Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 8/8 leq. 28
  • Bacha ba Lulang ba Otsela—Na See Sea Tšoenya?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Lulang ba Otsela—Na See Sea Tšoenya?
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Boroko ba Hao
    Tsoha!—2003
  • Boroko—Na ke Boiketlo Kapa Boa Hlokahala?
    Tsoha!—2003
  • Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang
    Tsoha!—2004
  • Boroko—Ke ba Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 8/8 leq. 28

Bacha ba Lulang ba Otsela—Na See Sea Tšoenya?

KA MONGOLI OA TSOHA! CANADA

KORANTA ea Canada, Globe and Mail, e re ho haelloa ke boroko ho fokotsa matla a kelello le a ho hopola, ’me bacha ba sa ntseng ba le sekolong ba har’a ba kotsing e khōlō. “Ho hlobaela ha bana le bacha ho boetse ho amahanngoa le bothata bo itseng tseleng eo ba itšoarang ka eona, ho khopeha kapele le ho ba mafolofolo ho tlōla.” Bo-rasaense ba entse phuputso mekhoeng ea ho robala ea barutoana ba ka bang 2 200 ba sekolong se phahameng, ’me ba fumana hore ba ka etsang karolo ea 47 lekholong ba ne ba robala lihora tse ka tlaase ho tse khothalletsoang, e leng tse robeli bosiu ka bong.

Globe e re le hoja mokhoa oo bacha ba phelang ka oona hangata o ba sitisa ho robala ka ho lekaneng, “ba bang ba bona e ka ’na eaba ba na le bothata bo itseng boo lingaka li e-song ho bo elelloe. Karolo ea 4 lekholong ea bana ba pakeng tsa lilemo tse 4 le tse 18 ba na le bothata ba ho koaleha moea ka nakoana ha ba robetse.” Nakong eo ba robetseng, mahanana a bona a kibana hanyenyane kapa a hle a kibane ka ho feletseng, ’me seo se sitisa oksijene ho feta ka bolokolohi. Ka hona, boko ha bo phomole ka ho feletseng, ’me bana bao ba tsoha ba khathetse ba bile ba khopeha kapele.

Matšoao a bontšang hore ngoana a ka ’na a ba le bothata bo joalo a akarelletsa ho hona kapa ho letsa lesiba ha a robetse, ho tšoaroa ke hlooho hangata hoseng, ho lebala le ho sitoa ho tsepamisa mohopolo, hammoho le ho otsela molebe motšehare. Batsoali ba khothalletsoa hore ba mamele bana ba bona ka linako tse ling ha ba ile le sephume sa boroko. Dr. Robert Brouillette, setsebi sa mafu a bana a amanang le boroko Sepetleleng sa Bana sa Montreal, o re ngoana ea nang le bothata boo a ka ’na a koaleha moea nakong ea ha a robetse, le hoja sefuba se ka ’na sa ea holimo le tlaase. “Ho koaleha moea hoo ho tla felisoa ke ho tsosa ngoana eo e le hore a phaphame hanyenyane, [’me] a phefumolohe makhetlo a ’maloa pele a boela a e-ea le sephume sa boroko.” Seo se ka etsahala ka makhetlo a makholo bosiung bo le bong ’me sa etsa hore ngoana a tsohe a khathetse.

American Sleep Disorders Association e khothalletsa hore motho a robale kamoreng e pholileng, e lefifi eo ho seng litšitiso ho eona, tse kang thelevishene kapa k’homphieutha. Ho ba le kemiso ea kamehla ea ho robala le ho tsoha le hona ho ka thusa bana le bacha hore ba robale hantle bosiu. Ba bang ba nang le bothata ba ho koaleha moea ka nakoana ha ba robetse ba sebelisa mochine o etsang hore ba lule ba hema, oo ka bonolo o butsoelang moea ka linkong le molomong ho etsa hore mahanana a lule a bulehile ha ba robetse. Ngaka e ’ngoe ea mafu a bana e itse: “Boroko bo bohlokoa ho feta lijo tseo re li jang. Bo bohlokoa ho feta boikoetliso. Bo laola li-hormone tsa rōna, maikutlo a rōna le tsamaiso ea ’mele ea rōna ea ho itšireletsa mafung.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela