Mekete e Tloaelehileng—Na ke Boithabiso bo Seng Kotsi?
MAHARENG a khoeli ea October, ho ba le phetoho e makatsang e qalang ho ba teng metseng e meng ea Fora. Lifensetere tsa mabenkele li tlala mekhabiso ea mekopu, lithotsela le litepo tsa likho. Barekisi ba lisuphamaketeng ba roala likatiba tse metlorutlo tse ntšo. E le ho lihela likhala, bana ba tlala-tlala literateng, ba kokota menyako le ho tšosa batho ba sa mameleng kōpo ea bona ea hore ba fuoe ho itseng “ho hlabosang.”
Mekhoa ena eohle e makatsang ke karolo ea mokete o bitsoang Halloween. Ha qalong e ne e nkoa e le letsatsi la phomolo la Maamerika, Halloween e ’nile ea namela lefatšeng lohle, ea tuma baneng le bathong ba baholo. Ho bonahala Fora e amohetse Halloween ka matsoho a mabeli. Ho latela khakanyo e ’ngoe, hoo e ka bang karolo ea boraro ea malapa a Fora e ile ea keteka ketsahalo ena selemong se fetileng. Koranta ea letsatsi le letsatsi ea Italy, La Repubblica, e bua ka tloaelo ena ea morao e le “leqhubu” le kupelitseng ka potlako hloahloa ea Italy. Koranta ea Nordkurier e bolela hore “baahi [ba Majeremane] ba eketsehileng ho feta leha e le neng pele ha ba batle ho hlōloa ke boithabiso bona bo tšosang.”
Hase Europe feela moo batho ba hapiloeng ke Halloween. Ho tloha Bahamas ho ea Hong Kong, Halloween e ketekoa ka cheseho. The International Herald Tribune e tlaleha hore selemong se fetileng, seteishene sa seea-le-moea sa Sri Lanka se ne se e-na le tlhōlisano ea “liresepe tse makatsang ka ho fetisisa tsa Halloween le tsa seboko se kenang pelong ka ho fetisisa sa batho ba bolaoang ka sehlōhō.” Halloween e boetse ea ata Japane, moo mekoloko ea batho ba ketekang Halloween e etsoang ke batho ba likete e ’nileng ea tšoareloa Tokyo.
Esita le likarolong tsa lefatše tseo Halloween e sa tloaelehang ho tsona, hangata ho ba le mekete e tšoanang le eona. Nakong ea Bosiu ba Guy Fawkes, Brithani, u ka bona sehlopha sa bana ba binang ba kōpang chelete le ho etsa liketso tse tšoanang le tse etsoang ka Halloween. Taiwan, ho na le Mokete oa Mabone a mebala-bala. Bana ba matha literateng ba nkile mabone a tšoantšetsang linonyana le liphoofolo. Mexico e na le letsatsi la eona la Día de los Muertos, kapa Letsatsi la Bafu, e leng mokete o ketekoang ho ea fihla le meeling ea Mexico le United States. Ho latela mongoli Carlos Miller, Maamerika a mang a Mexico a sa ntsane a “roala bo-mampokisi ba lehong ba bitsoang calacas ’me a tantše e le ho hlompha beng ka ’ona ba shoeleng.”
Batho ba bangata ba ka ’na ba talima mekete e joalo e le boithabiso bo se nang kotsi—e le monyetla oa hore bana le batho ba baholo ba apare ka tsela e sa tloaelehang le ho hloka boithibo. Leha ho le joalo, ho ba le pono e sa tsotelleng joalo ke ho hlokomoloha ’nete e ke keng ea latoloa ea hore mekete ena e simolohile boheteneng. Ka mohlala, Mokete oa Mabone oa Taiwan o qalile ha batho ba ne ba bonesa mabone moo ba batlang ho bona meea ea leholimo eo ba neng ba lumela hore e fofa sebakeng. Letsatsi la Bafu la Mexico le qalile neanong ea Maaztec ea ho hlompha bafu.
Ba bang ba ka ’na ba pheha khang ea hore tšimoloho ea mekete e kang ena ha e na thuso. Empa ipotse, ‘Na mekete e nang le tšimoloho e mpe joalo ka sebele e ka nkoa e se kotsi?’ Bo-rakhoebo ba buellang mekete ena bona ha ba tsotelle. Mabapi le Halloween, moemeli oa Cultural Institute of Barcelona, Spain, o re: “Ke mokete o thehiloeng haholo khoebong.” Selemong se fetileng, chelete e ileng ea kena ka lebaka la Halloween e hakanyelitsoe liranteng tse limilione tse likete tse 55 United States feela. Fora teng, feme e etsang liaparo tsa Halloween e bone ha khoebo ea eona e hōla ka makhetlo a imenneng halekholo ka lilemo tse tharo feela.
Empa na u lokela ho kopanela meketeng e joalo hobane feela e tloaelehile kapa hobane e kenya chelete e ngata? E le ho arabela potso ena, re tla hlahlobisisa mokete ona oa Halloween hantle.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mahata a entsoeng ka tsoekere a sebelisoang ka Letsatsi la Bafu Mexico
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
SuperStock, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Brithani, Bosiu ba Guy Fawkes bo ketekoa ka litetema tsa mollo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Hulton Getty Archive/gettyimages