Ho Silila Lesea?
KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN
’MÈ E mong ea mocha lilemong oa Nigeria ea bitsoang Anita, o hlapisa leseanyana la hae a ntan’o le silila ka hloko. ’Mè le lesea ba natefeloa ke seo haholo. Anita o re: “Bo-’mè ba Nigeria ba tloaetse ho etsa sena ha ba hlokomela maseanyana a bona. ’Mè o ne a tloaetse ho re silila, ’na le likhaitseli tsa ka. Ho silila lesea ke tsela e ntle haholo ea ho le matlafatsa mesifa le ho etsa hore le ikutloe le khatholohile. Ha ke silila leseanyana la ka, kea le binela le ho le buisa, ’me lona lea keketeha le ho bososela. Ruri ke nako e babatsehang eo ke bang le eona le leseanyana la ka!”
Linaheng tse ngata ho tloaelehile ho silila lesea, ’me ho ea ho ata linaheng tse ling tsa Bophirimela. Ho ea ka Mokhatlo oa Spain oa ho Sililoa ha Masea, ho silila lesea ke mokhoa o hlasimollang, o lerato le o thabisang oo motsoali a o sebelisang ho buisana le leseanyana la hae ka tsela e le amang ’meleng le maikutlong. Ho akarelletsa ho tiisa letsoho ha u silila lesea maotong le ka mokokotlong, sefubeng, mpeng, matsohong le sefahlehong empa u sa le utloise bohloko.
Lesea le utloa’ng ha le sililoa? Ka holim’a tsohle, le utloa monate le hore lea ratoa. Lesea ha le hloke lijo feela empa le hloka le kameho e mofuthu ea motsoali. Kaha lesea lea utloa ha le tšoaroa le ha le sa le lenyenyane haholo, lea utloa hore lea ratoa ha ’mè kapa ntate a le silila ka bonolo. Lesea le khona ho fumana boitsebiso bo bongata ka tsela eo le tšoaroang ka eona. Kahoo ho silila lesea ho tiisa lerato le mofuthu la motsoali leseeng la hae ho tloha ha le hlaha feela.
Ntle le hore ho silila ho bontša lerato, ho ka ’na ha ruta lesea ho khatholoha, e leng ho ka ’nang ha le thusa ho robala nako e teletsana le ho fokotsa khatello. Ho le silila ho ka boetse ha thusa ho matlafatsa mesifa ea lesea le ho etsa hore mali a phalle hantle ’meleng, ha etsa hore lijo li silehe hantle le hore le heme hantle. Batho ba bang ba re le tsela eo ’mele oa lesea o itšireletsang mafung ka eona ea ntlafala. ’Me kaha litho tsa lesea tsa ho ama, ho bona le ho utloa le tsona lia hlasimoloha, ho le silila ho ka ’na ha le thusa ho hopola lintho le ho ithuta.
Lipetlele tse ling le tsona li ile tsa batlisisa bohlokoa ba ho silila lesea. Ka mohlala, phuputsong e ’ngoe ho fumanoe hore masea a hlahileng pele ho nako a neng a sililoa a khona ho lokolloa sepetlele matsatsi a supileng pele ho masea a neng a sa sililoe le hore boima ba ’ona ba ’mele bo eketseha ka liphesente tse 47 ha a bapisoa le a mang.
Ho hlakile hore hase batho ba baholo feela ba ruang molemo ha ba sililoa! Ha e le hantle, ho masea ho a silila hase feela taba ea ho tsamaisa letsoho. Ke ho a bontša lerato ka ho a silila ka liatla tse mofuthu le ho bososela le ’ona.