Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 12/8 maq. 16-17
  • Lekunutu la ho Robala ha Liphoofolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lekunutu la ho Robala ha Liphoofolo
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bo-’mampoli ba Boroko
  • Na li Robala ‘li Ntse li Fofa’?
  • Ho Phomola ka Tlas’a Metsi
  • E Lula e Shebile ka Leihlo le le Leng
  • Boroko—Na ke Boiketlo Kapa Boa Hlokahala?
    Tsoha!—2003
  • Boroko—Ke ba Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—2011
  • Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang
    Tsoha!—2004
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Boroko ba Hao
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 12/8 maq. 16-17

Lekunutu la ho Robala ha Liphoofolo

KA MONGOLLI OA TSOHA! KENYA

BOROKO—re qeta hoo e ka bang karolo ea boraro ea bophelo ba rōna re phomotse. Ho e-na le hore e be tšenyo ea nako, ho bonahala ho robala ho khotsofatsa litlhoko tse ’maloa tsa bohlokoa ’meleng le kelellong. Kahoo, boroko bo ka talingoa e le mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo.—Bapisa le Pesaleme ea 127:2.

Ha ho makatse hore ebe boroko bo boetse bo phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba phoofolo. Ka sebele, mefuta e mengata e robala ka litsela tse hlollang, ka linako tse ling e le tse qabolang ’me hangata e le tse sa tloaelehang. A re ke re shebeng mehlala e seng mekae.

Bo-’mampoli ba Boroko

Motho leha e le mang ea kileng a bona tau e robetse e kakaletse e shebisitse maoto holimo letsatsing le chesang la Afrika har’a mpa ea motšehare a ka ’na a etsa qeto ea hore katse ena e hlaha e thapile hoo e tšoanang le katse ea hae. Leha ho le joalo, ponahalo ea thetsa. Mongoli oa lekholong la bo17 la lilemo, Thomas Campion o ile a ngola: “Ke mang ea ka itetang sefuba ho phephetsa tau e robetseng?” E, esita le tau e matla e hloka ho robala—hoo e ka bang lihora tse 20 ka letsatsi—e le hore e phele bophelo ba eona ba ho ja liphoofolo tse ling.

Hape nahana ka tuatara, phoofolo e botsoa e tšoanang le mokholutsoane e fumanoang New Zealand. E qeta hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng e phomotse. Tuatara e noaboloha hoo e bileng e khalehang e ntse e hlafuna lijo! Empa ka ho hlakileng ho robala hoo ha eona ka nako e telele ho na le melemo e itseng, kaha litsebi li hakanya hore li-tuatara tse ling li khona ho phela lilemo tse ka bang 100!

Ho tšoana le tšōmong ea Rip Van Winkle (ea motho ea ileng a qeta lilemo tse 20 a robetse eare ha a tsoha a fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe e fetohile), liphoofolo tse ling le tsona li qeta nako e telele li robetse. Ke tsela eo tse ngata tsa tsona li ipolokang mariheng a batang. E le hore e lokisetse ho ipata hoo, phoofolo e ipokella mafura a mangata ’meleng a tla e boloka e fepehile nakong eo e telele ea boroko. Leha ho le joalo, ke eng e thibelang phoofolo ee e robetseng hore e se bolaoe ke serame? Buka e bitsoang Inside the Animal World e hlalosa hore boko bo fetola lik’hemik’hale tse maling a phoofolo, bo hlahisa tsa mofuta o mong oo ka tlhaho o thibelang khoamo. Ha mocheso ’meleng oa phoofolo o theohela ho ba ka holimonyana ho ntlha ea khoamo, pelo e fokotsa lebelo la eona le tloaelehileng la ho otla; ho hema hoa fokotseha. Joale ho latela boroko bo tebileng, ’me e ka robala libeke tse ngata.

Na li Robala ‘li Ntse li Fofa’?

Liphoofolo tse ling li robala ka litsela tse sa tloaelehang. Nahana ka nonyana ea leoatle e bitsoang sooty tern. Ha lelinyane la sooty tern le tsoa ka sehlaheng, le fofela leoatleng ’me le lula le fofa joalo ka lilemo tse seng kae tse latelang! Kaha ha le na masiba a sa keneleng metsi ’me ha le na maoto a kopaneng joaloka a li-tern tse ling tse ka khonang ho lula holim’a metsi, sooty tern e qoba ho qoela ka leoatleng. E tsoma ka ho tšoasa litlhapi tse nyenyane ka holim’a metsi.

Empa e robala neng? Buka e bitsoang Water, Prey, and Game Birds of North America e re: “Ha ho bonahale eka li ka robala leoatleng kaha masiba a tsona a ka koloba ke metsi. Litsebi tse ling li bolela hore linonyana tsena mohlomong li robala li ntse li fofa.”

Ho Phomola ka Tlas’a Metsi

Na litlhapi lia robala? Ho ea ka The World Book Encyclopedia, har’a liphoofolo tse nang le lesapo la mokokotlo “ke linoha, linonyana le lianyesi feela tse robalang boroko ba sebele, bo fetolang tsela eo boko bo sebetsang ka eona.” Leha ho le joalo, litlhapi li thabela linako tsa phomolo tse kang tsa boroko—le hoja tse ngata li sa tutubale.

Litlhapi tse ling li robala ka lehlakore; tse ling, li qethohile kapa li otlolohile. Litlhapi tse ling tse sephara, joaloka flounder, li lula botlaaseng ba leoatle ha li sa robala. Ha li robetse, li phaphamala ka lisenthimithara tse seng kae ho tloha botlaaseng ba leoatle.

Tlhapi ea parrot e mebala-bala e na le tloaelo e ikhethang pele e robala: E apara “liaparo tsa bosiu.” Ha nako ea eona ea ho robala e atamela, e ntša ntho e lepolohang, e kang mamina, ho ikoahela ka eona ’mele kaofela. Ka sepheo sefe? Mongoli oa lintho tsa tlhaho Doug Stewart o re: “Mohlomong e le ho thibela hore tse jang tse ling li ka [e] nkhella.” E hlobola seaparo sa eona se kang mamina ha e tsoha.

Liqibi le tsona ka ho tšoanang li na le tloaelo e khahlang pele li robala. Li tlatsa ’metso ea tsona ka moea joaloka balune, li etsa ho kang baki ea pholoso ea tlhaho. Ha li phaphametse ka tsela ena, li ka khona ho robala li ntse li phaphametse li otlolohile ka metsing ’me linko tsa tsona li hlaheletse ka holimo hore li heme.

E Lula e Shebile ka Leihlo le le Leng

Ke ’nete hore ho robala hlatheng ho etsa hore phoofolo e hlaseloe ke tse jang tse ling habonolo. Kahoo, re ka re liphoofolo tse ngata li robala li shebile ka leihlo le leng. Boko ba tsona bo lula bo falimehile ho isa bohōleng bo itseng nakong ea ha li robetse, e leng ho li lumellang ho nka khato ka molumo leha e le ofe o ka ’nang oa bontša hore kotsi ea tla. Leha ho le joalo, liphoofolo tse ling li phela ka ho lula li hlahloba tšireletseho ea tsona. Ka mohlala, linonyana tse robalang e le sehlopha li tla tutubolla mahlo le ho qamaka nako le nako, li hlahloba hore na ha ho na kotsi.

Mehlape ea matsa kapa ea liqoaha, Afrika, le eona ka ho tšoanang ea lebelana nakong ea ha e phomotse. Ka linako tse ling, mohlape oohle o tla botha fatše o thamotse melala ho bontša ho falimeha. Nako le nako, phoofolo e le ’ngoe e tla ipitika fatše ’me e tjapalle fatše e ee le sephume sa boroko. Ka mor’a metsotso e seng mekae, e ’ngoe har’a mohlape le eona e tla robala.

Litlou le tsona li robala e le mohlape. Leha ho le joalo, hangata tse khōlō li sala li eme ’me li robala ka ho bo tsipa hanyenyane, li tutubolla mahlo nako le nako, li phahamisa le ho fora litsebe tsa tsona tse khōlōhali ho mamela melumo leha e le efe ea kotsi e ka tlang. Tlas’a tšireletso ea balebeli bana ba baholo, manamane a botha a lokolohile ’me a ea le sephume sa boroko. Bukeng ea hae e bitsoang Elephant Memories, mongoli Cynthia Moss o hopola a bona mohlape oohle o robala: “Ho qala manamane, ebe ho latela tse khōloanyane, ’me qetellong ebe tsohle tse tšehali tse khōlō lia botha ’me lia khaleha. Khanyeng ea khoeli li shebahala joaloka mafikahali a maputsoa, empa ho khona ha tsona ho tebileng ha khotso ho shanofatsa ponahalo eo.”

Ho ntse ho e-na le ho hongata hoo re lokelang ho ithuta hona ka mekhoa ea liphoofolo ea ho robala. Empa ha u nahana ka se batlang se le senyenyane seo re se tsebang, na ha u susumelletsehe ho nahana ka bohlale bo hlollang ba Ea ‘bōpileng lintho tsohle’?—Tšenolo 4:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela