Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 12/1 leq. 9
  • Ho Ikemela ka ho Tiileng Sekolong Hoa Putsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ikemela ka ho Tiileng Sekolong Hoa Putsoa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo e Leng ’Nete ka Halloween
    Tsoha!—2013
  • ’Nete ka Mekete e Tloaelehileng
    Tsoha!—2001
  • Mekete e Tloaelehileng—Na ke Boithabiso bo Seng Kotsi?
    Tsoha!—2001
  • Lebaka Leo ka Lona ke sa Ketekeng “Halloween”
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 12/1 leq. 9

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ho Ikemela ka ho Tiileng Sekolong Hoa Putsoa

BIBELE e boletse esale pele: “Bara ba hao kaofela e tla ba batho ba rutoang ke Jehova‚ ’me khotso ea bara ba hao e tla ba e khaphatsehang.” (Esaia 54:13, NW) “Bara ba hao kaofela,” ka tsela e batsi e ka sebelisoa ho sehlopha sohle sa bahlanka ba Molimo ba lefatšeng, ho akarelletsa le ba banyenyane haholo. Kajeno, batsoali ba Bakreste ba etsa bonnete ba hore bana ba bona ba ‘rutoa ke Jehova’ malapeng le libokeng tsa Bokreste.

Leha ho le joalo, Bakreste ba banyenyane ba tobana le liphephetso tse boima ha ba kena sekolo. Hangata ba fumana ho hlokahala hore ba ikemele ka ho tiileng motheong oa seo ba ithutileng sona Bibeleng. Ha ba etsa joalo, liphello e ka ba tse molemo ho liithuti le ho matichere ka ho tšoanang joalokaha ho bontšoa ke phihlelo e latelang e tsoang Micronesia.

Sehleke-hlekeng se senyenyane sa Tol, se ka bophirimela ho Pacific, se leng Lihleke-hlekeng tsa Chuuk, matichere a sekolo sa moo a ile a bolella bana bohle hore ba itokisetse mokete oa sekolo oa Halloween le ho nka karolo ho oona. Barutoana ba Lipaki ba ne ba hlokometse hore mokete oo o ka kopanyelletsa mekhabiso le liaparo tse tšoantšetsang lithōtsela, likoko le baloi—tseo kaofela li amanang le litloaelo tsa tšebelisano le meea. Bana bana ba ne ba ke ke ba nka karolo ka lebaka la matsoalo a bona.a

Ka lebaka la koetliso ea bona e thehiloeng Bibeleng eo ba e fumanang lapeng le phuthehong ea Bokreste ba ne ba tseba hore mekhoa e joalo ha e thabise Molimo, esita le haeba e etsoa ka morero oa boithabiso feela. Bakeng sa ho ba thusa ho hlalosa boemo ba bona ka ho hlakileng haholoanyane, bana bao ba ile ba mema Barak, e mong oa baromuoa ba Lipaki sehleke-hlekeng seo, hore a buisane le matichere a bona.

Ka mor’a hore matichere a utloe tlhaloso, a ile a lokisetsa seboka sa bobeli, seo ho sona Barak a neng a tla buisana le basebetsi bohle ba sekolo. Sebokeng sena, Barak o ile a fana ka lintlha ho bontša sebōpeho sa sebele sa Halloween. O ne a fumane boitsebiso ba hae ho lingoliloeng tse ngata tsa Watch Tower, esita le mehloling e meng esele. Matichere le batsamaisi ba ne ba hloletsoe ke seo ba neng ba ithuta sona mabapi le tšimoloho, histori le boleng ba bolumeli tsa mokete oo. Ba ile ba khetha ho tšoara seboka sa basebetsi bakeng sa ho etsa qeto mabapi le ho rarolla bothata.

Matsatsi a seng makae hamorao, ho ile ha phatlalatsoa qeto e neng e sa lebelloa. Litokisetso tsohle tsa Halloween li ne li tlohetsoe. Sekolo se ne se ke ke sa keteka Halloween selemong seo. Ho ile ha e-ba le phello e molemo hakaakang ka lebaka la boikemisetso ba Lipaki tsena tse nyenyane ba ho etsa se nepahetseng sekolong! Le ka mohla ha ho hlokahale hore bacha ba tšabe kapa ba hlajoe ke lihlong ho emela ’nete ea Bibele ka tieo.

Lefatšeng lohle, Lipaki tsa Jehova li ruta bana ba tsona hore ba sebetse ka thata sekolong. Lipaki tse nyenyane li boetse li koetlisetsoa ho phela ka melao-motheo ea Bibele le ho arolelana le liithuti tse ling tšepo le tumelo tsa tsona ha monyetla o hlaha. Esita le haeba liphello e le tse seng molemo kapa tse tlang ka potlako joalokaha ho etsahetse tabeng ena, bacha ba ka ba le kholiseho le khotsofalo tse tlisoang ke ho etsa se nepahetseng. ’Me habohlokoa ka ho fetisisa, ba ka kholiseha hore Ntate oa bona oa leholimo o thabisoa ke seo ’me o tla ba hlohonolofatsa bakeng sa ho mamela ha bona ka botšepehi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le Halloween le tšimoloho ea eona ea tšebelisano le meea, bona tokollo ea Tsoha! ea December 8, 1993, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela