Pono ea Bibele
Na Saense e ka Tlisa Bophelo bo sa Feleng?
LILEMONG tse fetileng, potso e joalo e ne e ka utloahala e se na kelello. Leha ho le joalo, hona joale batho ba bang ba nahana ka ho teba ka monyetla ona. Bo-rasaense ba se ba khonne ho atolosa habeli tekanyo ea bophelo ba lintsintsi tse jang litholoana le libōkō ka ho sebelisa mekhoa eo ba bang ba ikutloang hore e ka sebelisoa le ho batho.
Lipatlisiso li bontšitse hore lisele tse tloaelehileng tsa motho lia shoa, li ikarola feela ka makhetlo a lekanyelitsoeng. Ka mor’a moo li khaotsa ho ikarola. Ke tšebetso e ileng ea bapisoa le oache e ka hare e laolang hore na batho ba tsofala neng le ho shoa neng. Hona joale bo-rasaense ba sebetsana le ho beha oache ena nakong.
Khopolo e ’ngoe e tloaelehileng ke e reng tharollo ea botsofali e fumanoa lintlheng tsa moloho oa DNA, e leng karolo e bitsoang telomere. Li-telomere li ’nile tsa bapisoa le likarolo tsa polasetiki tse qetellong ea maqhoele a lieta, tse reretsoeng ho thibela maqhoele ao ho thatoloha. Bo-rasaense ba lemohile hore nako e ’ngoe le e ’ngoe ha lisele tse ling li ikarola, li-telomere li khutsufala joaloka khoele e tukang. Qetellong, ho bonahala hore li-telomere tsena li khutsufala ho isa bohōleng boo ho bona sele e khaotsang ho ikarola. Leha ho le joalo, ha ho e-na le motsoako o itseng o potlakisang tšebetso ea lik’hemik’hale ’meleng, li-telomere ha li khutsufale. Kahoo, ho ea ka khopolo eo, sena se ka fa lisele monyetla oa ho tsoela pele li ikarola ka ho sa feleng. Molaoli oa k’hamphani e ’ngoe e nang le seabo mosebetsing ona o itse: “Lena ke lekhetlo la pele leo ka lona re ka nahanang ka ho se shoe ha motho.” Empa hase bo-rasaense bohle ba lumelang sena.
Kamoo ho Tlileng Kateng Hore Lefu le be Teng
Ka ho hlakileng, ka lilemo tse likete batho ba nang le tumelo Bibeleng ba ’nile ba lumela hore ho ka etsahala hore batho ba phele ka ho sa feleng. Tšepo ea bona ha e ho bo-rasaense ba batho empa e ho Rasaense e Moholo ka ho Fetisisa, ea bōpileng lintho tsohle tse phelang, Jehova Molimo.—Pesaleme ea 104:24, 25.
Bibele e bontša hore ho shoa ha batho e ne e se karolo ea morero oa ’Mōpi. Monna le mosali ba pele ba ne ba bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo ’me ba ile ba behoa serapeng sa paradeise. Ba ne ba phethahetse, ba se na bofokoli ba kelello kapa ba ’mele. Boemong boo ba neng ba le ho bona, ba ne ba e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Eo e ne e le takatso ea Molimo bakeng sa bona. O ile a ba laela hore ba be le bana ’me butle-butle ba etse hore lefatše lohle e be Paradeise.—Genese 1:27, 28; 2:8, 9, 15.
Joalokaha ho bontšitsoe ho Genese khaolo ea 3, Adama ka ho tseba hore kahlolo ke lefu, o ile a fetohela Molimo ka boomo. Ho feta moo, ka ho nka tsela ea ho se mamele, o ile a tlisetsa bana ba hae ba e-song ho tsoaloe sebe le lefu. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa sena ka tsela ena: “Ke ka lebaka leo, feela joalokaha ka motho a le mong sebe se ile sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Ka mantsoe a mang, kahobane Adama o ile a etsa sebe, ’mele oa hae o ne o se o sa phethahala. Butle-butle o ile a tsofala ’me a shoa. Bana ba hae ba ile ba futsa ho se phethahale hoo.
Kahoo ho shoa ha batho ho tlisitsoe ke bofetoheli ba Adama le kahlolo ea Molimo e ileng ea latela. Batho ba ke ke ba atleha ho etsolla kahlolo eo. Le hoja saense e entse tsoelo-pele e ngata litabeng tsa phekolo ea meriana, mantsoe a bululetsoeng a Moshe, a ileng a ngoloa lilemong tse 3 500 tse fetileng, e sa ntse e le ’nete: “Matsatsi a ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le ’meli; boikakaso ba tsona ke khathatso le bomalimabe; hobane bophelo ba rōna bo fela kapele, bo ikela koo.”—Pesaleme ea 90:10.
Tokisetso ea Jehova Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
Hoa thabisa hore ho na le tšepo! Le hoja hona joale batho bohle qetellong ba e-shoa, hase morero oa Jehova hore boemo bona bo tsoele pele ka ho sa feleng. Le hoja Adama le Eva ba ne ba lokeloa ke ho shoa, Molimo o ne a tseba hore ho ne ho tla ba le ba bangata har’a bana ba bona ba e-song ho tsoaloe ba neng ba tla arabela ka kananelo bolebeling ba hae bo lerato. O entse tokisetso ea bophelo bo sa feleng lefatšeng bakeng sa batho ba joalo. Mopesaleme o ile a ngola: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Empa see se tla phethahatsoa joang?
Sena se ne se ke ke sa tlisoa ke ho sibolla ha batho makunutu a DNA. Ho e-na le hoo, bophelo bo sa feleng ke mpho eo Jehova a tla fana ka eona ho bohle ba bontšang tumelo ho eena. A hlokomela hore bana ba Adama le Eva ba hloka ho lopolloa, o ile a ba etsetsa mocha oa hore ba rue bophelo bo sa feleng—e leng sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. Jesu o ile a bua ka tokisetso ena ha a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Joaloka Adama, Jesu e ne e le motho ea phethahetseng. Ho fapana le Adama, Jesu o ile a mamela Molimo ka ho phethahetseng. Ka hona, Jesu o ne a ka khona ho etsa sehlabelo ka bophelo ba hae ba botho bo phethahetseng bakeng sa ho lefella sebe sa Adama. Ka lebaka la ketso ena e lerato, e ileng ea tsitsisa sekala sa toka, bana ba Adama ba ne ba ka lokolloa kahlolong ea lefu. Ka lebaka leo, bohle ba bontšang tumelo ho Jesu ba tla fumana mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng.—Baroma 5:18, 19; 1 Timothea 2:5, 6.
Hoja batho ba ne ba ka khona ho hlōla ho se phethahale le ho itlisetsa bophelo bo sa feleng, thekollo e ne e ke ke ea hlokahala. Bibele e fana ka keletso ena e bohlale: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile. Ho lehlohonolo eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae! O entse maholimo le lefatše, leoatle le tse ho lona kaofela, o boloka ’nete ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 146:3-6.
Bophelo bo sa feleng bo ke ke ba tlisoa ke lipatlisiso tsa saense, empa bo tla tlisoa ke Jehova. Sohle seo Molimo a ikemiselitseng ho se etsa, a ka khona ho se phethahatsa ebile o tla se phethahatsa. “Ho Molimo ha ho polelo e se nang ho khoneha.”—Luka 1:37.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
© Charles Orrico/SuperStock, Inc.