Na Litoro li ka Bolela Bokamoso Esale Pele?
HO TLOHA mehleng ea boholo-holo, batho ba ’nile ba e-ba le thahasello e khōlō litorong. Baegepeta ba ile ba ngola libuka tse khōlō tse hlalosang litoro, ’me Bababylona ba ne ba e-na le bahlalosi ba litoro. Har’a Magerike tloaelo e ne e le hore batho ba kulang ba robale tempelaneng ea Asclepius bakeng sa ho fumana litaelo tsa bophelo litorong tsa bona. Lekholong la bobeli la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, Artemidorus o ile a ngola buka eo a neng a fane ka litlhaloso tsa lipono tsa litoro ho eona. Libuka tse ling tse ngata tse tšoanang le eona tse ileng tsa ngoloa ho tloha nakong eo li ’nile tsa thehoa bukeng eo ea hae. Ho fihlela letsatsing lena, ho etsoa boiteko ba ho hlalosa litoro, empa na li hlile li fana ka leseli liketsahalong tsa nako e tlang?
E le hore li be le bohlokoa bo itseng bokamosong, li tlameha hore li susumelletsoe ke matla a phahameng. Ka Bibeleng re fumana liketsahalo tse ngata tseo ho tsona Molimo a ileng a fana ka matla a joalo. O ile a fana ka litoro tsa boprofeta ho bahlanka ba hae hammoho le ho ba bang ba neng ba sa mo rapele. Ha e le hantle, Jobo 33:14-16 e re: “Molimo o bua . . . ka litoro, ka lipono tsa bosiu, ha batho ba tšoeroe ke boroko, ’me ba robetse liphateng tsa bona. Ke moo o itšenolang ho batho.”
Molimo o ile a etsa sena tabeng ea Faro oa Moegepeta mehleng ea Josefa, ea ileng a phela lilemong tse fetang 1 700 pele ho Mehla e Tloaelehileng. Toro ea Faro e fumanoa ho Genese 41:1-7, ’me temaneng ea 25 ho ea ho ea 32, Josefa o e hlalosa e bolela esale pele lilemo tse supileng “tsa nala e kholo naheng eohle ea Egepeta,” li lateloa ke lilemo tse supileng tsa tlala. Josefa o ile a hlalosetsa Faro: “Seo Molimo o tlang ho se etsa o se bontšitse Faro.” (Genese 41:28) Toro eo e bile boprofeta ba se hlileng sa etsahala.
Morena ea phahameng oa Bababylona le eena o ile a ba le phihlelo e tšoanang. Nebukadnezare o ile a ba le toro e ileng ea mo tšoenya haholo, empa a sa e hopole. Kahoo o ile a bitsa linohe tsa hae hore li mo tsebise toro le tlhaloso ea eona. Ena e ne e le kōpo eo li neng li ke ke tsa tseba ho e phethahatsa.—Daniele 2:1-11.
Kaha Molimo o ne a file morena toro, O ile a nolofalletsa moprofeta Daniele ho koaholla toro le tlhaloso ea eona. Daniele 2:19 e re: “Eaba sephiri seo se senoleloa Daniele ponong ea bosiu.” Daniele o ile a lebisa tlotla ho Molimo ka toro ena: ‘Sephiri seo morena a kōpang koahollo ea sona, ha ho motho har’a ba-bohlale, leha e le ho baupelli, kapa ho linohe, kapa ho balepi ba linaleli, ea ka tsebang ho se senolela morena. Empa Molimo o teng leholimong o senolang liphiri, ’me o tsebisitse morena Nebukadnezare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla.’—Daniele 2:27, 28.
Ka linako tse ling Molimo o ile a fa batho ba hae litaelo a sebelisa litoro, ’me ka linako tse ling a ba tiisetsa kamohelo ea bomolimo kapa a ba thusa hore ba utloisise kamoo a ba tšehetsang kateng. Tabeng ea Jakobo, Molimo o ile a senola kamohelo ea hae ho eena ka ho sebelisa toro.—Genese 48:3, 4.
Ha Josefa, ntate oa Jesu oa mohōlisi, a hlokomela hore Maria e ne e le moimana, o ile a rera ho mo hlala. Eaba o fumana litaelo tsa hore a se etse joalo torong. Matheu 1:20 e re: “Ka mor’a hore a nahanisise ka lintho tsena, bonang! lengeloi la Jehova la bonahala ho eena torong, le re: ‘Josefa, mora oa Davida, u se ke ua tšaba ho isa Maria mosali oa hao lapeng, etsoe se emotsoeng ka ho eena se teng ka moea o halalelang.’” Hamorao o ile a fumana temoso torong: “Lengeloi la Jehova la bonahala ho Josefa torong, le re: ‘Tsoha, u nke ngoana e monyenyane le ’mè oa hae ’me u balehele Egepeta.’”—Matheu 2:13.
Litoro Tse sa Tsoeng ho Molimo
’Nete ea hore ho hlalosa litoro ho ne ho atile har’a batho bao e neng e se ba Molimo e bontša hore litoro ka kakaretso li ne li ke ke tsa nkoa e le litšenolo tse tšepahalang tsa bokamoso. Mehleng ea moprofeta oa Molimo, Jeremia, baprofeta ba bohata ba ne ba re: “Re lorile, re lorile.” (Jeremia 23:25) Sepheo sa bona e ne e le ho khelosa batho hore ba nahane hore Molimo o ne a bua ka bona. Mabapi le bo-ralitoro bao, Jeremia o ile a bululeloa ho re: “Hobane ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele: Le se ke la ’na la thetsoa ka baporofeta ba lōna ba har’a lōna, le ke linohe tsa lōna; le se ke la mamela balori ba lōna bao le batlang litoro ho bona. Hobane ba le porofetela ka leshano lebitsong la ka . . . , ho bolela Jehova.”—Jeremia 29:8, 9.
Kaha baprofeta bana ba bohata e ne e le “linohe,” e ka ’na eaba litoro tsa bona li ne li susumelitsoe ke makhotla a meea e khopo ka morero oa ho thetsa batho. Ntlha e tšoanang e bontšoa ke se boletsoeng ho Zakaria 10:2: “Literafime li boletse lefeela, linohe li bone lipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba li bolelang; ba tšelisa ka tsa lefeela.”
Diabolose ke mothetsi ea ka sehloohong eo ka lilemo tse likete-kete a ’nileng a sebelisa baeta-pele ba bolumeli hore ka bohata ba bolele hore Molimo o buile le bona ka lipono le litoro, feela joalokaha baprofeta ba bohata ba ile ba etsa mehleng ea Jeremia le Zakaria. Mabapi le batho ba joalo, mongoli ea bululetsoeng oa Bibele, Jude, o ile a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo: “Batho ba itseng ba kene ka sekhukhu bao e leng khale ba khethetsoe kahlolo ena ke Mangolo, batho ba se nang bomolimo, ba fetolang mosa o sa tšoanelang oa Molimo oa rōna boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng le ba ipakang ba se na ’nete ho eo e leng eena feela Monghali le Morena oa rōna, Jesu Kreste.” O ile a re batho bana, kamoo ho leng kateng “ba inehella litoro.”—Jude 4, 8.
Leka Lipolelo
Motho a ka ’na a bolela hore Molimo o buile le eena torong kapa hore litoro tsa hae ka liketsahalo tsa nako e tlang li ipakile e le ’nete, leha ho le joalo seo hase lebaka le lekaneng bakeng sa ho mo kholoa le ho mo latela ka bofofu. Hlokomela litaelo tse neng li ngoletsoe Baiseraele, tse fumanoang ho Deuteronoma 13:1-3, 5: “Ekare ha ho hlaha ha eno moporofeta, kapa molori oa litoro, ea u tsebisang pontšo, kapa mohlolo, ha pontšo eo, kapa mohlolo oo a u boleletseng oona, o etsahala, ’me a re ho uena: A re lateleng melimo esele, eo u sa e tsebeng, ’me re e sebeletse; u se ke ua mamela lipolelo tsa moporofeta eo, kapa tsa molori eo oa litoro . . . Empa moporofeta eo, kapa molori eo oa litoro, o tla bolaoa.” Molimo o ile a lumella batho ba joalo ho bua bohata e le ho leka botšepehi ba batho ba hae.
Ho e-na le ho lumela ntle ho mabaka lipolelo tsa bo-ralitoro ba maselamose, tsela e bohlale ke hore re hlahlobe lipolelo tsa bona e le hore re qobe ho khelosoa ke mothetsi ea ka sehloohong ea sa bonahaleng, ea “khelosang lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšenolo 12:9) Empa ke joang li ka hlahlojoang ka mokhoa o tšepahalang?
Lentsoe la Molimo le ngotsoeng ke tataiso ea bomolimo ho rōna eo re e filoeng ho re isa ’neteng. Mabapi le lona, Jesu Kreste o ile a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Kahoo rea eletsoa ho 1 Johanne 4:1: “Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo, hobane baprofeta ba bohata ba bangata ba kene lefatšeng.” Ha li bapisoa ka hloko le Bibele, lipolelo, lifilosofi le liketso tsa bona li tla hanyetsana le eona. Lentsoe la Molimo ke matla a ho laela mabapi le seo e leng ’nete.
Na ralitoro o bolela hore o na le tsebo e khethehileng, empa ha e le hantle a sebelisa bonohe kapa litsela tse ling tsa ho sebelisana le meea? Haeba ho joalo, Lentsoe la Molimo lea mo tsoa. “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea porofeta, leha e le ea botsang bafu; hobane bohle ba etsang litaba tseo, ba manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10-12.
Haeba a bolela hore o na le moea o sa shoeng ka ho eena, o hanyetsana le Lentsoe la Molimo le bolelang ka ho hlaka: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Na oa iphahamisa le ho ikhulela balateli? Matheu 23:12 ea lemosa: “Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa.” ’Me Liketso 20:30 e lemosa Bakreste: “Har’a lōna ka bolōna batho ba tla hlaha ’me ba bue lintho tse sothehileng ho ikhulela barutuoa ka mor’a bona.”
Na o buella liketso tse mabifi? Jakobo 3:17, 18 ea mo tsoa: “Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, bo ntan’o ba le khotso, kahlolo e molemo, ho itokisetsa ho mamela, ho tlala mohau le litholoana tse molemo, ho se khetholle ka leeme, ho se be le boikaketsi. Ho feta moo, litholoana tsa ho loka peō ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.” Na o batla ho fumana matla a ho laela lipolotiking kapa ho susumetsa lefatše? Lentsoe la Molimo le mo nyatsa ka matla, ha le re: “Mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” Kahoo Bibele e pepesa seo e leng bohata.—Jakobo 4:4.
Haeba motho a lora ka lefu la setho se seng sa lelapa kapa motsoalle, mohlomong ke ka lebaka la hore o ne a amehile ka motho eo. Hore motho eo mohlomong o hlokahetse hona bosiung boo toro e tlileng ka bona hase bopaki ba hore toro eo e ne e le ea boprofeta. Bakeng sa toro e ’ngoe le e ’ngoe ea mofuta oo e bonahetseng e le ea sebele, ho na le tse makholo tse sa phethahaleng.
Le hoja Molimo a ile a sebelisa litoro nakong e fetileng bakeng sa ho senola liketsahalo tsa boprofeta le ho fana ka litaelo nakong eo ho neng ho ngoloa Lentsoe la hae, ha ho hlokahale hore a etse joalo kajeno. Lentsoe leo le ngotsoeng le jere litaelo tsohle tse tsoang ho Molimo tse hlokoang ke moloko oa batho nakong ena, ’me boprofeta ba lona bo ama liketsahalo tsa nako e tlang e fetang lilemo tse sekete. (2 Timothea 3:16, 17) Kahoo re ka kholiseha hore litoro tsa rōna hase lipontšo tse tsoang ho Molimo mabapi le liketsahalo tsa nakong e tlang empa ke tšebetso e hlokahalang ea boko bakeng sa ho boloka likelello tsa rōna li phela hantle.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Joalokaha toro ea Faro e ile ea bontša se neng se tla etsahala, Lentsoe la Molimo le khantša leseli ka bokamoso ba rōna