Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 2/8 maq. 24-27
  • Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rarahana ha Boroko
  • U Hloka Boroko bo Bokae?
  • Lintlha Tse Molemo
  • Boroko—Na ke Boiketlo Kapa Boa Hlokahala?
    Tsoha!—2003
  • Boroko—Ke ba Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—2011
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Boroko ba Hao
    Tsoha!—2003
  • Bacha ba Lulang ba Otsela—Na See Sea Tšoenya?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 2/8 maq. 24-27

Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang

BOHOLO ba tsoelo-pele e entsoeng ea ho utloisisa se etsahalang ha motho a robetse e entsoe lilemong tse fetileng tse 50. Seo ho ithutiloeng sona se thesela maikutlo a fosahetseng ao e leng khale a le teng. A mang ke khopolo ea hore kaha mesebetsi e mengata ea ’mele e tsamaea butle ha motho a phomotse, boroko e mpa e le feela boemo ba ho se sebetse.

Ka ho ithuta tsela eo boko bo sebetsang ka eona, bafuputsi ba bongaka ba ithutile hore ho na le mekhahlelo e ipheta-phetang le methati e itseng ea boroko. Ho e-na le hore ebe ha bo sebetse, boko ba motho bo sebetsa ka lebelo le phahameng methating e itseng ea boroko. Boroko bo monate bo akarelletsa ho feta mekhahlelong ena makhetlo a mane kapa a fetang moo bosiu bo bong le bo bong, ’me u qeta nako e lekaneng mokhahlelong ka mong.

Ho Rarahana ha Boroko

Boroko bo tloaelehileng ba bosiu bo ka aroloa mefuta e ’meli: seo ka tloaelo se bitsoang boroko ba ha lithaka tsa mahlo li tsamaea, kapa ba litoro, le boroko boo lithaka tsa mahlo li sa tsamaeeng le bo se nang litoro. U ka tseba ha motho a le borokong boo a lorang ho bona ha lithaka tsa hae tsa mahlo li ka bonoa li tsamaea ka pele a ntse a robetse.

Boroko ba ha motho a sa lore bo ka boetse ba aroloa mekhahlelo e mene. Ka mor’a hore u robale, u kena hamonate mokhahlelong oa pele—ho otsela kapa boroko bo sa tebang. Mokhahlelong ona mesifa ea hao ea phutholoha ’me tšebetso ea boko ba hao ea feto-fetoha le ho potlaka. Bosiu bo bong le bo bong, mokhahlelo ona oa pele ka tloaelo o nka metsotsoana e 30 ho ea ho metsotso e supileng. Ha u fetela mokhahlelong oa bobeli—boroko ba sebele—moo ka tloaelo u tlang ho qeta karolo ea 20 lekholong ea bosiu, matla a tšebetso ea boko aa eketseha. U ka ’na ua ba le menahano e tsamaeang e khaoha ka lehare kapa litšoantšo tse fetang kelellong ea hao, empa ha u hlokomele se u pota-potileng ’me u ke ke ua bona esita le haeba mahlo a hao a shebile.

Joale ho latela mokhahlelo oa boraro le oa bone—boroko bo tebileng ho ea ho bo tebileng haholo. Mona, ke moo ho thoeng motho o ile le sephume sa boroko, e leng nakong eo boko ba hao bo sebetsang ka lebelo le iketlileng. Ke nakong ena moo ho leng thata hore ’mele o tsohe, kaha boholo ba mali bo lebisoa mesifeng. Nakong ena (ka tloaelo e leng hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea bosiu), ’mele oa inchafatsa le ho itokisa, ’me ke nakong ena eo motho a ileng le sephume sa boroko moo ’mele e sa leng menyenyane e hōlang ka eona. Ke habohlokoa ho hlokomela hore mang kapa mang, mocha kapa motho e moholo, ea sa beng mokhahlelong oa ho ea le sephume sa boroko, a ka ’na a ikutloa a e-na le mokhathala, a sa thahaselle letho, kapa a bile a tepeletse maikutlo letsatsing le hlahlamang.

Qetellong, mokhahlelo o mong o le o mong o phetheloa ka mothati oa boroko ba litoro empa o fapaneng ka ho feletseng ho e meng. Mokhahlelong ona oa ho lora (oo ka tloaelo o etsahalang hoo e ka bang metsotso e meng le e meng e 90), mali a eketsehileng a lebisoa bokong ’me matla a ho sebetsa ha boko ba hao a batla a tšoana le a ha u tsohile. Leha ho le joalo, u ke ke ua tsamaisa mesifa. Ho sitoa ho etsa letho hona ho bonahala ho u thibela hore u etse seo u ntseng u se lora ebe u intša kotsi kapa ho ntša ba bang kotsi.

Mokhahlelo ona oa litoro oa lelefala nako le nako ha o etsahala ha motho a robetse ’me ho bonahala e le oa bohlokoahali bophelong bo botle ba kelello. Joaloka k’homphieutha, boko bo hlahloba lintho tse polokelong ea mohopolo ea nakoana, bo hlakola boitsebiso boo e seng ba bohlokoa le ho boloka seo bo lakatsang ho se boloka polokelong ea mehopolo ea nako e telele. Ke ntho e tsebahalang hore ha motho a sa qete nako e lekaneng mokhahlelong oa litoro, o qetella a e-na le mathata maikutlong. Ka mohlala, batho ba nang le lefu la ho hlobaela, ba qeta nako e fokolang ho feta e tloaelehileng mokhahlelong oa litoro, e leng ho ba bakelang matšoenyeho a eketsehileng maikutlong.

Kahoo, ho etsahala’ng ha kamehla re sa fumane mekhahlelo ee e ipheta-phetang borokong (ebang ke ka lebaka la ho itima ha rōna boroko kapa re sa rate), ka tsela ee e ba re ba le sekoloto sa boroko? Haeba ka ho latellana re robala lihora tse fokolang ho feta tseo re li hlokang, re ke ke ra fumana nako e lekaneng ea boroko ba ho qetela bo bolelele ba litoro, boo e leng ba bohlokoa bophelong bo botle ba kelello. Haeba re se na nako e tsitsitseng ea ho robala, re tsamaea re re shoa! neng le neng, hangata ha re fumane nako ea ho khaleha thuoe, e leng eona e hlokahalang bakeng sa ho nchafatsa ’mele ea rōna. Ba nang le sekoloto se tebileng sa boroko ba sitoa ho tsepamisa mohopolo nthong e itseng nako e telele, ba lebala lintho ka potlako le ho lahleheloa ke mantsoe a ho itlhalosa, ba fokolloa ke matla a ho nahana ka tsela e hlaphohetsoeng ’me matla a bona a ho qapa lintho aa fokotseha.

Ke eng e etsang hore ’mele o batle ho robala? Ho bonahala ho kopana lintho tse ’maloa tse etsang hore letsatsi le leng le le leng, ho be le nako eo motho a robalang ka eona le eo a falimehileng ka eona. Ho bonahala tšebetso ea lik’hemik’hale ea boko e phetha karolo e itseng. Hape, ho na le khubu ea lisele tsa methapo bokong, eo ho hlakileng hore e laola potoloho eohle ea boroko. “Oache” ena e haufi le moo methapo ea mahlo e kopanang teng. Ka hona, khanya e na le tšusumetso tabeng ea hore na re ikutloa re otsela hakae. Khanya e khōlō e etsa hore u phaphame, ha lefifi lona le etsa hore u robale.

Thempereichara ea ’mele oa hao le eona ea ameha. Ha thempereichara ea hao e phahame haholo—ka ho tloaelehileng e leng bohareng ba hoseng le bohareng ba mantsiboea—ke nakong eo u falimehileng haholo. Ha thempereichara ea ’mele oa hao e theoha, u otsela haholoanyane. Bafuputsi baa lumela hore mokhoa oa ho falimeha ha o bapisoa le ho robala o fapana ho ea ka batho.

U Hloka Boroko bo Bokae?

Bo-rasaense ba re bolella hore ka karolelano, batho ba hloka lihora tse ka bang robeli tsa ho phomola bosiu ka bong. Empa liphuputso li boetse li bontša hore litlhoko tsa batho li fapana haholo.

Ho itlhahlobisisa ka botšepehi ho ka senola hore na u se u ntse u latela mokhoa o u tsoelang molemo kapa u na le sekoloto sa boroko. Ka kakaretso litsebi li lumellana ka matšoao ana a ho robala hantle:

◼ Boroko bo itlela habonolo feela kantle le ho noa lithethefatsi kapa ho loana le ho solasola kapa ho tšoenyeha.

◼ Ke ka seoelo u hlokomelang ha u phaphama har’a mpa ea bosiu, empa haeba u phaphama, u ka boela ua khaleha kapele.

◼ Ho tsoha ke ntho e etsahalang ka tlhaho hoseng ho hong le ho hong hoo e ka bang ka nako e tšoanang ’me hangata kantle ho thuso ea alamo ea oache.

◼ Hang ha u tsohile ’me u qala ho tsamaea, u ikutloa u falimehile ebile u phaphame letsatsi lohle.

Lintlha Tse Molemo

Ho thoe’ng ka ba nang le lefu la ho hlobaela seoelo? Litsebi tse ling li etsa tlhahiso ea mehato ena e sebetsang:

1. Qoba joala hammoho le lintho tse etsang hore u hlaphoheloe tse kang kofi kapa tee nakong ea ha u se u tla robala. Ka phoso batho ba bangata ba lumela hore lino tse tahang li tla thusa ho ba robatsa. Leha ho le joalo, liphuputso tsa bongaka li bontša hore joala bo ka ba le phello ea ho etsa hore motho a hlaphoheloe ’me a falimehe.

2. Khaotsa ho tsuba. Mohloli o mong oa boitsebiso o re: “Batho ba tsubang ba na le bothata bo boholo ba ho khaleha, hobane lisakerete li phahamisa khatello ea mali, li eketsa lebelo la ho otla ha pelo ’me li eketsa matla a ho sebetsa ha boko. Hape batho ba tsubang ba na le tšekamelo ea ho hlobaela har’a bosiu, mohlomong e le hobane ’mele ea bona e ba le matšoao a ho kula a ho tlohela ho tsuba.”

3. Qoba lintho tse susumetsang kelello kapa ’mele ka ho feteletseng pejana feela ho nako ea ho robala. Boikoetliso bo etsa hore motho a phomole hantle empa eseng a ikoetlise pele feela a robala. Ho sebetsana le mathata a maholo kapa liphephetso tse boima tse sebelisang kelello pele motho a robala ho ka sitisa boikutlo bo phutholohileng boo hangata bo hlokahalang ho etsa hore motho a khalehe.

4. Etsa bonnete ba hore kamore ea ho robala e khutsitse, e lefifi ’me ha maemo a lumela, e batla e pholile. Mabapi le lerata, nahana ka tlhahlobo e ’ngoe e tummeng e ileng ea etsoa bathong ba lulang haufi le boema-fofane, ba boletseng hore ha ba sa utloa molumo oa lifofane. Leha ho le joalo, ha ho hlahlojoa mekhoa ea bona ea ho robala, boko ba bona bo ne bo rekota sefofane se seng le se seng se lulang le se tlohang! Bafuputsi ba ile ba fihlela qeto ea hore ka karolelano, batho bana ba hlahlobiloeng ba lahleheloa ke hora e le ’ngoe ea boroko bosiu bo bong le bo bong ho feta ba leng moo ho khutsitseng. Lintho tsa ho kiba litsebe kapa mekhoa e meng ea ho fokotsa lerata e ka be e ba thusitse haholo hore ba phomole ha ba robetse. Ba bang ba fumana hore lerata le sa tšoenyeng (le hlalosoang e le molumo leha e le ofe oa ntho e hobelang tlaase, ka tsela e iketlileng le e sa fetoheng), le kang le etsoang ke sefehla-moea sa motlakase, e ka ba le thusang ka ho khetheha haeba ho hlokahala hore ho koaheloe melumo ea seterateng.

5. E-ba hlokolosi ka ho noa meriana e robatsang. Ho na le bopaki bo bongata ba hore lithethefatsi tse ngata tse robatsang, tse fanoang ke lingaka, li etsa hore motho a qetelle a li lemaletse, ebe ha nako e ntse e feta ha li sa sebetsa, ’me li ba le liphello tse kotsi. Tlas’a maemo a itseng, lithethefatsi tse joalo li ka ba molemo bakeng sa phekolo ea nakoana.

Kaha lefu la ho hlobaela le ka bakoa ke ho imeloa kelellong, ho nahanoa hore mokhoa o mong oa ho finyella boroko bo monate ke ho etsa hore pele u robala, u be le nako e khutsitseng le e thabisang. Ho ka ’na ha e-ba molemo ho behella matšoenyeho a letsatsi ka thōko ebe u etsa ho hong ho thabisang, ho kang ho bala. Ho na le molemo o hlakileng le o matla keletsong ena ea Bibele: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo . . . e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.”—Bafilipi 4:6, 7.

[Lebokose le leqepheng la 26]

A Mang a Maikutlo a Tloaelehileng a Fosahetseng

1. Ho noa lino tse nang le k’hafeine ke tsela e molemohali ea ho etsa hore motho a lule a falimehile leetong le lelelele ha a khanna.

Liphuputso li bolela hore hangata bakhanni ba ithetsa ka ho nahana hore ba falimehile haholoanyane ho feta kamoo ba hlileng ba falimehileng kateng. Haeba u ke ke ua qoba ho khanna nako e telele le hona bosiu, ho molemo hore nako le nako u eme sebakeng se sireletsehileng ebe u bo tsipa hanyenyane (ho tloha ka metsotso e 15 ho ea ho e 30), ebe ka mor’a moo ua tsamaea kapa ua matha ha ka nako e tšoanang u ntse u otlolla mesifa ea matsoho le ea maoto.

2. Haeba ke e-na le bothata ba ho robala, ho re shoa! nako le nako ke karabo.

Mohlomong ho joalo, empa litsebi tse ngata li lumela hore mokhoa o motle ke oa ho robala nako e telele lihoreng tse ling le tse ling tse 24. Ho re shoa! hanyenyane har’a mpa ea motšehare (ka tloaelo metsotso e 15 ho ea ho e 30) ho ka thusa hore motho a falimehe motšehare oa mantsiboea kantle le hore motho a senye mokhoa oa hae oa ho robala nako e telelele. Empa ho re shoa! lihoreng tse ’nè tsa nako ea ho robala ho ka ’na ha e-ba kotsi phomolong e molemo ea bosiu.

3. Litoro tseo re li hopolang li kena-kenane le phomolo ea rōna e loketseng.

Litoro (tseo hangata li etsahalang mokhahlelong oa ha lithaka tsa mahlo li tsamaea) ke pontšo ea hore motho o phomotse hantle ’me ka tloaelo ho etsahala makhetlo a mane kapa ho feta nakong e tloaelehileng ea ha motho a robetse bosiu. Liphuputso li bontša hore litoro tseo re li hopolang ke tseo re ileng ra phaphama ho tsona, ebang ke nakong eo re ntseng re lora ka eona kapa metsotsong e seng mekae ka mor’a hore li fele. Ka lehlakoreng le leng, ho phofa ho ka ’na ha baka ho tšoenyeha ’me ha etsa hore ho be thata hore motho a boele a khalehe.

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Boroko bo monate bosiu bo etsa hore u phaphame le ho falimeha letsatsi lohle

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Hona joale litsebi tsa saense lia tseba hore boroko bo akarelletsa methati le mekhahlelo e sa tšoaneng

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

E-ba hlokolosi haholo ka ho noa lithethefatsi tse robatsang

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ba tsubang ba thatafalloa haholo ke ho khaleha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela