Pono ea Bibele
Na Litoro ke Melaetsa e Tsoang ho Molimo?
HO TLALEHOA hore moqapi oa lintho Elias Howe o ile a fumana khopolo ea ho qapa mochine oa ho rōka torong. Mongoli oa lipina Mozart o ile a hlalosa hore lihlooho tse ngata tsa lipina tsa hae li ile tsa tla ho eena ka litoro. Ka ho tšoanang setsebi sa k’hemistri, Friedrich August Kekule von Stradonitz, o hlalositse hore o ile a sibolla sebōpeho sa molek’hule oa benzini ka ho se bona torong. Ka sebele liketsahalo tse tšoanang le tsena hase tse ikhethileng. Ho pholletsa le histori batho ba litso tse ngata ba ’nile ba hlalosa litoro e le liketsahalo tse phahametseng tlhaho. Ba bang ba lumela hore lefatše la litoro le lefatše la sebele ka bobeli ke lintho tsa ’nete.
Bibele e fupere litlaleho tse ’maloa tseo ho tsona litoro li hlalosoang e le mohloli oa bohlokoa oa boitsebiso—e le mokhoa o mong oa ho buisana le Molimo. (Baahloli 7:13, 14; 1 Marena 3:5) Ka mohlala, Molimo o ile a buisana le Abrahama, Jakobo, le Josefa ka litoro. (Genese 28:10-19; 31:10-13; 37:5-11) Morena oa Babylona Nebukadnezare o ile a lora litoro tsa boprofeta tse tsoang ho Molimo. (Daniele 2:1, 28-45) Kahoo na ho ka ba le lebaka le utloahalang la ho lumela hore esita le kajeno litoro tse ling ke melaetsa e tsoang ho Molimo?
Litoro Tse Tsoang ho Molimo
Ka Bibeleng, litoro tse bululetsoeng ke Molimo kamehla li ne li e-ba teng ka lebaka le khethehileng. Ke ’nete hore ka linako tse ling motho ea lorang o ne a sa utloisise se boleloang ke toro hang-hang. Leha ho le joalo, hangata “Mosenoli oa liphiri” ka boeena o ne a fana ka tlhaloso e le hore ho se ke ha e-ba le pelaelo mabapi le se boleloang ke toro. (Daniele 2:28, 29; Amose 3:7) Litoro tse tsoang ho Molimo e ne e se tse sa hlakang le tse sa utloahaleng ka tsela eo hangata e tšoaeang litoro tse tloaelehileng.
Ka linako tse ling, Molimo o ne a sebelisa litoro ho sireletsa batho ba phethang karolo ea bohlokoa ho phethahaleng ha morero oa hae. Hase kamehla ba fumanang litoro tse joalo e neng e le bahlanka ba Molimo. Ka mohlala, linohe tsa linaleli tse ileng tsa etela ngoana e monyenyane Jesu ha lia ka tsa khutlela ho Heroda oa ’molai joalokaha a ne a kōpile. Hobane’ng? Li ile tsa fumana temoso torong. (Matheu 2:7-12) Sena se ile sa fa Josefa, ntat’a Jesu ea mo hōlisitseng, monyetla oa hore a balehele Egepeta le lelapa la hae, e le ha le eena a arabela tataisong eo a e fuoeng torong. Sena se ile sa pholosa bophelo ba Jesu e monyenyane.—Matheu 2:13-15.
Makholo a lilemo pejana, faro oa Egepeta o ile a lora litoro tsa liqoapi tse supileng tse nonneng tsa lijo-thollo le likhomo tse supileng tse nonneng ha li bapisoa le liqoapi tse supileng tse tšesaane le likhomo tse supileng tse otileng. Ka thuso ea Molimo, Josefa o ile a hlalosa litoro tseo ka nepo: Egepeta e ne e tla thabela lilemo tse supileng tsa nala tse neng li tla lateloa ke lilemo tse supileng tsa tlala ea boja-likata. Ho tseba sena esale pele ho ile ha fa Baegepeta monyetla oa ho lokisa le ho bokella liqubu tsa lijo. Ena e ile ea ipaka e le ketsahalo ea bohlokoa bakeng sa ho boloka litloholo tsa Abrahama le ho li tlisa Egepeta.—Genese khaolo ea 41; 45:5-8.
Ka ho tšoanang Morena Nebukadnezare oa Babylona o ile a ba le toro. E ne e bolela esale pele ka ho phahama le ho oa ha mebuso ea lefatše ea nakong e tlang e neng e tla ama batho ba Molimo ka ho toba. (Daniele 2:31-43) Hamorao, o ile a ba le toro e ’ngoe hape e neng e bolela esale pele ka ho otloa ha hae ka bohlanya le ho hlaphoheloa ha hae hamorao. Toro ena ea boprofeta e ne e e-na le phethahatso e khōloanyane, e neng e bontša ho thehoa ha ’Muso oa Bomesia, oo Molimo a neng a tla phethahatsa thato ea hae ka oona.—Daniele 4:10-37.
Ho Thoe’ng ka Mehla ea Kajeno?
E, Molimo o ile a buisana le batho ba bang ka litoro. Empa Bibele e bontša hore ena e ne e le ntho e etsahalang ka seoelo. Ha ho mohla litoro e kileng ea e-ba mokhoa o ka sehloohong oa ho buisana le Molimo. Ho ne ho e-na le bahlanka ba bangata ba Molimo ba tšepahalang bao le ka mohla ba sa kang ba fumana melaetsa e tsoang ho Molimo ka litoro. Ho sebelisa ha Molimo litoro ho buisana le batho ho ka tšoantšoa le ha A ne a arola Leoatle le Lefubelu ka lehare. Rea tseba hore o ile a etsa hoo hanngoe, empa ka sebele eo hase eona tsela eo a tloaetseng ho sebelisana le batho ba hae ka eona.—Exoda 14:21.
Moapostola Pauluse o ile a lumela hore mehleng ea hae moea oa Molimo o ne o sebetsa ho bahlanka ba hae ka litsela tse ngata tse sa tloaelehang. Pauluse o ile a re: “E mong ka moea o fuoa puo ea bohlale, e mong o fuoa puo ea tsebo ho ea ka moea o tšoanang, e mong o fuoa tumelo ka moea o tšoanang, e mong o fuoa limpho tsa lipholiso ka moea oo o le mong, hape e mong o fuoa liketso tsa mesebetsi e matla, e mong o fuoa ho profeta, e mong o fuoa temoho ea lipolelo tse bululetsoeng, e mong o fuoa maleme a fapaneng, ’me e mong o fuoa phetolelo le tlhaloso ea maleme.” (1 Bakorinthe 12:8-10) Le hoja litoro tse bululetsoeng ke Molimo li sa hlalosoa ka ho toba, ho totobetse hore Bakreste ba ’maloa ba ile ba amohela litoro tse bululetsoeng ke Molimo e le tse ling tsa limpho tsa moea ho phethahatsa Joele 2:28.—Liketso 16:9, 10.
Leha ho le joalo, ha a bua ka limpho tsena tse khethehileng moapostola o ile a re: “Ebang ho na le limpho tsa ho profeta, li tla felisoa; ebang ho na le maleme, a tla khaotsa; ebang ho na le tsebo, e tla felisoa.” (1 Bakorinthe 13:8) Ho hlakile hore har’a limpho tseo tse neng li “tla felisoa” ho ne ho e-na le mekhoa e fapaneng ea ho buisana le Molimo. Ka mor’a lefu la baapostola, Molimo o ile a khaotsa ho fa bahlanka ba hae limpho tsena tse khethehileng.
Kajeno litsebi li sa ntse li leka ho utloisisa tšebetso ea ho lora le hore na e na le molemo oa sebele. Bibele ha e fane ka leseli litabeng tse joalo. Leha ho le joalo, ho bao ba phehellang ho batla ho buisana le Molimo litorong tsa bona, Bibele e fana ka temoso. Ho Zakaria 10:2, e re: “Linohe li bone lipono tsa bohata, . . . ’me li tsoela pele ho bua litoro tsa lefeela.” Molimo o boetse o lemosa khahlanong le ho batla lipontšo mabapi le nako e tlang. (Deuteronoma 18:10-12) Ka lebaka la litemoso tsena, Bakreste kajeno ha ba lebelle ho amohela tataiso ea bomolimo litorong tsa bona. Ho e-na le hoo, ba nka litoro e le ntho feela e etsahallang motho ha a robetse.