Sekoloto sa Boroko—Na ke Bothata bo Hōlang?
BATHO ba limilione kajeno ba “sekolotong se seholo.” Sekoloto sena se ka tlatsetsa haholo ho bjaramaneng ha makoloi a bona, ho senyeng mesebetsi ea bona, esita le ho senyeng manyalo a bona. Se ka ama bophelo ba bona bo botle ba ’mele ka tsela e mpe hammoho le nako eo ba ka e qetang ba phela. Ke khaello e tlatsetsang ho hatelleng tsela ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, e etsang hore ’mele o pepesehele tšoaetso ea mafu a sa tšoaneng. Maemo a sa tšoaneng a kang lefu la tsoekere, lefu la pelo, le ho ba motenya ka tsela e feteletseng, hammoho le mathata a mang a bophelo, a ’nile a amahanngoa le sona. Leha ho le joalo, bahlaseluoa ba bangata ha ba ele sekoloto sena hloko.
Sesosa ke sekoloto sa boroko, se bakoang ke ha motho a sa fumane boroko bo lekaneng bo hlokahalang bakeng sa bophelo bo botle. Sena se ka bakoa ke ha motho a khetha ho itima boroko ka lebaka la tsela eo a phelang ka eona kapa ka ho se robale ka ho lekaneng e se ka boikhethelo, ka lebaka la ho kula.
Bafuputsi ba tsa bongaka ba hakanya hore ka karolelano, baahi ba lefatše ba robala nako e fokotsehileng ka hora bosiu ka bong ho feta kamoo ho hlokahalang kateng. Le hoja sena se ka ’na sa bonahala se le senyenyane, sekoloto sa lihora tse libilione tse tšeletseng ka bosiu bo le bong se entse hore ho be le liphuputso tse eketsehileng tabeng ea maloetse a sa tšoaneng a amanang le ho se robale le phello ea ’ona bolenng ba bophelo.
Lefatše la bongaka le kile la talima ho hlōleha ho robala ho tsoelang pele e le lefu le le leng feela leo ka tloaelo le bitsoang lefu la ho hlobaela. Leha ho le joalo, komisi e ileng ea thehoa ke U.S. Congress e ile ea thathamisa mafu a 17 a ikhethang a boroko. Leha ho le joalo, lefu la ho hlobaela le bakoa ke lintho tse ngata hoo hangata le nkoang e le letšoao la mathata a mang, joalo feela kaha feberu e le pontšo ea hore ho na le tšoaetso e itseng.
Leha ho le joalo, esita le ho itima boroko ka seoelo ho ka ba kotsi. Nahana ka taba ea Tom. Le hoja e ne e le mokhanni oa literaka ea nang le phihlelo, teraka ea hae e mabili a 18 e ile ea thula ’me ea oela ka nģ’ane ho tutulu e hahiloeng ka thoko ho tsela, ea qhalla lilithara tse 400 tsa sulfuric acid tseleng e khōlō. Tom oa lumela: “Ke ile ka robala.” Liphuputso tse entsoeng litseleng tse peli tse khōlō li hakanya hore bakhanni ba otselang ba bakile hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea likotsi tse bolaileng batho litseleng tseo tse khōlō.
Hape, nahana ka likotsi tsa ho ba haufi le basebetsi-’moho le uena ba tšoeroeng ke boroko mosebetsing. Ann Williamson, mofuputsi oa Australia, o re: “Ka mor’a lihora tse 17 ho ea ho tse 19 tsa ho se robale, mosebetsi [oa batho bao ho entsoeng liteko ka bona] o ne o tšoana kapa o le mobe ho feta oa motho eo [mali a hae a nang le tahi] e etsang karolo ea 0.05 lekholong.” Ka mantsoe a mang, batho bao ba ile ba itšoara joalokaha eka ba fihlile moeling oo linaha tse ling li o behileng ka molao hore na tahi e lokela ho ba kae maling a mokhanni, kapa ba ne ba bile ba o fetile! Kaha selemo le selemo ho etsahala likotsi tse makholo a likete tsa makoloi le tsa mesebetsing tse amanang le ho se robale, tahlehelo ea lintho tse hlahisoang le e bang teng malapeng lefatšeng ka bophara e khōlō haholo.a
Ke mabaka afe a ka ’nang a tlatsetsa sekolotong sa boroko? Le leng ke ketsahalo e sa tloaelehang ho batho eo hangata e bitsoang 24/7—ho sebetsa lihora tse 24 ka letsatsi, matsatsing a supileng a beke. USA Today e hlalosa sena e le “ho tsukutleha ha setso ho fetolang tsela eo re phelang ka eona,” e hlokomela hore “palo e ntseng e eketseha ea mabenkele le litšebeletso tse buloang lihora tse 24 e tlisa phaello ka ho hlokomoloha oache.” Linaheng tse ling batho ba shebella mananeo a thelevishene bosiu bohle le ho kena Interneteng ha ba lokela hore ebe ba robetse. Joale ho na le phello e kotsi e bakiloeng ke mafu a maikutlo, ao hangata a amanang le ho tšoenyeha ho mpefatsoang ke ho imeloa kelellong le ke lebelo leo lintho li etsahalang ka lona bophelong. Qetellong, ho na le mafu a sa tšoaneng a ’mele a ka tlatsetsang sekolotong sa boroko.
Lingaka tse ngata li bolela hore ho thata haholo ho etsa hore bakuli ba tsona ba nke sekoloto sa bona sa boroko e le ntho e tebileng. Ngaka e ’ngoe e ile ea belaela ka hore mokhathala o sa feleng ba bang ba bile ba o nka e le “letšoao la boemo bo itseng bo hlaheletseng.” ’Me kaha boemo ba bona hangata bo mpefala butle-butle, batho ba itimang boroko ba ka ’na ba se ke ba hlokomela hore ba tšoeroe ke lefu le tebileng la ho se robale. Ba bangata ba beha mabaka a hore, ‘Ke se ke tsofala’ kapa, ‘bophelo ha bo sa ntsamaela hantle, kahoo ha ke sa khona ho sebetsa’ kapa, ‘Ke lula ke khathetse linako tsohle hobane ha ke hlole ke fumana phomolo e telele eo ke e hlokang.’
Ho etsolla sekoloto sena sa boroko ke bothata bo rarahaneng. Empa ho utloisisa hore na ho etsahala’ng ha motho ea phetseng hantle a robetse le ho ithuta ho hlokomela matšoao a sekoloto sa boroko ho ka susumelletsa motho hore a fetohe. Habohlokoa le ho feta, ho hlokomela matšoao a lefu le tebileng la boroko ho ka pholosa bophelo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho lumeloa hore mokhathala o tlatselitse likotsing tse ngata tse mpe ka ho fetisisa lekholong lena la bo20 la lilemo. Bona Tsoha! ea February 8, 2001, leqepheng la 17.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Esita le ho itima boroko ka seoelo ho ka baka likotsi tse tebileng