Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 2/8 maq. 15-16
  • Bophelo bo Phathahaneng ba Lefatše Lena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo Phathahaneng ba Lefatše Lena
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Tšohanyetso, Matsatsi a se a le Malelele
  • Bophelo Boa Potlaka
  • Hobane’ng ha ho Tatiloe Tjena?
    Tsoha!—1987
  • Ho Khathala Empa re sa Felloe ke Matla
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Liphello Tsa ho Leka ho Etsa ho Hongata Haholo
    Tsoha!—2001
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 2/8 maq. 15-16

Bophelo bo Phathahaneng ba Lefatše Lena

Na Ka Linako Tse Ling U Ke U Imeloe Ke Ho Potlaka Ha Bophelo? Na Ho U Siea U Ferekane, U Khathetse U Bile U Sitoa Ho Sebetsana Le Hona Ka Katleho? Haeba Ho Joalo, Ha U Mong.

BATHO ba limilione, haholo-holo metseng ea litoropo, ba fumana hore bophelo bo fetohile bo maphathaphathe ka tsela e ferekanyang, e khathatsang. Ho joalo haholo linaheng tsa Bophirimela. Sebokeng se seng sa bolumeli se sa tsoa tšoaroa haufinyane tjena United States, sebui se seng se ile sa kōpa bamameli hore ba phahamise matsoho a bona haeba boholo ba nako ba ikutloa ba khathetse. Hona hoo, ho ile ha phahama boieane ba matsoho.

Buka ea Why Am I So Tired? e re: “Bophelo ba kajeno bo tletse likhatello tseo pele li neng li sa tsebahale ho tla fihlela joale—lifofane tse lokelang ho palangoa ka nako, letsatsi leo mosebetsi o itseng o lokelang ho phethoa ka lona, bana ba lokelang ho isoa le ho latoa ka nako sekolong sa tlhokomelo ea bana ba banyenyane—lethathamo ke le sa feleng.” Ke ka hona ho sa makatseng hore ebe mokhathala o hlalositsoe e le tšenyo ea mehla ea rōna.a

Lilemong tse fetileng, bophelo bo ne bo le bonolo ’me bo tsamaea butle. Batho ba ne ba batla ba phela tumellanong le potoloho ea tlhaho—motšehare e ne e le nako ea mosebetsi, ’me bosiu e ne e le nako ea hore lelapa le be ’moho ebile e le nako ea boroko. Kajeno, ho na le mabaka a mangata a etsang hore batho ba ikutloe ba khathala ka ho eketsehileng le ho tepella.

Ka Tšohanyetso, Matsatsi a se a le Malelele

Lebaka le leng e ka ’na ea e-ba la hore batho ba robala nako e khutšoanyane. Tsoelo-pele e ’ngoe e khōlō e ileng ea hlasela nako ea boroko e bile ho fihla ha mabone a motlakase. Ka ho bonesa motlakase, batho ba ne ba se ba ka laola bolelele ba “letsatsi,” ’me ka potlako batho ba ile ba qala ho robala bosiu. Ka sebele, ba bangata ba ile ba hloka boikhethelo tabeng ena kaha lifektheri li ile tsa qala ho sebetsa bosiu le motšehare ’me likhoebo tse sebeletsang sechaba tsa eketsa lihora tsa tsona tsa mosebetsi. Mongoli e mong o ile a re: “Ho ile ha tsoaloa sechaba se sebetsang bosiu le motšehare.”

Lintho tse ling tsa tsoelo-pele ea theknoloji, tse kang seea-le-moea, TV le k’homphieutha le tsona li nkile karolo ho sitiseng batho ho robala ka ho lekaneng. Linaheng tse ngata, mananeo a TV a bapala lihora tse 24 ka letsatsi. Ke ho tloaelehileng ho bona barati ba libaesekopo le ba lipapali ba fihla mosebetsing ba tšoeroe ke boroko ba bile ba khathetse ka mor’a ho li shebella nako e telele bosiu. Lik’homphieutha tse teng malapeng le litšitiso tse sa feleng tsa tsona le tsona li tšoasitse ba limilione hore ba robale bosiu. Ke ’nete hore lisebelisoa tsena ha li phoso ka botsona, leha ho le joalo, li na le tšusumetso e khōloanyane ho batho ba bang ea hore ba iphapanyetse tlhoko ea ho phomola.

Bophelo Boa Potlaka

Hase feela taba ea hore matsatsi a rōna a se a lelefetse empa bophelo ka bobona bo bonahala bo tsamaea ka lebelo—le hona mona bo nolofalletsoa ho etsa joalo ke theknoloji. Kariki e neng e huloa ke lipere lilemo tse ka tlaase ho lekholo tse fetileng e fapane hōle le likoloi tsa kajeno tse lebelo, literene tse tsamaeang ka lebelo le holimo le lifofane tsa li-jet. Ha e le hantle, rakhoebo oa kajeno, eo ho ka etsahalang hore ebe ntate-moholo oa hae o ne a tsamaea ka maoto kapa a palama pere kapa baesekele ha a e-ea mosebetsing, a ka ja lijo tsa motšehare a le ka nģ’ena ho Leoatle la Atlantic ’me a ja tsa mantsiboea a le ka nģ’ane ho lona!

Liofisi le tsona li entse phetoho e khōlō e khutsitseng molemong oa ho sebetsa ka lebelo le ho hlahisa mosebetsi o mongata. Mechine ea ho thaepa le poso e tloaelehileng li nketsoe sebaka ke lik’homphieutha, mechine ea fax le E-mail. Lik’homphieutha tse nyenyane tseo ka tsona ho ngoloang lintlha tse lokelang ho hopoloa, lithelefono tsa cellular le li-pager li bile li felisitse lekhalo le teng lipakeng tsa lapeng le mosebetsing.

Ho hlakile hore ha ho le ea mong oa rōna ea ka theolang lebelo le eketsehang la bophelo ba lefatše lena. Leha ho le joalo, boemong ba motho ka mong, re ka etsa liphetoho tse ka re nolofalletsang ho phela bophelo bo khutsitseng haholoanyane, bo itekanetseng. Empa pele re tšohla taba ena, a re hlahlobeng tse ling tsa liphello tse ka re tlelang re le batho ka bomong le ha re le sechaba ka kakaretso, tse bakoang ke bophelo bo hlaphaselang ba kajeno.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mokhathala o sa feleng o ka boela oa bakoa kapa oa hloesoa mekoalaba ke mabaka a ’maloa ntle le khatello ea letsatsi le letsatsi. Lisosa li ka kopanyelletsa bokuli, ho hloka phepo e nepahetseng, lithethefatsi, tšilafalo e bakoang ke lik’hemik’hale, mathata a kelello le a maikutlo, botsofali kapa ho kopana ha mabaka ana.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela