Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/11 leq. 20
  • Boroko—Ke ba Bohlokoa Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boroko—Ke ba Bohlokoa Hakae?
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boroko—Na ke Boiketlo Kapa Boa Hlokahala?
    Tsoha!—2003
  • Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang
    Tsoha!—2004
  • Bacha ba Lulang ba Otsela—Na See Sea Tšoenya?
    Tsoha!—2002
  • Lekunutu la ho Robala ha Liphoofolo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 1/11 leq. 20

Boroko​—Ke ba Bohlokoa Hakae?

● Liphuputso tse entsoeng morao tjena li bontša hore ka karolelano, batho ba Amerika Leboea ba robala lihora tse supileng ho isa ho tse supileng le halofo bosiu ka bong.a Boroko ke ba bohlokoa hakae? Ha motho a robetse, o feta mokhahlelong oa boroko o bitsoang ho tsamaea ha lithaka tsa mahlo ka potlako, o etsahalang ka mor’a metsotso e meng le e meng e 60 ho isa ho e 90 bosiu. Nakong eo, boko bo sebetsa ka matla, ’me bafuputsi ba nahana hore bo inchafatsa ka tsela e itseng. Litsebi tse ling li re ha motho a sa qete mokhahlelo ona ’me a felloa ke boroko, seo se bakela ’mele mathata a ntseng a eketseha. Tšebetso ea boko ea ameha, e leng se etsang hore motho a se ke a sebetsa hantle a be a tšoaroe ke maloetse a mang a mangata.

Lintho tse kang k’hafeine, ka nakoana li ka thibela lik’hemik’hale tse etsang hore motho a ikutloe a tšoeroe ke boroko. Leha ho le joalo, boko ba rōna bo etsa hore re tšoaroe ke boroko haeba re sa robala ka ho lekaneng ’me phello e ba hore re otsele. Ho latela The Toronto Star, “ho sa tsotellehe hore na u ntse u etsa eng, ha boko bo sa fumana boroko bo lekaneng bo tla ’ne bo etse hore ka nako e itseng u otsele ka metsotsoana e leshome ho isa nakong e fetang motsotso.” Ak’u nahane u khanna koloi e tsamaeang ka lebelo la lik’hilomithara tse 50 ka hora ebe u otsela ka metsotsoana e leshome. Ka nako eo, u tla be u tsamaile sebaka se bolelele bo fetang lebala la bolo ea maoto. Ho feta moo, ho se robale ka ho lekaneng ho ka boetse ha fokolisa tsamaiso ea hao ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, kaha ha u robetse ’mele o hlahisa lisele tsa mofuta oa T tse loantšang likokoana-hloko. Ha re robetse, ’mele ea rōna e boetse e hlahisa homone e bitsoang leptin e thusang ho laola takatso ea lijo. Ha e le hantle, ’mele o hloka hore u robale feela joalokaha o hloka hore u ikoetlise ka tsela e loketseng ’me u je lijo tse nang le phepo e nepahetseng.

Na mosebetsi o mongata o u sitisa ho robala ka ho lekaneng? Kapa na u sitisoa ke matšoenyeho a bophelo le ho ameha ka lintho tseo u li bokeletseng bakeng sa nako e tlang? Morena Solomone ea bohlale o kile a re: “Boroko ba ea sebeletsang bo monate, ho sa tsotellehe hore na ke ho honyenyane kapa ho hongata hoo a ho jang; empa lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.”—Moeklesia 5:12.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheba lihlooho tse buang ka boroko Tsoheng! ea February 8, 2004, leqepheng la 21-30.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela