Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 2/8 maq. 17-20
  • Liphello Tsa ho Leka ho Etsa ho Hongata Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liphello Tsa ho Leka ho Etsa ho Hongata Haholo
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Kolota ’Mele oa Hao Boroko?
  • Phello e Mpe ea Mokhathala
  • Liphello Tse Eketsehileng Tse Patehileng Tsa Mokhathala
  • Liphello Tse Bang Teng Kamanong le Batho ka Lebaka la ho Phathahana
  • Sekoloto sa Boroko—Na ke Bothata bo Hōlang?
    Tsoha!—2004
  • Hase Litšila tse Tloaelehileng!
    Tsoha!—1992
  • Boroko—Na ke Boiketlo Kapa Boa Hlokahala?
    Tsoha!—2003
  • Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 2/8 maq. 17-20

Liphello Tsa ho Leka ho Etsa ho Hongata Haholo

Lefatše La Kajeno La Bophirimela Le Thetsitsoe Ke Bophelo Bo Phathahaneng Le Ke Lintho Tse Etsang Hore Bophelo Bo Tsamaee Bolacha.

MECHINE e hlatsoang lijana e boloka nako ka kichineng. Mechine e hlatsoang liaparo le eona e boloka nako sebakeng seo ho hlatsoetsoang liaparo ho sona. Batho ba limilione ba se ba bile ba sa tlameha ho tloha mahaeng a bona ho ea reka kapa ho kenya chelete bankeng—ba se ba retelehela feela k’homphieutheng ’me ba sebelise Internet.

E, bonyane ho ea bohōleng bo itseng, lefatše le tletse mefuta eohle ea lisebelisoa tse bolokang nako le ho fokotsa mosebetsi. Ka hona, u ne u tla nahana hore batho ba tla ba le nako e ngata eo ba e qetang le malapa a bona le bakeng sa ho phomola. Leha ho le joalo, hangata ba bangata ba re ba khathetse le ho feta ’me ba hatellehile kelellong ho feta leha e le neng pele. Lisosa li ngata li bile li rarahane.

Khatello ea moruo ke e ’ngoe ea lisosa tse ka sehloohong. Australian Centre for Industrial Relations Research and Training e ile ea hlahloba palo ea lihora tseo batho ba li qetang mosebetsing naheng eo ’me ea fumana hore “ka ho tloaelehileng batho ba bangata ba sebetsa lihora tse fetang 49 ka beke” le hore “ho eketseha hona ho teng lihoreng tsa mosebetsi ho ne ho ka ’na ha hlahisa liphello tse bohloko bophelong ba lelapa le ba sechaba.” Basebetsi ba bangata ba khetha ho ea lula mathōkong a litoropo a sa ntseng a e-na le limela tse tala, a khutsitseng. Seo se ka bolela hore motho o qeta lihora tse itseng beke le beke—kapa lona letsatsi ka leng—a e-ea mosebetsing le ho khutla ka literene tse pepetehang batho, le libese kapa eona mebila e subuhlellaneng makoloi. Ha e le hantle, sena se phaella boleleleng ba letsatsi la mosebetsi le khatellong ea lona.

Na U Kolota ’Mele oa Hao Boroko?

Mathata a boroko a se a tloaelehile haholo lilemong tsa morao tjena hoo likarolong tse ngata tsa lefatše ho ’nileng ha buloa litleliniki tse sebetsanang le mathata a boroko. Bafuputsi ba fumane hore haeba batho ba sa robale ka ho lekaneng kamehla, sekoloto sa bona sa boroko sea bokellana. Ka tlhaho, ’mele ea bona e batla ho lefa sekoloto sena ’me e khothalletsa seo ka ho ba bakela mokhathala. Empa ka lebaka la bophelo bo pheloang kajeno bo hlokisang motho nako ea boroko, batho ba bangata ba lula ba khathetse molebe.

