Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 10/1 maq. 3-4
  • Re Tlameha Ho Lora

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Tlameha Ho Lora
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše la Litoro
  • Na Litoro ke Melaetsa e Tsoang ho Molimo?
    Tsoha!—2001
  • Litoro
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang
    Tsoha!—2004
  • Litoro Tse Tsoang ho Molimo
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 10/1 maq. 3-4

Re Tlameha Ho Lora

NA U ba le litoro? Ho molemo hore u lumele, kaha kaofela rea lora ha re robetse, esita le haeba re ka ’na ra nka hore ha re lore. Ho ’nile ha hakanngoa hore litoro tse fetang karolo ea 95 lekholong ha li hopoloe. Ke life tseo u li hopolang? Ha e le hantle, hangata re hopola tseo re bileng le tsona ha re le haufi le ho phaphama.

Bafuputsi ba ho lora ba fumane hore boroko ke ketsahalo e qalang e le sephume lihoreng tse seng kae tsa pele ’me e ntan’o fokotseha hamorao. Ho lora ho etsahala haholo nakong eo leihlo le chalatsang, e bitsoang boroko ba REM (rapid eye movement). Bona bo tla ka ho fapanyetsana le boroko boo e seng ba REM. Potoloho e ’ngoe le e ’ngoe ea boroko boo e seng ba REM le ba REM e tšoarella metsotso e ka bang 90, ’me lipotoloho tsena li pheta-phetoa ka makhetlo a mahlano kapa a tšeletseng nakong ea bosiu, ea ho qetela e etsahala ha re le haufi le ho tsoha.

Ke phoso ho nahana hore boko ba hao bo boemong bo tlaase ba tšebetso nakong eo u robetseng. Ho ’nile ha fumanoa hore boko bo mafolo-folo ha u lora ho feta maemong a mang a ha u shebile, ka ntle ho methapo e meng ea karolo e ka morao ea boko, e amanang le kelo-hloko le khopolo. Ho bonahala eona e phomola nakong ea boroko ba REM. Empa ka kakaretso lisele tsa methapo ea kutlo bokong li tsoela pele ho neheletsana boitsebiso.

Boko ba rōna ke karolo e ’ngoe ea ’mele e rarahaneng ka mokhoa o makatsang e nang le likaroloana tse limilione tse likete tse etsang melaetsa e ka bang lekholo ho isa ho makholo a mabeli kapa a mararo ka motsotsoana. Boko ba motho a le mong bo na le likaroloana tse ngata ho feta batho ba teng lefatšeng mona. Bafuputsi ba bang ba hakanya hore bo na le likaroloana tse tlohang ho limilione tse likete tse 20 ho ea ho tse ka holimo ho limilione tse likete tse 50. Ho rarahana ha bona ho tiisa seo mongoli oa Bibele Davida a ileng a se bolela mabapi le ’mele oa motho: “Ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka. Mesebetsi ea hao ea makatsa.”—Pesaleme ea 139:13, 14.

Lefatše la Litoro

Nakong ea ha re shebile, mecha ea rōna e mehlano ea kutlo e fetisetsa boitsebiso le litšoantšo bokong e sa khaotse, empa ha re robetse boemo e ba bo fapaneng. Boko bo iketsetsa litšoantšo ka bobona ntle le ho fepeloa boitsebiso leha e le bofe ke mecha ea kutlo. Ka lebaka leo, seo re se bonang le ho se etsa litorong, ka linako tse ling ke lipono tsa bohata tse itlelang kelellong feela. Sena se etsa hore ho bonahale eka hoa khoneha ho etsa lintho tse khahlanong le melao ea tlhaho, tse kang ho fofa joaloka Peter Pan kapa ho oela selomong u sa tsoe likotsi. Nako e ka ’na ea sokamisoa e le hore lintho tsa nakong e fetileng li bonahale eka ke tsa hona joale. Kapa haeba re leka ho baleha, ho bonahale eka re sitoa ho laola motsamao oa rōna—maoto a rōna a sa batle ho arabela. Maikutlo a tebileng le liphihlelo tseo e ka ’nang eaba re bile le tsona ha re shebile li ka ’na tsa ama litoro tsa rōna ’me li hlile lia li ama. Ba bangata ba kileng ba feta tlas’a maemo a bobatana bo tšosang ba ntoa ha ba a lebale habonolo, leha e le hore ba bang ba lebala boikutlo ba ho hlaseloa ke senokoane. Liphihlelo tse sisimosang joalo tsa ha re shebile li ka ’na tsa bitoha litorong tsa rōna, tsa re bakela litoro tse nyarosang. Lintho tse tloaelehileng tse lutseng ka likelellong tsa rōna ha re il’o robala li ka ’na tsa hlahella litorong tsa rōna.

Ka linako tse ling ha re leka ho rarolla bothata, tharollo e tla nakong eo re robetseng. Sena mohlomong se bontša hore hase nakong eohle ea boroko moo motho a lorang. Karolo e ’ngoe ea bona ke ea ho nahana.

Buka e ’ngoe e buang ka litoro le boko ba rōna e re: “Mosebetsi o tloaelehileng ka ho fetisisa oa kelello borokong hase ho lora empa ke ho nahana. Ho nahana borokong ha ho tsamaee le maikutlo a leshano ’me hase ho makatsang. Ho sekamela ho beng ntho e tloaelehileng feela, eo hangata e amanang le liketsahalo tsa sebele tsa nako e fetileng kapa tsa nako e tlang, ’me hangata ha ho thahasellise, ha ho bontše boqapi, ’me hoa ipheta-pheta.”

Batho ba bang ba nahana hore lintho tseo ba li lorang ke melaetsa e khethehileng e tlang ho bona. E le hore ba tle ba hlalosetsoe litoro, ba beha buka ea ho ngola lintlha pel’a libethe tsa bona e le hore ba ngole litoro tsa bona ha ba phaphama. Mabapi le ho sebetsa ha libuka tse lekang ho fana ka moelelo oa lipono tsa litorong, The Dream Game, ea Ann Faraday, e re: “Libuka tsa litoro tseo u shebang litlhaloso tsa lihlooho tsa litoro le meelelo ea tsona ho tsona ha li na thuso ka ho tšoanang, ebang ke tsa moetlo kapa ke tse thehiloeng likhopolong tsa kajeno tse amanang le kelello.”

Kaha ho bonahala hore litoro boholo li itšimolohela bokong ba rōna, ke ho sa utloahaleng ho nahana hore li na le melaetsa e khethehileng ho rōna. Re lokela ho li talima e le tšebetso e tloaelehileng ea boko e thusang ho bo boloka bo phela hantle.

Empa ho thoe’ng ka bao ba bolelang hore ba ile ba lora ka lefu la e mong oa beng ka bona kapa motsoalle ’me letsatsing le hlahlamang ba fumana hore motho eo o hlokahetse? Na seo hase bontše hore litoro li ka bolela bokamoso esale pele? Sehloohong se latelang, re tla hlahloba hore na ke eng e susumetsang litoro tsa boprofeta.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela