Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 8/8 maq. 9-10
  • Ntho ea Bohlokoa Haholo ho Feta Chelete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntho ea Bohlokoa Haholo ho Feta Chelete
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlokoa ba Bohlale
  • Lintho tsa Bohlokoa tse Tlang Pele Bophelong ba Hao ke Life?
  • Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea
  • Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?
    Tsoha!—2007
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 8/8 maq. 9-10

Ntho ea Bohlokoa Haholo ho Feta Chelete

“Tsamaiso ea rōna e ’nileng ea susumetsa batho ho tloha mehleng e fetileng ho fihlela hona joale e hlile e thehiloe meputsong ea chelete ka ho felletseng.”

Psychology Today.

NANCY le Howard ba ne ba e-na le merero e meholo ha ba qeta ho nyalana ka 1989. Ba ne ba batla ntlo, ho ba le ngoana, likoloi tse ncha le ho ea phomolong e jang chelete e ngata haholo. Ba ne ba e-na le chelete ea ho etsa joalo. Empa ka tšohanyetso ka bobeli ba ile ba iphumana ba sa sebetse. Chelete eo ba neng ba e boloketse ho reka ntlo e ile ea sebelisetsoa rente.

Ka ho se kholisehe ka bokamoso, ba ile ba tlameha ho chechisetsa merero ea bona kaofela morao—ho kopanyelletsa le morero oa ho qala ho ba le bana. Nancy o re: “Lilemong tse hlano ho tloha hona joale, ha ke nahane hore re sa tla khutlela boemong boo re neng re le ho bona. Seo sohle se fetile ’me ha ke tsebe haeba boemo boo bo sa tla khutla hape.”

Sena se bontša hantle hakakang liphello tse kotsi tsa ho lahleheloa ke mosebetsi! Empa sena se boetse se bontša matla a thetsang a chelete. Se leng teng kajeno hosasane se ka ’na sa be se se se le sieo. Ka ho utloahalang, ho joalokaha Bibele e eletsa: “Chelete ea hao e ka fela ka ho panya ha leihlo, joaloka hoja eka e metse mapheo ’me e fofile joaloka ntsu.”—Liproverbia 23:5, Today’s English Version.

Ho amohela sebōpeho sa nakoana sa chelete ke taba eo ho leng bonolo ho e bua ka molomo feela. Mabapi le boikutlo bo tloaelehileng ka chelete, Psychology Today ea hlokomela: “Chelete ke tekanyo ea lefatše lohle. Re lekanya lintho ka eona, ’me hangata re lekanya lintho tseo ka likelellong tsa rōna ho fapana le tlalehong e ngotsoeng.” Takatso ea ho bokella chelete e ngata e entse hore esita le barui ba kule, ba be le khatello ea maikutlo le mafu a mang ao ka bosoasoi a ’nileng a bitsoa ntaramane ea leruo.

Bohlokoa ba Bohlale

Empa ho boetse ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo ho feta chelete. Bibele e hlalosa sena ho Moeklesia 7:12: “Bohlale ke tširelo, joale ka ha le eona chelete e le tširelo.” Joale temana ena e phaella ’nete e utloahalang ka bohlale ha e bontša hore bohlale bo phahametse chelete: “Bohlale bo phelisa ba bo ruileng.”

Bohlale bo akarelletsa ho khona ho tseba ho sebelisa kahlolo e molemo ha re tobane le maemo a phephetsang. Ha re talimane le ho felloa ke mosebetsi, kahlolo e molemo e tlameha ho re bolella hore lintho tsa bohlokoa bophelong ha li lekanngoe ka chelete. Kahlolo e molemo e tla boela e re thusa ho boloka lintho tsa bohlokoa tse tlang pele bophelong ba rōna boemong bo loketseng.

Lintho tsa Bohlokoa tse Tlang Pele Bophelong ba Hao ke Life?

Ke eng seo u se etelletsang pele bophelong ba hao? Na mosebetsi oa hao o bohlokoa ho feta lenyalo la hao? Na ntlo ea hao e bohlokoa ho feta bana ba hao? Na chelete e bohlokoa ho feta bophelo ba hao bo botle? Letsatsi le letsatsi re etsa liqeto tse thehiloeng linthong tsa bohlokoa tse tlang pele bophelong ba rōna. Ha re talimane le mathata a lichelete, lintho tsa bohlokoa joalo tse tlang pele bophelong ba rōna ke tsona tse tla rera seo re tla se etsa. Lintho tsa hao tsa bohlokoa tse tlang pele li likoloha ho eng?

Jesu Kreste o ile a re: “Ho thabile ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Mattheu 5:3, NW) Hlokomela hore Jesu o bontšitse hore tlhoko ea moea ke ntho ea bohlokoa e tlang pele bophelong, eseng ntho eo motho a ka e phehellang ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa ntse e itsamaela hantle bophelong ba motho.

Ke phephetso ho neha tlhoko eo ea moea boemo ba pele ha u le tlas’a khatello ea ho hlokomela lelapa la hao ka lintho tse bonahalang. Leha ho le joalo, Jesu o boletse hore ba etsang joalo ke ba thabileng. Le hoja ba amehile ka hore ba fumane seo ba ka iphelisang ka sona, ha ba bapisoa le ba bang ba lokolohile “likhathatsong tse ngata tsa kelello” tseo motho a li latsoang ha a etellelitse chelete pele bophelong ba hae. (1 Timothea 6:10, Phillips) Batho ba joalo ba boetse ba fumana matšeliso ha ba bala mantsoe a Davida joalokaha a ngotsoe ho Pesaleme ea 37:25, (BPN): “Nkile ka ba mocha, kajeno ke tsofetse, empa ha ke e-s’o bone ea lōkileng a lahliloe ke Morena, le litlōhōlō tsa hae li kōpa bohobe.”

Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea

Tlhoko ea motho ea moea ke ntho ea tlhaho. O hloka ho hongata ho feta lijo, liaparo le bolulo. Bomoea bo tsoela pele ho arabela lipotso tse kang, ‘Ke hobane’ng ha ke le mona?’ le, ‘Lefatše lena—hammoho le bophelo ba ka—li lebile hokae?’

Tšabo ea “tšenolo ea moruo” e susumellelitse batho ba bangata ho hlahlobisisa tlhoko ea bona ea moea. Newsweek ea tlaleha: “Thekiso ea libuka tsa boprofeta—libuka tse hlalosang liketsahalo tse teng hona joale e le lipontšo tsa Bibele tsa mehla ea bofelo ba lefatše—e eketsehile ka karolo ea 50 ho isa ho ea 70 lekholong ho feta selemong se fetileng.” Leha ho le joalo, bakeng sa ho khotsofatsa tlhoko eo ea moea, motho o tlameha ho batla tsebo e nepahetseng, eseng likhopolo tsa batho.

Re u mema hore u hlahlobe Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang. E na le bohlale bo sebetsang bo ka u thusang ho mamella likhathatso tsa bophelo. Ho feta moo, Bibele e u neha tsebo e nepahetseng ea se boleloang ke liketsahalo tsa kajeno tsa “mehla eo ho leng thata ho sebetsana le eona.” (2 Timothea 3:1, NW) U ka lokisetsoa thuto ea Bibele ea lehae e sa lefelloeng ka ho ngolla bahatisi ba makasine ona. Hona joale ho feta leha e le neng pele, ke nako ea ho batla bohlale bo sebetsang mehleng ea joale—le tsebo e nepahetseng ka bokamoso—tse tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lintho tsa moea li lokela ho nkoa joaloka letlotlo la bohlokoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela