“Metse e Meholo e Hōlang ka Sekhahla”
“Batho ba falla ho feta leha e le neng pele, ’me boholo ba ba tlohang mahaeng ho ea batla bophelo bo molemo ba fallela metseng e meholo.”
SENA ke se boletsoeng ke khatiso ea Foreign Affairs selelekeleng sa sehlooho sa eona se reng “Metse e Meholo e Hōlang ka Sekhahla Linaheng Tse Tsoelang Pele.” Ho latela sehlooho seo, batho ba bangata ba “hohetsoe ke mabone a khanyang, kapa ba qobeletsoe ho tloha libakeng tsa mahaeng ke moferefere oa lipolotiki le oa moruo, sepenya sa baahi le ho senyeha ha tikoloho.”
Hantle-ntle metse e meholo e hōla ka potlako hakae? Ba bang ba hakanya hore batho ba fihla metseng e meholo ka bongata bo boholo hoo e ka bang batho ba fetang milione ka beke! Linaheng tse tsoelang pele, metse e meholo e fetang 200 hona joale e na le baahi ba fetang milione. E ka bang 20 e fihletse limilione tse leshome! ’Me ha ho bonahale eka ho tla ba le phokotseho. Ka mohlala, nahana ka motse o moholo oa Lagos, o leng Nigeria. Ho latela tlaleho ea Worldwatch Institute, “ka 2015, Lagos e ka ’na ea be e le lehae la batho ba ka bang limilione tse 25, ho tloha boemong ba bo13 boo e leng ho bona hona joale lenaneng la metse e meholohali ho ea boemong ba boraro.”
Litsebi tse ngata li nka hore sena e tla ba bothata bakeng sa nako e tlang. Federico Mayor, eo e kileng ea e-ba motsamaisi-kakaretso oa United Nations Educational, Scientific and Cultural Organization o lemosa hore ka selemo sa 2035, “batho ba eketsehileng ba limilione tse likete li tharo ba tla be ba phela metseng e meholo e teng hona joale.” E le ho hlokomela baahi bana ba bangata ka tsela e tšosang, “lilemong tse mashome a mane tse tlang, re tla tlameha ho haha metse e meholo e sekete bakeng sa baahi ba limilione tse tharo, re haha e mashome a mabeli a metso e mehlano ka selemo.”
Litsebi li boetse li bolela hore baahi ba eketsehang ka potlako metseng e meholo ba e ama ka tsela e nang le liphello tse sa thabiseng lefatšeng ho pota. ’Me seo se akarelletsa metse e meholo linaheng tse atlehileng indastering. Ke mathata afe ao metse e meholo e tobaneng le ’ona, ’me see se ka u ama joang? Na ho bonahala ho e-na le tharollo haufinyane? Lihlooho tse latelang li hlahloba taba ena ea bohlokoa.