Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 3/8 maq. 5-7
  • Ke Hobane’ng ha ba Khetha Botichere?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ba Khetha Botichere?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tichere e Susumetsoa ke Eng?
  • Botichere—Liphello le Likotsi Tsa Bona
    Tsoha!—2002
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Matichere?
    Tsoha!—2002
  • Botichere—Khotsofalo le Thabo
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 3/8 maq. 5-7

Ke Hobane’ng ha ba Khetha Botichere?

“Boholo ba matichere bo khethile mosebetsi ona hobane e le o thusang ba bang. [Botichere] ke ho itlama ho etsa phetoho bophelong ba bana.”—Teachers, Schools, and Society.

LE HOJA matichere a mang a etsa hore ho bonahale eka bo bonolo, botichere bo ka ba le litšitiso tse ngata tse lokelang ho hlōloa—ho sebetsana ka katleho le litlelase tse bang le barutoana ba bangata ho tlōla tekano, ho sebetsa haholo ka lipampiri, tsamaiso e thata, barutoana ba se nang tšebelisano-’moho le moputso o tlaase. Pedro, tichere ea Madrid, Spain, o re: “Ho hang ho ba tichere ha ho bonolo. Ho hloka boitelo bo boholo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata, ke ntse ke nka botichere e le mosebetsi o putsang ho feta mosebetsi leha e le ofe o mong lefatšeng la khoebo.”

Phephetso e ka ba matla likolong tsa metse-meholo linaheng tse ngata. Lithethefatsi, tlōlo ea molao, ho hlepha ha boitšoaro, ka linako tse ling le ho iphapanya ha batsoali, li ka ama ka ho teba boemo ba sekolo le boitšoaro ba sona. Borabele bo atile. Ka hona, ke hobane’ng ha batho ba bangata ba tšoanelehang ba khetha ho ba matichere?

Leemarys le Diana ke matichere New York City. Ba sebetsana le bana, ho tloha ka ba lilemo li ’nè ho fihlela ka ba lilemo li leshome. Bobeli ba bona ba tseba puo ea Senyesemane le ea Sepanishe ’me ba ruta haholo bana ba Masepanishe. Potso eo re ba botsitseng eona e bile e reng . . . 

Tichere e Susumetsoa ke Eng?

Leemarys o itse: “Ke susumetsoa ke eng? Ke lerato leo ke ratang bana ka lona. Kea tseba hore ho bana ba bang, ke ’na feela ea ba tšehelitseng boitekong ba bona.”

Diana o itse: “Ke ile ka ruta mochana oa ka ea lilemo li robeli, ea neng a e-na le bothata sekolong—haholo-holo tabeng ea ho bala. Ke ile ka khotsofala haholo ha ke bona eena le ba bang ba ithuta! Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke batla ho ruta, ’me ka tlohela ho sebetsa bankeng.”

Tsoha! e botsitse matichere a linaheng tse fapaneng potso eona eo, ’me likarabo tse latelang ke mohlala oa tseo re li fumaneng.

Giuliano, Motaliana ea lilemong tsa bo-40, o hlalositse: “Ke khethile mosebetsi ona hobane o ile oa nkhahla ha ke sa kena sekolo (ka ho le letona). Ke o nka e le o etsang hore motho a nahane le ho susumetsa ba bang. Cheseho eo ke qalileng ka eona e ile ea nthusa hore ke hlōle mathata ao ke ileng ka thulana le ’ona ha ke qala mosebetsi ona.”

Nick oa New South Wales, Australia, o itse: “Mesebetsi e ne e haella lefapheng la lipatlisiso tsa lik’hemik’hale leo ke neng ke ithutetse lona, empa ho ne ho e-na le menyetla e mengata lefapheng la thuto. Ho tloha ka nako eo, ke fumane hore ke thabela ho ruta, ’me ho bonahala le barutoana le bona ba thabela ha ke ba ruta.”

Mohlala oa batsoali hangata e ’nile ea e-ba tšusumetso e khōlō ho ba khethileng ho ba matichere. William oa Kenya o ile a arabela potso ea rōna tjena: “Takatso ea ka ea ho ruta e hlohlelelitsoe haholo ke Ntate, eo e neng e le tichere morao koana ka 1952. Lebaka le entseng hore ke tšoarelle mosebetsing ona ke ho tseba hore ke bōpa likelello tsa bacha.”

Rosemary, eo le eena e leng motho oa Kenya, o re boleletse: “Kamehla ke ’nile ka ba le takatso ea ho thusa batho ba se nang hona. Ka lebaka leo, ke ne ke sa tsebe hore na ke khethe ho ba mooki kapa tichere. Monyetla oa ho ruta o ile oa hlaha pele. Taba ea hore le ’na ke na le bana e ekelitse lerato la ka mosebetsing ona.”

Berthold oa Düren, Jeremane, o bile le lebaka le fapaneng la ho ruta: “Mosali oa ka o ile a nkholisa hore nka ba tichere e hloahloa.” ’Me ho fetse ha e-ba joalo. Oa phaella: “Mosebetsi oa ka o nthabisa haholo hona joale. Ntle le hore tichere e kholisehe hore thuto ke ea bohlokoa le hore e thahaselle bana, ho thata hore e ka ba tichere e hloahloa, e atlehang, e nang le cheseho le e khotsofetseng.”

Masahiro, tichere ea Japane ea Nakatsu City, o itse: “Ho ba le tichere e babatsehang selemong sa ka sa pele sekolong se mahareng ke hona ho ileng ha ntšusumelletsa hore ke be tichere. O ne a re ruta ka boitelo bohle. ’Me lebaka le ka sehloohong le entseng hore ke tsoele pele ka mosebetsi oa ka ke hobane ke rata bana.”

Yoshiya eo hona joale a leng lilemo li 54 ’me le eena e le oa Japane, o ne a sebetsa fekthering e neng e lefa chelete e ngata empa a ikutloa e le lekhoba la eona le la tsela ea ho ea teng letsatsi le letsatsi. “Ka letsatsi le leng ke ile ka ipotsa, ‘Ke tla tsoela pele ka bophelo boo ho fihlela neng?’ Ke ile ka etsa qeto ea ho batla mosebetsi o tla sebetsana haholo le batho ho e-na le lintho. Botichere boa ikhetha. U sebetsana le bacha. Ho tsamaisana le mosa.”

Valentina, oa St. Petersburg, Russia, le eena o ananela ho ba tichere. O itse: “Ke ikhethetse mosebetsi oa ho ruta. Ke bile tichere ea sekolo sa mathomo ka lilemo tse 37. Ke thabela ho sebetsana le bana, haholo-holo ba sa leng banyenyane. Ke rata mosebetsi oa ka, ’me ke lona lebaka le etsang hore ebe ha ke e-s’o tlohele mosebetsi.”

William Ayers, eo le eena e leng tichere, o ngotse: “Batho ba tla botichereng hobane ba rata bana le bacha, kapa ba rata ho ba har’a bona, ho ba bona ha ba e-ba le tsebo, ba hōla ’me ba khona ho iketsetsa lintho, ba tšoaneleha le ho ba matla lefatšeng. . . . Batho ba etsa mosebetsi oa ho ruta . . . e le mpho eo ba fanang ka eona ho ba bang. Takatso ea ka ha ke ruta ke ka tšepo ea ho etsa hore lefatše e be sebaka se molemonyana.”

E, ho sa tsotellehe mathata le litšitiso, basali le banna ba likete ba inehetseng ba rata mosebetsi oa botichere. A mang a mathata a maholo ao ba tobanang le ’ona ke afe? Sehlooho se latelang se tla sekaseka potso ena.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Litlhahiso Tsa Kamoo Tichere le Batsoali ba ka Bang le Puisano e Bulehileng Kateng

✔ Tseba batsoali. Sena hase ho senya nako. Ke ho sebelisa nako ka tsela e tla le tsoela molemo ka bobeli. Ke monyetla oa ho iketsetsa kamano e ntle le batho bao ho ka bang molemohali ho sebelisana le bona.

✔ Ha u bua le motsoali, ipehe boemong ba hae—u se ke ua mo nyenyefatsa kapa hona ho mo khella fatše. Qoba ho sebelisa mokhoa o itseng oa puo oo lōna le le matichere le buisanang ka oona.

✔ Ha u bua ka bana, bua haholo ka lintho tse ntle tseo ba li etsang. Ho babatsa ho sebetsa ho feta ho nyatsa. Hlalosetsa batsoali hore na a ka etsa eng ho thusa ngoana hore a atlehe.

✔ Fa batsoali monyetla oa ho bua, ’me u mamele ka hloko.

✔ Hlalohanya boemo boo ngoana a tsoang ho bona lapeng. Ha ho khoneha, mo etele habo.

✔ Beha letsatsi la hore na le kopane neng hape. Ke habohlokoa ho latella taba. Sena se bontša hore thahasello ea hao ke ea sebele.—E thehiloe boitsebisong ba Teaching in America.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

‘Ntate le eena e ne e le tichere.’—WILLIAM, KENYA

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Ke thabela ho sebetsana le bana.”—VALENTINA, RUSSIA

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

“Ho ruta hoa ikhetha. U sebetsana le bacha.”—YOSHIYA, JAPANE

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela