Boroko—Na ke Boiketlo Kapa Boa Hlokahala?
HO BATHO BA BANG, boroko ke tšenyo ea nako. Ba robala feela ha ba se ba khathetse haholo, kaha ba khetha ho lula ba phathahane ka mesebetsi ea letsatsi le letsatsi ea khoebo le ea boithabiso. Ka lehlakoreng le leng, ba nang le bothata ba ho tjoloma bosiu ho fihlela ka meso ba ka tela ntho leha e le efe hore feela ba tsebe ho robala hamonate.
Ke hobane’ng ha ba bang ba thatafalloa ke ho robala, ha ba bang bona ba lakatsa eka ba ka lula ba falimehile? Na re lokela ho nka boroko e le boiketlo kapa e le ntho e hlokahalang? Ho araba lipotso tsena, ho hlokahala hore re utloisise se etsahalang ha re robetse.
Mohlolo oa ho Khaleha
Ha e le hantle hore na ke eng se etsang hore motho a otsele ’me a khalehe e sa ntse e le mohlolo. Leha ho le joalo, bafuputsi ba fumane hore boroko ke ntho e rarahaneng e laoloang ke boko le hore bo tsamaisana le nako ea lihora tse 24 e bōpeletsoeng le motho.
Ha re ntse re hōla, mekhoa ea rōna ea ho robala ea fetoha. Lesea le sa tsoa tsoaloa le robala hakhutšoanyane ka makhetlo a mangata ka letsatsi, hoo e ka bang lihora tse 18. Ho latela litsebi tsa boroko, le hoja ho bonahala eka batho ba bang ba baholo ba hloka feela lihora tse tharo ka letsatsi tsa ho robala, ba bang ba hloka lihora tse isang ho tse leshome.
Phuputso e ’ngoe ea morao tjena e bontšitse hore ho se tšoane ho teng nakong e bōpeletsoeng le motho ho boetse ho hlalosa lebaka leo ka lona bacha ba bang ba thatafalloang ke ho tsoha hoseng. Ho bonahala nako e bōpeletsoeng le motho e fetoha nakong eo a kenang bocheng ka eona, e leng ho etsang hore bacha ba batle ho robala bosiu ’me ba tsohe motšehare. Ho lieha ho robala hona ho tloaelehile ’me hoa fela ha motho a le lilemong tse mahareng tsa bocha le ho ea qetellong ea tsona.
Nako e bōpelletsoeng le motho e laoloa ke lik’hemik’hale tse teng ’meleng, tseo tse ngata tsa tsona li seng li fumanoe. E ’ngoe ea tsona ke melatonin, e leng hormone eo ho nahanoang hore ke eona e etsang hore motho a tšoaroe ke boroko. Boko bo hlahisa Melatonin, ’me bo-rasaense ba bang ba lumela hore ke eona e etsang hore ho sebetsa ha tšilo ho fokotsehe nakoana pele motho a robala. Ha melatonin e qhatseha, mocheso oa ’mele le ho phalla ha mali bokong hoa fokotseha, ’me butle-butle mesifa ea rōna e qala ho phutholoha ebe e-ea nyebella. Joale ho etsahala’ng ha motho a kena lefatšeng lee la mohlolo la boroko?
‘Mofepi ea ka Sehloohong oa Tlhaho’
Hoo e ka bang lihora tse peli ka mor’a hore re khalehe, mahlo a rōna a qala ho leba koana le koana ka potlako. Ho lemoha ketsahalo ena ha bo-rasaense ho entse hore ba arole boroko ka mekhahlelo e ’meli ea motheo: Oa ha mahlo a leba koana le koana ka potlako le oa ha a sa etse joalo. Mokhahlelo oa ha a sa lebe koana le koana o ka aroloa hane nakong eo motho a kenang borokong bo tebileng. Nakong eo motho a ileng le sephume sa boroko, mokhahlelo oa ha mahlo a leba koana le koana o ba teng khafetsa, o fapanyetsane le oa ha a sa etse joalo.
Boholo ba litoro li ba nakong eo mahlo a lebang koana le koana. ’Mele le oona o khatholoha ka ho feletseng, e leng ho etsang hore motho ea robetseng a tsohe a le morolo. Ho phaella moo, bafuputsi ba bang ba lumela hore boitsebiso boo motho a sa tsoa bo tseba bo hatiseha mohopolong mokhahlelong ona.
Nakong ea sephume sa boroko (mohatong oa boraro le oa bone mokhahlelong oa ha mahlo a sa lebe koana le koana), phallo ea mali le ho otla ha pelo lia fokotseha, li phomotse tsamaiso ea ho potoloha ha mali le ho thibela boloetse bo ka amang pelo. Ho feta moo, ho hlahisoa ha hormone e amanang le ho hōla ho ba sehlohlolong nakong ea mokhahlelo oa ha mahlo a sa lebe koana le koana, ha bacheng ba bang hormone ena ea ho hōla e eketseha ka makhetlo a 50 bosiu ho feta motšehare.
Ho bonahala boroko bo boetse bo ama takatso ea rōna ea lijo. Bo-rasaense ba sibolotse hore ha e le hantle boroko ke “mofepi ea ka sehloohong moketeng oa bophelo,” joalokaha Shakespeare a boletse. Boko ba rōna bo nka ho haella ha boroko joaloka ho haella ha lijo. Ha re robetse, ’mele oa rōna o qhatsa hormone ea leptin, eo ka tloaelo e bolellang ’mele hore re jele ka ho lekaneng. Ha re lula re falimehile nako e telele ho feta e hlokahalang, ’mele ea rōna e qhatsa leptin e fokolang, ’me re lakatsa ho ja lijo tse nang le lik’habohaedreite haholo. Ka hona, ho itima boroko ho ka etsa hore re je k’habohaedreite e ngata, e ka qetellang e entse hore re be batenya ho feta tekano.—Bona lebokose la “Ho bo Tsipa Hanyenyane Motšehare oa Mantsiboea,” leqepheng la 13.
Bo Molemo Bakeng sa Bophelo bo Botle
Empa hoo hase phetho. Boroko bo nolofalletsa ’mele ea rōna ho sebetsana le lintho tse sa batleheng ’meleng—e leng limolek’hule tseo ho thoeng ke tsona tse amang ho tsofala ha lisele le ho baka kankere. Patlisisong e ’ngoe ea haufi tjena e entsoeng Univesithing ea Chicago, bahlankana ba 11 ba phetseng hantle ba ile ba lumelloa ho robala lihora tse ’nè feela ka letsatsi ka matsatsi a tšeletseng. Ha matsatsi ana a fela, lisele tsa ’mele ea bona li ne li sebetsa joaloka tsa batho ba nang le lilemo tse 60, ’me insulin e maling e ne e tšoana le ea batho ba tšoeroeng ke lefu la tsoekere! Ho itima boroko ho bile ho ama le tlhahiso ea lisele tsa mali tse tšoeu le hormone ea cortisol, ho etsa hore motho a pepesehele ho tšoaetsoa ke mafu le ho tšoaroa ke mafu a amanang le phallo ea mali ’meleng.
Ha ho pelaelo hore boroko ke ba bohlokoa ho etsa hore ’mele le kelello e be tse phetseng hantle. Ho ea ka maikutlo a mofuputsi William Dement, mothehi oa setsi sa pele sa ho ithuta ka boroko Univesithing ea Stanford, U.S.A., “ho bonahala boroko e le eona ntho ea bohlokoahali e bontšang hore na u tla phela halelele hakae.” Deborah Suchecki, mofuputsi setsing sa ho ithuta ka boroko São Paulo, Brazil, o re: “Hoja batho ba ne ba tseba hore na ho etsahala’ng ’meleng oa motho ea itimang boroko, ba ne ba tla nahana habeli pele ba etsa qeto ea hore boroko ke tšenyo ea nako kapa ke ntho ea batho ba botsoa.”—Bona lebokose le kaholimo.
Empa na ke kamehla boroko bo matlafatsang ’mele? Ke hobane’ng ha batho ba bang ba robala bosiu bohle empa ba sa khatholohe? Sehlooho se latelang se tla u thusa hore u tsebe litšitiso tse ling tse ka sehloohong tsa boroko le ho hlalosa hore na u ka etsa joang hore u robale hamonate joang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
LIPHELLO TSA HO ITIMA BOROKO
LIPHELLO TSA NAKOANA
◼ Ho otsela
◼ Ho feto-fetoha ha maikutlo ka tšohanyetso
◼ Ho lebala ka nakoana
◼ Ho lahleheloa ke matla a ho iqapela, ho rera le ho phetha mesebetsi e itseng
◼ Ho se khone ho tsepamisa mohopolo
LIPHELLO TSA NAKO E TELELE
◼ Botenya bo feteletseng
◼ Ho tsofala pele ho nako
◼ Mokhathala o feteletseng
◼ Ho ba kotsing ea ho tšoaetsoa mafu, ho tšoaroa ke lefu la tsoekere, maloetse a amanang le lefu la pelo le mafu a ka mpeng
◼ Ho leballa ruri
[Lebokose le leqepheng la 13]
HO BO TSIPA HANYENYANE MOTŠEHARE OA MANTSIBOEA
Na u se u kile ua thibasela ka tsela eo u sa khoneng ho itaola ka mor’a lijo tsa motšehare? Sena ha se hakaalo hore u na le bothata ba ho se robale ka ho lekaneng. Ho tloaelehile hore motho a ikutloe a tšoeroe ke boroko nakoana ka mor’a motšehare o moholo ka lebaka la ho theoha ha tlhaho ha mocheso oa ’mele. Ho phaella moo, bo-rasaense ba sa tsoa sibolla protheine e bitsoang hypocretin, kapa orexin, e hlahisoang ke boko, ’me e re thusa ho lula re falimehile. Hypocretin e amana kae le lijo?
Ha re e-ja, ’mele o qhatsa leptin ho re fa maikutlo a hore re se re khotše. Empa leptin e thibela hore hypocretin e hlahe. Ka mantsoe a mang, ha leptin e le ngata bokong, hypocretin ea fokotseha ’me re ikutloa re tšoeroe ke boroko haholoanyane. Mohlomong ke lona lebaka leo ka lona linaheng tse ling batho ba bang le nakoana ea phomolo—e leng khefu eo ba e fuoang mosebetsing ka mor’a lijo tsa motšehare hore ba re shoa! hanyenyane.
[Krafo e leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MEKHAHLELO EA BOROKO
Chate e nolofalitsoeng
Mekhahlelo ea boroko
Tsoha
Ha mahlo a leba
koana le koana
Ha mahlo a sa
lebe koana
le koana
Boroko bo sa tebang 1
2
3
Boroko bo tebileng 4
1 2 3 4 5 6 7 8
Lihora tsa boroko