Naheng e ’ngoe ea Bophirimela, lekholong le fetileng la lilemo nako ea ho robala e fokotsehile ka karolo ea 20 lekholong, ho tloha karolelanong ea lihora tse robong bosiu ka bong ho ea lihoreng tse supileng. Bafuputsi ba bokeletse bopaki ba hore ho kolota ’mele boroko ho baka mathata a ho ithuta le a ho hopola, ho sitisa mesifa ho sebetsa le ho fokolisa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Boholo ba rōna re hlokometse ka borōna hore kelello e khathetseng e boetse e sekamela ho etseng liphoso. Ka masoabi, liphoso tsena e ka ba tse tebileng le tse jang chelete e ngata.

Phello e Mpe ea Mokhathala

Ho boleloa hore mokhathala o bakoang ke ho sebetsa lihora tse telele le ho fokotsa basebetsi, ke tsona tse ’nileng tsa tlatsetsa ho tse ling tsa likoluoa tse mpe tse bileng teng mafelong a lekholo la bo20 la lilemo. Har’a tsona ke koluoa ea nyutlelie e bileng teng Chernobyl, Ukraine; ho phatloha ha Challenger, setsoibileloa-sepakapakeng; le ho qhalana ha oli ho bakiloeng ke ha sekepe se tsamaisang oli sa Exxon Valdez se thula mafika Prince William Sound, Alaska.

Ho phatloha ho ileng ha etsahala Chernobyl ho etsahetse nakong eo ho neng ho etsoa tlhahlobo e khethehileng seteisheneng sa matla a nyutlelie. Bukeng ea hae ea The 24-Hour Society, Martin Moore-Ede o re tlhahlobo eo “e ne e etsoa tlas’a tsamaiso ea sehlopha se khathetseng sa lienjiniere tsa motlakase tse neng li bile moo seteisheneng bonyane lihora tse leshome le metso e meraro, mohlomong le tse fetang tseo ka lebaka la tieho ea lihora tse leshome e ileng ea e-ba teng pele se fumana tumello ea ho qala.” Ho sa tsotellehe hore na maemo e ne e le afe, ho latela phuputso ea morao tjena phello ea nako e telele e bakiloeng ke ho tšoloha ha mahlaseli ao ka phoso, e bile ho phahama ho imenneng ka makhetlo a leshome ha kankere ea qoqotho e ’nileng ea tšoara bana ba Ukraine ho tloha ka 1986.

Ka mor’a lipatlisiso tse feletseng ho se etsahetseng ha ho tla phatloha setsoibileloa-sepakapakeng sa Challenger, tlaleho ea komisi e tlas’a botsamaisi ba mopresidente e ile ea bolela hore ka makhetlo a 480, sehlopha se seng sa basebetsi ba konteraka se ne se sebelitse lihora tse fetang 20 tseo e leng sekepele sa lihora tse eketsehileng mosebetsing, ’me se seng e bile ka makhetlo a 2 512. Tlaleho eo e ile ea phaella ka hore mokhathala o neng o le ho batsamaisi, o neng o bakiloe ke “ho sebetsa lihora tse sa tloaelehang matsatsi a ’maloa le ho se robale ka ho lekaneng,” le tsona e ne e le lisosa tse ka sehloohong tsa hore ka bothoto setsoibileloa-sepakapakeng seo se lumelloe hore se tsoibiloe. Tlaleho eo e hlokometse hore “ha lihora tse eketsehileng tse sebetsoang mosebetsing e se e e-ba tse ngata ho tlōla tekanyo, bokhoni ba mosebetsi boa fokotseha ’me ho phahama menyetla ea liphoso tseo motho a ka li etsang.”

Ho ea ka ba boholong mokhatlong oa basesisi ba sekepe, ho fokotsoa ha basebetsi moo ho thoeng ho fokotsoa litšenyehelo tsa mosebetsi ho ile ha bolela hore basesisi ba Exxon Valdez ba sebetse lihora tse eketsehileng le ho etsa mesebetsi e eketsehileng. Tlaleho ea koluoa eo e hlalosa hore molaoli oa boraro, ea neng a laola sekepe ha se tla teba nakoana ka mor’a khitla, o ne a e-s’o robale esale ho tloha ka matjeke hoseng hoo. Lilithara tse ka bang 42 000 000 tsa oli—ho qhalana ha oli ho hoholo ka ho fetisisa historing ea United States—li ile tsa baka tšenyo e tšabehang mabōpong le liphoofolong tsa naha ’me ha ja chelete e fetang lidolara tse limilione tse likete li 2 (limilione tse likete li 14 tsa liranta) hore ho hloekisoe.

Liphello Tse Eketsehileng Tse Patehileng Tsa Mokhathala

Ho latela khakanyo e ’ngoe, mokhathala o senya bonyane liranta tse libilione tse 2,7 lefatšeng selemo ka seng! Empa ha ho chelete e ka lekanang le tšenyo e bang teng bophelong ba batho, boo hangata bo amehang. Ka mohlala nahana ka likotsi tsa mebileng. Ho ea ka tleliniki ea maloetse a boroko Sydney, Australia, likotsi tsa mebileng tse lipakeng tsa karolo ea 20 le ea 30 lekholong naheng eo li bakoa ke bakhanni ba robalang ba ntse ba khanna. Ho hakanngoa hore United States, ho otsela ho kolekela bonyane likotsing tsa sephethephethe tse 100 000 selemo le selemo.

Leha ho le joalo, liphello tsa mokhathala li ka ’na tsa se ke tsa fella moo. Motho ea hlahetsoeng ke kotsi ea potlakisetsoang sepetlele bakeng sa ho ea buuoa, o na le tšepo ea hore ngaka ea hae e hlaphohetsoe ebile e chatsi. Empa ka lebaka la kemiso e phathahaneng le lihora tse telele, e ka ’na eaba ngaka eo ha ea hlaphoheloa ebile ha e chatsi! Tlaleho e entsoeng ke Australian Insitute of Health and Welfare e senola hore hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea lingaka e ne e sebetsa lihora tse eketsehileng tse 65 ka beke, karolo ea 17 lekholong ea tse sebetsanang le mafu a khethehileng e ile ea feta lihora tseo, ’me karolo ea 5 lekholong ea “lingaka tse nyenyane” e ile ea sebetsa lihora tse fetang tse 80 ka beke!

Martin Moore-Ede o re “mechine e sireletsoa ka litaelo tse ngotsoeng tsa hore na e sebelisoa joang, lileibole tse lemosang le lithupelo tse koetlisang ba e sebelisang. Batho ba fihla lefatšeng mona ba se na tšireletso e joalo. . . . ’Nete e nyarosang ke ea hore re tseba ho fokolang haholo ka pōpeho e khethehileng ea motho ho feta kamoo re tsebang likaroloana tsa mechine eo le mananeo a e tsamaisang.”

’Mele ea rōna ha e na mabone a mafubelu a paitsang ho re lemosa le lialamo tse re bolellang hore re lokela ho ema kapa ho fokotsa lebelo. Leha ho le joalo, e re fa matšoao a re lemosang. Ana a akarelletsa mokhathala o sa feleng, ho feto-fetoha ha maikutlo, ho tepella maikutlo le ho tšoaetsoa habonolo ke likokoana-hloko tse ngata. Haeba u e-na le matšoao ana—mohlomong re nka hore ha u na mathata a bokuli a bakang sena—e ka ’na eaba ke nako ea hore u hlahlobisise mokhoa oa hao oa bophelo hape.

Liphello Tse Bang Teng Kamanong le Batho ka Lebaka la ho Phathahana

Mokhoa oa bophelo o sithabetsang, o sitisang batho ho robala o boetse o na le liphello tse tebileng likamanong tsa batho. Nahana ka boemo ba banyalani ba bacha, John le Maria.a Ba ne ba batla boholo ba lintho tseo banyalani ba bacha ba lakatsang ho ba le tsona—lehae le letle le tšireletseho licheleteng. Kahoo, ka bobeli ba ile ba ea sebetsa nako e tletseng. Empa ka lebaka la lichifi tse feto-fetohang, ba ne ba se na nako e ngata ea ho ba hammoho. Ka potlako kamano ea bona e ile ea qala ho fokola. Leha ho le joalo, ba ile ba hlokomoloha matšoao ’me ba tsoela pele le kemiso ea bona e neng e ba jella nako ho fihlela lenyalo la bona, le neng le sa tsoa thehoa, le senyeha.

Buka ea The 24-Hour Society e re “liphuputso li bontša hore palo ea tlhalo malapeng a batho ba sebetsang lichifi e phahame ka karolo ea 60 lekholong ho feta ea batho ba sebetsang mesebetsi e tloaelehileng motšehare.” Leha ho le joalo, ebang ba sebetsa lichifi kapa che, banyalani ba bangata ba leka ho petelletsa lintho tse ngata bophelong ba bona hoo ha e le hantle, ba senyang lenyalo la bona. Ho ba bang, khatello ea kelello le mokhathala li ka ’na tsa tlatsetsa letotong la tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tahi hammoho le tloaelo ea ho se je ka tsela e nepahetseng—e leng lintho tse sa totiseng mokhathala feela empa e le tse ka lebisang mathateng a mangata a kang tlhekefetso ea bana.

E le ho thusa batsoali hore ba sebetsane ka katleho le kemiso e jang nako ea bona e ngata, litsi tsa tlhokomelo ea bana lia eketseha, tseo tse ling tsa tsona li sebetsang lihora tse 24 ka letsatsi. Leha ho le joalo, ho bana ba bangata TV ke eona eo ha e le hantle e salang le bona. Ho hlakile hore, haeba bana ba tla hōla hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo, ba tsitsitseng hantle maikutlong, ba hloka ho qeta nako e ngata e sebelisoang hamolemo ba e-na le batsoali ba bona. Ka hona, batsoali ba khathetseng haholo bakeng sa ho qeta nako le bana ba bona ka lebaka la ho leka ho boloka bophelo ba bona bo le maemong a phahameng ka tsela e sa utloahaleng, ba etsa hantle ha ba hlahloba melemo le likotsi—bakeng sa bana ba bona le bakeng sa bona.

Sechabeng sa kajeno se potlakileng theknolojing, hangata batho ba baholo le bona e ba liphofu. Lebelo leo liphetoho li etsahalang ka lona le bongata ba lisebelisoa tse rekisoang ’marakeng li etsa hore ba bangata ba ferekane, ba ikutloe ba sa sireletseha, ba tšohile ’me ho hobe ka ho fetisisa, ba ikutloe ba bile ba se na thuso. Kahoo, bokamoso bo ba tšoaretse eng?

Na kaofela ha rōna—ba banyenyane le ba baholo—re laoloa ke lefatše lee le bonahalang le ikemiselitse ho potlaka le ho feta? Kapa na ho na le lintho tseo re ka li etsang tse ka re thusang hore re sebetsane ka katleho le hona ho ntlafatsa mokhoa oo re phelang ka oona? Ka lehlohonolo, ho na le seo re ka se etsang joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

E ka ’na eaba mokhathala o ile oa tlatsetsa koluoeng ea nyutlelie e bileng teng Chernobyl, ho phatloheng ha setsoibileloa-sepakapakeng sa “Challenger” le ho qhalaneng ha oli ha “Exxon Valdez”

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Courtesy U.S. Department of Energy’s International Nuclear Safety Program

NASA photo

[Litšoantšo tse leqepheng la 19]

Ho potlaka ha bophelo ho ka tlisa khatello manyalong

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Moo ba bang ba lekang ho sebetsana ka katleho le maemo, ba sebelisa tahi hampe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela