oa Phekolo ea ho Silila oa Amerika, o itse: “Ha ho silila ho ntse ho ata haholoanyane, batho ba ho sebelisang ba ameha ka mangolo a mophekoli ea sililang, ’me ho loketse hore ba etse joalo.” BMJ e ile ea eletsa hore bakeng sa ho qoba mekhoa eo e seng ea botsebi, “bakuli ba lokela ho tiisa hore baphekoli ba ngolisitsoe ke mokhatlo o loketseng o nang le taolo.” Selemong se fetileng tlaleho e ile ea bontša hore baphekoli ba ne ba filoe tumello literekeng tse 28 tsa United States.

Ho Phekola ka ho Hlaba ka Linalete

Ho phekola ka ho hlaba ka linalete ke mokhoa oa phekolo o atileng haholo ho pholletsa le lefatše. Le hoja polelo e reng “ho phekola ka ho hlaba ka linalete” e akaretsa mekhoa e mengata e sa tšoaneng, hangata e akarelletsa ho sebelisoa ha linalete tse tšesaane tse kenngoang libakeng tse tobileng ’meleng bakeng sa ho phekola. Lipatlisiso tse entsoeng mashomeng a ’maloa a lilemo a fetileng li bontša hore ho phekola ka ho hlaba ka linalete ho ka ’na ha sebetsa maemong a mang ka ho ntša lik’hemik’hale methapong, tse kang endorphins, e leng ho ka folisang mahlaba le ho ruruha.

Lipatlisiso tse ling li bontša hore ho phekola ka ho hlaba ka linalete ho ka atleha ho phekola maloetse a mangata haholo le hore ke mofuta o mong o ka sebelisoang ntle ho kotsi bakeng sa meriana e ilibanyang. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o amohela tšebeliso ea ho phekola ka ho hlaba ka linalete bakeng sa ho phekola maloetse a 104. Hape komiti e khethiloeng ke U.S. National Institutes of Health e ile ea bua ka bopaki ba hore ho phekola ka ho hlaba ka linalete ke phekolo e amohelehang ea mahlaba a ka mor’a ho buuoa, mahlaba a mesifa, mahlaba a ho ilela khoeli, le pelo e nyekang esita le ho hlatsa ka lebaka la phekolo ea lik’hemik’hale kapa boimana.

Le hoja liphello tse mpe li e-ba teng ka seoelo ha ho phekoloa ka linalete, batho ba ka ’na ba utloa bohloko, ba shoa bohatsu kapa ba utloa botsikinyane. Ho bolaea likokoana-hloko ka ho loketseng linaleteng kapa tšebeliso ea linalete tse ka lahluoang ho ka fokotsa kotsi ea tšoaetšo. Batho ba bangata ba phekolang ka ho hlaba ka linalete ha ba na tsebo ea bongaka e hlokahalang bakeng sa ho hlahloba mokuli ka ho loketseng kapa ho buella liphekolo tse ling tse loketseng. E ke ke ea e-ba bohlale ho hlokomoloha ho haelloa hona ke tsebo ea ho hlahloba mokuli, haholo-holo haeba motho a khetha ho phekoloa ka ho hlajoa ka linalete bakeng sa ho imoloha matšoaong a maloetse a sa foleng.

Liphekolo Tseo U ka li Khethang li Ngata

Seo re buileng ka sona ka holimo ke mohlala feela oa liphekolo tse ngata tseo hona joale ho thoeng ke mefuta e meng ea phekolo libakeng tse ling. Mohlomong nakong e tlang, tse ling tsa tsona haesita le tse ling tseo re sa buang ka tsona mona, li ka nkoa e le tse tloaelehileng, joalokaha li se li ntse li nkoa joalo likarolong tse ling tsa lefatše. Ka ho hlakileng, tse ling li ka ’na tsa se hlole li sebelisoa kapa tsa felloa ke botumo bo botle.

Ka bomalimabe, bohloko le ho kula ke karolo e khōlō ea bophelo ba batho, joalokaha Bibele e bolela ka ho nepahetseng hakana: “Etsoe rea tseba hore pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” (Baroma 8:22) Re ka lebella hore batho ba tla batla phekolo. Empa re ka retelehela hokae? Ka kōpo hlahloba liphuputso tse ling tse ka ’nang tsa u thusa ha u khetha phekolo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ho Sebelisa Litlama ha ka Nako e Tšoanang U Ntse U Sebelisa Meriana—LIKOTSI KE LIFE?

Hangata batho ba ’nile ba lemosoa hore ba se ke ba noa meriana kapa lipilisi tse thethefatsang tse fanoeng ke ngaka hammoho le lino tse tahang kapa ka lino tse tahang. Na hape ho na le kotsi ka ho sebelisa litlama tse itseng hammoho le meriana e fanoeng ke ngaka? Mokhoa oo o atile hakae?

Sehlooho se ho The Journal of the American Medical Association se ile sa bua ka “ho sebelisoa ha meriana e fanoeng ke ngaka ha ka nako e tšoanang motho a ntse a sebelisa litlama.” Se ile sa re: “Har’a 44% ea batho ba baholo ba boletseng hore ba noa meriana e fanoeng ke ngaka, hoo e ka bang a le mong (18,4%) ho ba bahlano o boletse hore ka nako e tšoanang o ntse a sebelisa bonyane setlama se le seng, livithamine tse ngata, kapa ka bobeli.” Ke habohlokoa ho tseba likotsi tse ka hlahisoang ke tloaelo e joalo.

Ba sebelisang litlama tse itseng ba boetse ba lokela ho ameha haeba ho hlokahala hore ba robatsoe ka lithethefatsi bakeng sa phekolo. Dr. John Neeld, mopresidente oa Mokhatlo oa Amerika oa Lingaka tse Robatsang ka Lithethefatsi, o ile a hlalosa: “Ho na le litlaleho tse tsoang liphihlelong tsa batho tse bontšang hore litlama tse ling tse atileng, ho kopanyelletsa ginseng le St. John’s wort, li ka baka ho se tsitse ha khatello ea mali. Sena se ka ba kotsi haholo nakong eo motho a robalitsoeng ka eona ka lithethefatsi bakeng sa phekolo.”

Ngaka ena e ile ea phaella ka ho re: “Tse ling, joaloka ginkgo biloba, ginger le feverfew, li ka sitisana le hore mali a etse mahloele, e leng kotsi e khethehileng nakong ea ho thethefatsoa ka ho entoa mokokotlong—haeba mali a tsoa haufi le mothapo oa lesapo la mokokotlo, ho ka baka kholofalo. St. John’s wort e ka boela ea matlafatsa liphello tsa meriana kapa lipilisi tse thethefatsang tse ilibanyang kapa tse robatsang.”

Ka ho hlakileng, ke habohlokoa ho tseba kotsi e ka ’nang ea hlahisoa ke ho sebelisa litlama tse itseng ha ka nako e tšoanang u ntse u noa meriana. Ka ho khethehileng basali ba baimana le ba anyesang ba lokela ho ela hloko kotsi e ka ’nang ea e-ba teng ea hore bana ba bona ba ka ’na ba utloa bohloko ka lebaka la ho kopanya litlama tse itseng le meriana. Ka lebaka leo, bakuli ba khothalletsoa hore ba buisane le lingaka tsa bona hore na ba ntse ba noa meriana efe, ebang ke mefuta e meng ea phekolo kapa che.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Litlama tse ling li fumanoe li thusa ho phekola maloetse

“Black cohosh”

“Saint-John’s-wort”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Bill Johnson/Visuals Unlimited

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bakeng sa liphello tse ntle, ho hlokahala hore bakuli le lingaka ba sebelisane hammoho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela