Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 2/8 maq. 20-23
  • Ho Mamella ka Thabo Lefatšeng Lena le Phathahaneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Mamella ka Thabo Lefatšeng Lena le Phathahaneng
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boloka Bophelo bo Itekanetse ’me bo sa Tlala Lintho li Hana ho Fela
  • Baballa Nako ’me U Ipehele Lintho Tse Tlang Pele Bophelong
  • Boinyenyefatso le Bomoea
  • Qoba ho Tšoenyeha ’me U Fumane Khotso ea Sebele
  • Ntho ea Bohlokoa Haholo ho Feta Chelete
    Tsoha!—1991
  • Ho Sebetsana ka Katleho le ho Tata ha Kajeno
    Tsoha!—1987
  • Lelapa la Bokreste le Eteletsa Lintho tsa Moea Pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Molimo o Lebeletse Hore U Etse Eng?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 2/8 maq. 20-23

Ho Mamella ka Thabo Lefatšeng Lena le Phathahaneng

Batho Ba Bangata Ba Sebetsana Ka Katleho Le Likhatello Tsa Bophelo, Empa Ke Ba ’Maloa Ba Finyellang Seo Ba Thabile. Seo Se Hloka Mofuta O Khethehileng Oa Bohlale.

HA BUKA ea The 24-Hour Society e lumela sena, e re: “Re tlameha ho hlaolela bohlale ho sireletsa litlhoko le tlhaho ea motho lefatšeng la theknoloji leo re iketselitseng lona.”

Ho thabisang ke hore bohlale bo sebetsang bo fumaneha habonolo bukeng e abjoang ka ho fetisisa lefatšeng—e leng Lentsoe la Molimo, Bibele. E bululetsoe ke Ea utloisisang litlhoko tsa motho le tlhaho ea hae ka ho phethahetseng, Bibele e fupere melao-motheo e ipakileng e sebetsa. Ho sebelisa melao-motheo ena ho ka u thusa hore u laole bophelo ba hao ka ho eketsehileng, bonyane ho u fe thabo e itseng ha u ntse u sebetsana le bophelo bo phathahaneng ba lefatše lena la kajeno.—Esaia 48:18; 2 Timothea 3:16.

Melao-motheo ena e sebetsana le likarolo tse tharo tsa sehlooho. Ea pele, e bontša hore na ke likarolong life moo u ka fokotsang ka tsela e nang le kahlolo e molemo lintho tse sa hlokahaleng. Ea bobeli, e ka u thusa hore u ipehele lintho tse molemo tse tlang pele bophelong ba hao. Ea boraro, e fana ka pono ea moea bophelong e fapaneng hōle le pono e feletseng ea lefatše. Joale a re hlahlobeng likarolo tsena tse tharo.

Boloka Bophelo bo Itekanetse ’me bo sa Tlala Lintho li Hana ho Fela

Ak’u nahane u e-ea phomolong ea ho lula litenteng matsatsi a ’maloa. U batla ho ea iketla, ka hona, u nka tente e khōlō hammoho le lisebelisoa tsohle tse ka nahanoang. U boetse u tlatsa tereilara ka thepa ea ka tlung, thepa ea ho pheha, sehatsetsi, jenereitara e nyenyane, mabone, TV le lintho tse ling tse ngata tse kopanyelletsang lijo. Leha ho le joalo, u nka nako e ngata ho theola le ho beha lintho tsena hantle! Joale, qetellong ea nako ea hao e khutšoanyane ea phomolo, u boetse u nka nako e ngata ho li paka—re se re sa re letho ka ho ea khutlisetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe malulong ha u fihla lapeng. Ha u se u nahana ka hona, ua hlokomela hore ha ua ba le nako e lekaneng bakeng sa ho thabela ho lula litenteng! Ua ipotsa hore na ebe boiteko boo bo bile molemo kapa che.

Ho batho ba limilione kajeno, bophelo ka bobona bo tšoana le leeto leo le lenyenyane la ho ea phomola litenteng. Ba senya nako e ngata feela ba batla le hona ho boloka lintho tse bonahalang tse se nang palo tseo lefatše lena le ratang hore re lumele hore rea li hloka bakeng sa ho ba ba thabileng. Ho fapana le seo, Jesu Kreste o itse: “Esita leha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) E, boleng ba bophelo ha bo lekanngoe ka leruo la lintho tse bonahalang. Ha e le hantle, hangata maruo a eketsa khatello le matšoenyeho a bophelo. Moeklesia 5:12 e re “lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.”

Ka hona, nahana ka botebo ka lintho tseo u nang le tsona ’me u ipotse, ‘Na ntho ee e hlile ea hlokahala, kapa e mpa e tlatsitse sebaka feela? Na e ntlafatsa boleng ba bophelo ba ka kapa e utsoa nako ea ka ea bohlokoa?’ Selelekela sa buka ea Why Am I So Tired?, e ngotsoeng ke Leonie McMahon ea hlokomela: “Ho qaptjoa ha lisebelisoa tse sa tšoaneng, tse etselitsoeng ho fokotsa mosebetsi o boima o etsoang lapeng, ho entse hore basali ba tlamehe ho ea batla mosebetsi e le hore ba khone ho li reka le ho li boloka li sebetsa.”

Ha u nolofatsa bophelo ba hao, u eketsa nako ea ho ba le lelapa, metsoalle le nako ea hao ka bouena. Nako eo ke ea bohlokoa thabong ea hao. U se ke ua tšoana le ba hlokomelang e se e le morao haholo bophelong hore metsoalle le lelapa ke ba bohlokoa ho feta ntho leha e le efe—’me ba thahasellisa—ho feta chelete kapa thepa. Batho ke bona feela ba ka u ratang. Ho ba le liak’haonte bankeng, ho ba le mangolo a bopaki ba hore u na le matsete, lik’homphieutha, lithelevishene le lisebelisoa tse ling, le hoja li ka ’na tsa e-ba le sebaka sa tsona, ke bokaholimo ba bophelo, eseng bokahare ba bona. Ba etelletsang lintho tse joalo pele ba nkela bophelo ba bona fatše ’me ba qetella ba sa khotsofala kapa ba hloname.—1 Timothea 6:6-10.

Baballa Nako ’me U Ipehele Lintho Tse Tlang Pele Bophelong

Ka tsela e itseng, ho baballa nako ho tšoana le ho leka-lekanya tšebeliso ea chelete. Haeba u leka ho patisa lintho tse ngata lihoreng tse fokolang tseo u nang le tsona, ha u phele tumellanong le nako eo u nang le eona. Joang kapa joang bophelo bo joalo bo lebisa tsielehong, khatellong ea kelello le mokhathaleng. Ka hona, ithute ho ba le lintho tse tlang pele bophelong.

Ntlha ea pele, fumana hore na lintho tseo e leng tsa bohlokoa haholoanyane ke life ’me u li fe nako e lekaneng. Ho Bakreste, lithahasello tsa moea kamehla e ba tsona tse tlang pele. (Matheu 6:31-34) Haeba lintho tsa bohlokoa li etsoa ka lepotlapotla kapa li okoloa ka holimo, hangata ho latela mathata a tebileng. Ka hona, u ka ’na ua tlameha ho tlosa ntho leha e le efe e jang nako empa e se na molemo.

Ha u ipehela lintho tse tlang pele bophelong, nahanela boinotši bo fokolang boo u bo hlokang—nako ea ho thuisa ka ho teba le ho imatlafatsa. Koranta ea Psychology Today e re “ho ba le nako e nang le morero ea boinotši ke sematlafatsi se hlokahalang lefatšeng lena la kajeno le potlakileng ho tlōla. . . . Nako ea boinotši e matlafatsa bophelo.” Batho ba phathahaneng haholo hoo ba sitoang ho thuisa lintho ba ka ba le boikutlo ba ho okola lintho ka holimo bophelong.

Boinyenyefatso le Bomoea

Boinyenyefatso le bomoea ke lintho tse peli tsa bohlokoa tseo u ka bang le tsona ha u phela bophelo bo thabileng, bo itekanetseng. Boinyenyefatso ke ba bohlokoa hobane bo u thusa hore u qobe mojaro le boikarabelo tse feteletseng mosebetsing. Haeba u inyenyefatsa, u tla tseba maemo ao u lokelang ho hana ho sebetsa nako e eketsehileng tlas’a ’ona kapa ho etsa mesebetsi e meng e ka jang nako ea ntho e itseng ea bohlokoa. Batho ba inyenyefatsang ha ba honohele seo ba bang ba nang le sona le seo ba se etsang; ka hona, ba batla ba ikhotsofaletse. Boinyenyefatso ba sebele le bona ke karolo ea bomoea, e leng senotlolo se seng sa bohlokoa ho laoleng bophelo ba rōna haholoanyane.—Mikea 6:8; 1 Johanne 2:15-17.

Bomoea bo itšetlehileng tsebong e nepahetseng ea Bibele bo etsa hore u be motho ea nang le temohisiso le ea hlokolosi haholoanyane—motho ea sa thetsoeng habonolo ke litlhaloso tse se nang thuso tsa lefatše lena bakeng sa ho ba ea atlehileng. U mamela keletso e bohlale ea 1 Bakorinthe 7:31: “Ba sebelisang lefatše [a] ba be joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo; etsoe boemo ba lefatše lena boa fetoha.” Bakreste ba ‘sebelisa lefatše’ ha ba itokisetsa hore ba be le lintho tse bonahalang le ba malapa a bona, empa ha ba lumelle lefatše lena hore le ba kometse. Baa tseba hore ha le fane ka tšireletso ea sebele, hore haufinyane le tla timetsoa le hore katleho ea sebele—tšireletseho le bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng—li itšetlehile ka kamano eo motho a nang le eona le Molimo. (Pesaleme ea 1:1-3; 37:11, 29) Kahoo, mamela keletso ea Jesu ’me u sebelise bohlale ka ho bokella “matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe.”—Matheu 6:20.

Qoba ho Tšoenyeha ’me U Fumane Khotso ea Sebele

Ha tsamaiso ena ea joale ea lintho e ntse e atamela bofelo ba eona, ha ho pelaelo hore khatello le lintho tse batlang nako ea hao li tla eketseha. Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore u loanele ho sebelisa keletso ee ea Bibele: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” Khotso e joalo e feta hōle se ka finyelloang ke motho leha e le ofe ea itšetlehileng ka ho feletseng lefatšeng ’me a sa bone bohlokoa ba thapelo.—Bafilipi 4:6, 7.

Leha ho le joalo, Jehova o tla etsa ho fetang ho u fa khotso ea kelello. O tla u thusa hore u jare boikarabelo ba hao letsatsi le leng le le leng haeba u ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena.’ (1 Petrose 5:7; Pesaleme 68:19) Ka hona ke habohlokoa ho mamela Molimo letsatsi ka leng ka ho bala karolo e itseng ea Lentsoe la hae. Ke mang ea ka khonang ho u fa keletso e molemo ho feta ’Mōpi oa hao? (Pesaleme ea 119:99, 100, 105) E, phihlelo e bontšitse hore ba behang Molimo pele bophelong ba bona ba thusoa haholo hore ba khone ho sebetsana ka katleho le bophelo ba lefatše lena bo maphathaphathe.—Liproverbia 1:33; 3:5, 6.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

Ipehele lintho tse tlang pele bophelong, ho kopanyelletsa ho khotsofatsa tlhoko ea hao ea boinotši le ea bomoea

[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]

Na u ka boloka bophelo ba hao bo itekanetse ’me bo sa tlala lintho li hana ho fela?

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Na u etelletsa pele lintho kapa batho?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela