Mefuta e Meng ea Phekolo—Lebaka Leo ba Bangata ba e Sebelisang ka Lona
MOFUTA o mong oa phekolo, kapa phekolo e tlatsetsang, o akarelletsa mekhoa e mengata ea phekolo. E mengata e oela tlas’a naturopathy, e leng mokhoa oa phekolo o hatisang tšebeliso ea lintho tsa tlhaho kapa mekhoa e bonahalang bakeng sa ho lokisa ’mele le ho o lumella hore o ipholise. Liphekolo tse ngata ho tsena, tse ’nileng tsa sebelisoa haholo ka makholo a lilemo, e se e le khale li lahluoe kapa li hlokomolohuoe ke mekhoa ea kajeno ea phekolo.
Ka mohlala, ka la 27 August, 1960, Journal of the American Medical Association e ile ea bontša hore ho sebelisa ntho e batang bakeng sa ha motho a chele ho ne ho “tsejoa ke batho ba boholo-holo empa ho bonahala ho hlokomolohuoa ke lingaka esita le batho bao e seng lingaka. Le hoja litšupiso tse ling libukeng li lumellana tabeng ea ho rorisa mofuta ona oa phekolo, ha o atise ho sebelisoa kajeno. Ka sebele, lingaka tse ngata li re ‘ha ho motho ea o sebelisang,’ le hoja ho se ea tsebang lebaka hantle.”
Leha ho le joalo, mashomeng a lilemo a morao tjena, ho sebelisoa ha metsi a batang kapa ho beha lintho tse batang moo motho a cheleng teng ho boetse ho buelloa ke ba phekolo e tloaelehileng. The Journal of Trauma ea September 1963, e ile ea tlaleha: “Thahasello tšebelisong ea metsi a batang phekolong ea pele ea ho cha e hōtse haesale ho tloha ka litlaleho tsa Ofeigsson le Schulman ka 1959 le 1960. Re ’nile ra phekola bakuli selemong se fetileng ka mokhoa ona; liphello tseo re li boneng ho bakuli li ne li khothatsa.”
Ho phekola ka metsi a batang ho batla ho sireletsehile, ’me ka sebele ho folisa ka tsela e tšelisang. Hydrotherapy, e leng mofuta oa phekolo o sebelisang metsi ka litsela tse sa tšoaneng ho phekola maloetse, e sebelisoa mofuteng o mong oa phekolo, ’me hona joale mekhoa ena e sa tšoaneng ea phekolo e boetse e amoheloa ke saense ea kajeno ea meriana.a
Ka ho tšoanang, ba phekolang ka ho sebelisa mefuta e meng ea phekolo hangata ba sebelisa limela ho phekola maloetse. Tšebeliso ena ea limela e ’nile ea etsoa ka lilemo tse makholo—esita le tse likete—likarolong tse ling tsa lefatše. Ka mohlala tšebeliso ea litlama India e ’nile ea e-ba tšebeliso e ka sehloohong ea phekolo. Kajeno matla a limela tse itseng a ho folisa a amoheloa ke litsebi tse ngata tsa bophelo bo botle hoo e batlang e le hohle.
Phihlelo e Ikhethang
Lilemong tse ka bang lekholo tse fetileng, Richard Willstätter, eo hamorao a ileng a fetoha seithuti sa limela, o ile a susumetsoa ke se ileng sa etsahalla motsoalle oa hae e monyenyane oa hlooho-ea-khomo, Sepp Schwab ea lilemo li leshome. Leoto la Sepp le ne le petlile hampe hoo ngaka e neng e re ho hlokahala hore le khaoloe e le hore a tle a ’ne a phele, empa batsoali ba Sepp ba ile ba chechisetsa ho khaoloa hoo ha leoto morao hore ho etsoe hoseng ha letsatsi le hlahlamang. Khabareng ba ile ba batla molisana ea neng a tumme ka ho sebelisa meriana ea litlama. Molisana o ile a kha limela tse sa tšoaneng, a li khabela hasesaane ho fihlela e le qubu e kang sepiniche se phehiloeng, eaba o li beha leqebeng.
Hoseng leqeba leo le ne le le betere, ’me ho khaola leoto ho ile ha boela ha khutlisetsoa morao. Leoto le ile la ’na la phekoloa ka litlama ’me hamorao leqeba le ile la fola ka ho feletseng. Willstätter o ile a tsoela pele ho ithuta k’hemistri Univesithing ea Munich, Jeremane ’me hamorao o ile a hapa khau ea Nobel bakeng sa litšibollo tse entsoeng mabapi le lithuto tsa hae ka mebala ea limela, haholo-holo chlorophyll. Ka ho utloahalang, hoo e ka bang karolo ea 25 lekholong ea meriana kapa lipilisi tse thethefatsang tse sebelisoang kajeno, e ntšoa e feletse kapa e sa fella lik’hemik’haleng tse hlahang ka tlhaho limeleng.
Ho Hlokahala Hore ho Sebelisoe ho Leka-lekana
Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore tabeng ea phekolo, se atlehang ka ho hlollang ho e mong se ka ’na sa se ke sa thusa e mong. Katleho ea mofuta leha e le ofe oa phekolo e itšetlehile ka mabaka a mangata, ho kopanyelletsa le mofuta oa boloetse le ho teba ha bona le boemo ba mokuli ba bophelo ka kakaretso. Esita le nako e loketseng e ka ameha.
Hangata mefuta e meng ea phekolo e sebetsa butle ho feta mefuta e tloaelehileng, kahoo boloetse bo ka beng bo phekotsoe hoja bo ile ba hlahlojoa ’me ba phekoloa pejana, bo ka hōla ho isa ntlheng ea hore meriana kapa lipilisi tse matla tse thethefatsang—mohlomong esita le ho buoa—li hlokahalang bakeng sa hore motho a tle a phele. Ka lebaka leo ho ka ’na ha se be bohlale ho tšoarella mofuteng o le mong oa phekolo joalokaha eka ke oona feela mokhoa oa ho rarolla bothata ba bophelo.
Mofuta o mong oa phekolo o fapana le mefuta e tloaelehileng ea phekolo ka tsela eo o sebetsanang le bophelo bo botle ba ’mele ka eona. Hangata mekhoa e sebelisoang mefuteng e meng ea phekolo e sebetsana haholo le ho thibela mafu, ’me e lebisa tlhokomelo mokhoeng oa motho oa bophelo le tikoloho le kamoo lintho tsena li amang bophelo ba hae bo botle ba ’mele kateng. Ka mantsoe a mang, hangata ba phekolang ka ho sebelisa mefuta e meng ea phekolo ba sheba motho ka kakaretso ho e-na le setho se itseng se nang le bothata kapa boemo ba boloetse.
Ntle ho pelaelo, ntho e ipiletsang haholo ka mefuta e meng ea phekolo ke maikutlo a hore tšebeliso ea eona ea lintho tsa tlhaho le mekhoa ea eona ea phekolo e bonolo haholoanyane ’me ha e kotsi joaloka e sebelisoang phekolong e tloaelehileng. Ka hona, ka lebaka la thahasello e eketsehileng tabeng ea ho fumana phekolo e sireletsehileng le e sebetsang, sehloohong se latelang ho tla tšohloa mehlala e seng mekae ea mefuta e tlatsetsang ea phekolo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea June 22, 1988, leqepheng la 25-6.