Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 3/8 maq. 7-11
  • Botichere—Liphello le Likotsi Tsa Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botichere—Liphello le Likotsi Tsa Bona
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hloka Tlhompho
  • Lithethefatsi le Pefo
  • Lithunya Sekolong?
  • Bana ba Bang le Masea
  • “Batho ba Phaha-phahameng ba Salang le Bana”
  • Ke Hobane’ng ha Matichere a Haella?
  • Matichere aa Haella, Barutoana ba Bangata
  • Ke Hobane’ng ha ba Khetha Botichere?
    Tsoha!—2002
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Botichere—Khotsofalo le Thabo
    Tsoha!—2002
  • Batsoali—E Bang ’muelli oa Ngoana oa Lōna
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 3/8 maq. 7-11

Botichere—Liphello le Likotsi Tsa Bona

“Ho lebeletsoe ho hongata haholo mosebetsing oa botichere, empa hangata matichere a itetseng a likolong tsa rōna a . . . rorisoa ke ba fokolang feela sechabeng bakeng sa boiteko ba ’ona.”—Ken Eltis, oa Univesithi ea Sydney, Australia.

HO LOKELA ho lumeloa hore “mosebetsi [ona] oa bohlokoa ka ho fetisisa,” ho latela kamoo o ’nileng oa hlalosoa kateng, o na le mathata a mangata—a kang moputso o monyenyane, maemo a tlaase a liphaposi tsa ho rutela; ho sebetsa haholo ka lipampiri, barutoana ba bangata ho tlōla; ho se hlomphuoe le boiphapanyo ba batsoali. Matichere a mang a sebetsana le mathata aa joang?

Ho Hloka Tlhompho

Re ile ra botsa matichere a mane a New York City hore na seo ba se nkang e le mathata a ka sehloohong ke sefe. A le ntsoe-leng, a ile a arabela: “Ho hloka tlhompho.”

Ho ea ka William oa Kenya, le Afrika lintho li fetohile tabeng ena. O itse: “Boitšoaro ba bana bo ntse bo hlepha. Ha ke sa hōla [hona joale o lilemong tsa bo-40], matichere a ne a balelloa har’a batho ba hlomphuoang haholo sechabeng sa Maafrika. Tichere e ne e talingoa ka linako tsohle e le mohlala o ka etsisoang ke bacha le ke batho ba baholo. Tlhompho ena ea fokotseha. Mokhoa oa bophelo oa bophirimela o ntse o hemela bacha butle-butle, esita le metseng ea mahaeng Afrika. Libaesekopo, livideo le lingoliloeng li hlahisa ho se hlomphe bolaoli e le ho bontša sebete.”

Giuliano, ea rutang Italy, oa tletleba: “Bana ba hahlameloa ke moea oa borabele, ho tella le ho se mamele, e leng lintho tse tletseng hohle sechabeng.”

Lithethefatsi le Pefo

Ka masoabi, lithethefatsi li fetohile bothata sekolong—bo boholo hoo tichere e ’ngoe ea United States, ebile e le sengoli, LouAnne Johnson, e ngolang: “Lenaneo la ho thibela tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le batla le rutoa likolong tsohle, ho tloha ka bana ba kereche. [Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.] Bana ba tseba lintho tse ngata ka lithethefatsi . . . ho feta le batho ba baholo.” Oa phaella: “Barutoana ba ikutloang ba lahlehile, ba sa ratoe, ba jeoa ke bolutu kapa ba sa sireletseha ke bona haholo ba lekang lithethefatsi.”—Two Parts Textbook, One Part Love.

Ken, tichere ea Australia, o ile a botsa: “Matichere a rōna a lokela ho etsa eng ka taba ea ngoana ea lilemo li robong ea rutiloeng ho sebelisa lithethefatsi ke batsoali ba hae, ’me hona joale e se e le lekhoba la tsona?” Michael, ea lilemong tsa bo-30, o ruta sekolong sa lithuto tse akaretsang Jeremane. Oa ngola: “Ha e le taba ea ho sebelisa lithethefatsi, bohle rea bona hore hoa etsahala; e mpa feela e le hore ke ka seoelo li fumanoang.” O boetse o bua ka ho haella ha taeo ’me o re ho “bonahala ka kakaretso boitšoarong bo senyang,” o bile oa phaella: “Litafole le mabota a netoa ka ho itseng, thepa ea senngoa. Barutoana ba bang bao ke ba rutang ba ’nile ba e-ba matsohong a sepolesa ka lebaka la ho utsoa mabenkeleng kapa lintho tse ling tse kang tseo. Hase feela bosholu likolong bo atileng hakana!”

Amira o ruta Seterekeng sa Guanajuato, Mexico. Oa lumela: “Re tobane le mathata a pefo le ho lemalla lithethefatsi tseo ka ho toba li amang bana malapeng. Ba phela tikolohong eo ho eona ba ithutang puo e litšila le lintho tse ling tse fosahetseng. Bothata bo bong bo boholo ke bofutsana. Le hoja mona sekolo se sa lefelloe, batsoali ba tlameha ho rekela bana libuka tsa ho ngolla, lipene le lintho tse ling. Empa lijo li tlameha ho tla pele.”

Lithunya Sekolong?

United States, liketsahalo tse sa tsoa ba teng tsa ho thunyana sekolong li totobalitse hore pefo e amang lithunya hase bothata bo fokolang naheng eo. Tlaleho e ’ngoe e re: “Ho hakanngoa hore ho tlisoa lithunya tse ka bang 135 000 likolong tsa sechaba tse ka bang 87 125 letsatsi le leng le le leng. E le ho fokotsa palo ea lithunya tse tlisoang likolong, ba boholong ba sebelisa mechine e llang ha e fumana libetsa, lik’hamera tse behileng leihlo, lintja tse koetliselitsoeng ho nkhella lithunya ka ho khetheha, ho phenyekolla libaka tseo barutoana ba behang lintho tsa bona ho tsona, karete ea boitsebahatso le ho thibela ho tla le mokotlana oa libuka sekolong.” (Teaching in America) Mehato e mekaalo bakeng sa tšireletseho e etsa hore motho a ipotse, E le hore re bua ka likolo kapa lichankana? Tlaleho e phaella ka hore barutoana ba fetang 6 000 ba lelekiloe likolong ka lebaka la ho tla le lithunya!

Iris, tichere ea New York City, o boleletse Tsoha!: “Barutoana ba kenya libetsa ka matšoephelele sekolong. Mechine e llang ha e khone ho fumana libetsa tsena. Ho senya thepa ke bothata bo bong bo boholo sekolong.”

Hona har’a moea ona o hlokang taolo, matichere a hlokolosi a loana ka thata ho fetisetsa ho barutoana thuto le litekanyetso tsa boitšoaro. Hase feela matichere a mangata a tepellang maikutlo le ho khathala ka ho feteletseng tjena. Rolf Busch, mopresidente oa Mokhatlo oa Matichere Thuringia, Jeremane, o itse: “Hoo e ka bang karolo ea boraro ea matichere a milione Jeremane e kulisoa ke khatello ea kelello. Mosebetsi o ba khathatsa ka ho feteletseng.”

Bana ba Bang le Masea

Bothata bo bong bo boholo ke ho ba mahlahahlaha ha bacha tabeng ea ho kopanela likobo. George S. Morrison, mongoli oa Teaching in America, o bua tjena ka naha eo: “Bacha ba ka etsang milione (karolo ea 11 lekholong ea banana ba lilemo li 15 ho ea ho tse 19) baa ima selemo le selemo.” Linaheng tsohle tse tsoetseng pele, United States ke eona e nang le palo e phahameng ka ho fetisisa ea bacha ba imang.

Boemo bona bo hatisoa ke Iris, ea itseng: “Sohle seo bacha ba buang ka sona ke ho kopanela likobo, le liphathi. Ho ba mathetse hloohong. Joale re buletsoe mocha oa Internet lik’homphieutheng tsa sekolo! Sena se bolela hore lihlopha li khona ho buisana ka mecha ea teng ea puisano le hona ho sheba litšoantšo tsa bootsoa.” Angel oa Madrid, Spain, o tlalehile: “Boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela likobo ke karolo ea bophelo ba barutoana. Re bile le barutoana ba banyenyane haholo ba ’nileng ba ima.”

“Batho ba Phaha-phahameng ba Salang le Bana”

Tletlebo e ’ngoe ea matichere ke hore batsoali ba bangata ha ba phethe boikarabelo ba bona ba ho ruta bana malapeng. Matichere a nka hore batsoali ke bona ba lokelang ho ruta bana ba bona pele. Mekhoa e metle le tlhompho li lokela ho qala lapeng. Hase feela Sandra Feldman, mopresidente oa American Federation of Teachers a reng “matichere . . . a lokela ho tšoaroa joaloka batho ba bang ba rutehileng, eseng joalokaha eka ke batho ba phaha-phahameng ba salang le bana.”

Hangata batsoali ba hlōleha ho tšehetsa taeo e fanoang sekolong. Leemarys, ea qotsitsoeng sehloohong se ka pele ho sena, o boleletse Tsoha!: “Haeba u ka tlaleha ngoana oa setlokotsebe ho mosuoe-hlooho, ho latelang ke ho hlaseloa ke batsoali!” Busch ea qotsitsoeng pejana ha a bua ka ho sebetsana le barutoana ba hlahisang mathata, o itse: “Bana ha ba sa koetlisoa malapeng. U ke ke ua hlola u nka hore bana ba bangata ba tsoa malapeng a nang le khōliso e ntle, e nang le kelello.” Estela oa Mendoza, Argentina, o itse: “Rōna matichere, re tšaba barutoana. Haeba ba fumana limaraka tse tlaase, ba re fereletsa ka majoe kapa baa re hlasela. Haeba re e-na le likoloi, baa li senya.”

Na hoa makatsa hore ebe linaheng tse ngata ho na le khaello ea matichere? Vartan Gregorian, mopresidente oa Carnegie Corporation ea New York o fane ka temoso: “Likolo tsa rōna [tsa United States] li tla hloka matichere a macha a ka bang limilione tse 2,5 lilemong tse leshome tse tlang.” Metse e meholo “e batla ka matla matichere a tsoang India, West Indies, Afrika Boroa, Europe le kae kapa kae moo matichere a hloahloa a ka fumanoang.” Leha ho le joalo, sena se bolela hore libaka tseo le tsona li ka ’na tsa haelloa ke matichere.

Ke Hobane’ng ha Matichere a Haella?

Yoshinori, tichere ea Japane e nang le phihlelo ea lilemo tse 32 o itse “botichere ke mosebetsi o phahameng o nang le tšusumetso e ntle, ’me bo hlomphuoa haholo sechabeng sa Majapane.” Ka masoabi, ha ho joalo lichabeng tse ling. Gregorian ea qotsitsoeng pejana le eena o re matichere “ha a fuoe tlhompho, tlhokomelo le moputso tse loketseng mosebetsi oo oa mangolo. . . . Botichere libakeng tse ngata [tsa United States] bo lefshoa hanyenyane ho feta mosebetsi leha e le ofe o hlokang motho ea nang le lengolo la thuto e phahameng la bachelor kapa la master’s.”

Ken Eltis ea qotsitsoeng qalong o ngotse: “Ho etsahala’ng ha matichere a fumana hore mesebetsi e mengata e sa hlokeng mangolo a phahameng joaloka a botichere e lefa haholoanyane? Kapa haeba bana bao a neng a ba ruta likhoeling tse leshome le metso e ’meli tse fetileng . . . ba se ba fumana chelete e ngata ho feta ea ’ona kapa ba haufi le ho feta moputso oa bona le pele lilemo tse hlano li fela? ’Nete eo e tlameha e etsa hore tichere e belaelle bohlokoa ba eona.”

William Ayers o ngotse: “Matichere a lefuoa hanyenyane haholo . . . Ka ho tloaelehileng, re lefuoa kotara ea se lefuoang babuelli ba molao, halofo ea se lefuoang ba bolokang libuka tsa khoebo, re lefshoa ka tlaase ho bakhanni ba literaka le basebetsi ba likepeng. . . . Ha ho mosebetsi o mong oa mangolo o hlokang ho hongata le o lefang chelete e nyenyane joaloka ona.” (To Teach—The Journey of a Teacher) Hona tabeng eo, Janet Reno, eo e kileng ea e-ba ’muelli-kakaretso oa molao oa United States, o itse ka November 2000: “Re ka romela batho khoeling. . . . Re lefa baatlelete ba rōna chelete e ngata. Ke hobane’ng ha matichere a rōna re sa a lefe hantle?”

Leemarys o itse: “Ka kakaretso, matichere ha a lefuoe hantle. Lilemo tsohle tseo ke li qetileng ke ithuta, ke ntse ke amohela moputso o tlaase haholo ka selemo mona New York City, tlas’a khatello le mathata ’ohle ao bophelo ba motseng ona o moholo bo li hlahisang.” Valentina, tichere ea St. Petersburg, Russia, o itse: “Mosebetsi oa botichere ke o se nang teboho ha ho tluoa tabeng ea moputso. Chelete e lefuoang kamehla e ’nile ea e-ba ka tlaase ho chelete e behiloeng e le eona e ka tlaase-tlaase e ka lefuoang basebetsi.” Marlene oa Chubut, Argentina, o ikutloa ka tsela e tšoanang: “Meputso e tlaase e re qobella hore re sebetse libakeng tse peli kapa tse tharo, re lule re matha re tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Ka sebele sena se fokotsa ho ba ha rōna ba hloahloa.” Arthur, tichere ea Nairobi, Kenya, o boleletse Tsoha!: “Ka lebaka la moruo o oang, bophelo ba ka ke le tichere bo bile thatanyana. Joalokaha matichere-’moho le ’na ba ka lumela, moputso o tlaase o ’nile oa nyahamisa batho hore ba se khethe mosebetsi ona.”

Diana, tichere ea New York City, o ile a tletleba ka mosebetsi o mongata oa pampiri o hlokang lihora tse ngata tsa matichere. Tichere e ’ngoe e ngotse: “Boholo ba nako bo qetoa ho etsoa ntho e tšoanang kamehla.” Tletlebo e ’ngoe e tloaelehileng e bile ena: “Mosebetsi oa ho tlatsa liforomo o mongata—letsatsi lena kaofela ho emellanoa le tsona.”

Matichere aa Haella, Barutoana ba Bangata

Berthold oa Düren, Jeremane, o ile a bua ka tletlebo e ’ngoe e tloaelehileng: “Barutoana ka tlelaseng ba bangata ho tlōla! Ba bang mona ba na le barutoana ba ka bang 34. Sena se bolela hore re sitoa ho ela hloko barutoana ba nang le mathata. Ha ba lemohuoe. Litlhoko tsa bona ka bomong lia hlokomolohuoa.”

Leemarys ea qotsitsoeng pejana o hlalositse: “Selemong se fetileng, bothata ba ka bo boholo ntle le ba batsoali ba sa hlokomeleng bana, e bile ba ho ba le barutoana ba 35 tlelaseng ea ka. Nahana feela u leka ho sebetsana le bana ba 35 ba lilemo li tšeletseng!”

Iris o itse: “Mona New York ho na le khaello ea matichere, haholo-holo a lipalo le a saense. A ka fumana mesebetsi e metle libakeng tse ling. Kahoo, ho hiriloe matichere a mangata motseng ao e seng a naha ena.”

Ntle ho pelaelo, botichere ke mosebetsi o hlokang boiteko bo bongata. Joale ke eng e bolokang matichere a le mafolofolo? Ke hobane’ng ha a peselelitse? Sehlooho sa rōna sa ho qetela se tla tšohla lintlha tsena.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Ho hakanngoa hore letsatsi le leng le le leng, ho isoa lithunya tse ka bang 135 000 likolong tsa United States

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ke Eng e Atlehisang Matichere?

U ka hlalosa tichere e hloahloa e le e joang? Na ke motho ea ka khonang ho etsa hore kelello ea ngoana e khone ho tšoara lintho le ho pasa litlhahlobo? Kapa ke motho ea rutang e mong ho ipotsa, ho nahana le ho ipehela mabaka? Ke ea thusang ngoana hore e be moahi ea molemo?

“Ha rōna joaloka matichere re lemoha hore re bo-mphato ba barutoana leetong lena le lelelele le le rarahaneng la bophelo, ha re qala ho ba fa seriti le tlhompho e ba loketseng, re kena tseleng ea ho ba matichere a tšoanelehang. Ho bonolo feela joalo—ho bile ho thata joalo feela.”—To Teach—The Journey of a Teacher.

Tichere e hloahloa e hlokomela bokhoni ba morutoana e mong le e mong ’me ea tseba hore na e etse eng ho bo hōlisa. William Ayers o itse: “Re tlameha ho fumana tsela e molemo, tsela e itšetlehileng ka matla, phihlelo, tsebo le bokhoni . . . Ke hopola boipiletso ba motsoali e mong oa Moindia oa Moamerika eo mora oa hae ea lilemo li hlano ho neng ho thoe ‘o lieha ho tšoara lithuto’: ‘Wind-Wolf o tseba mabitso a linonyana tse fetang mashome a mane le mekhoa ea tsona ea ho falla. Oa tseba hore ntsu e phelang hantle e na le setono se masiba a leshome le metso e meraro. Seo a se hlokang ke tichere e tla utloisisa moo matla a hae a fellang.’”

E le ho finyella ngoana ka mong hore a sebetse hantle, tichere e lokela ho tseba lithahasello kapa lintho tse susumetsang ngoana ka mong, le tse etsang hore a itšoare ka tsela e itseng. ’Me tichere e inehetseng e lokela ho rata bana.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

United Nations/Photo by Saw Lwin

[Lebokose le leqepheng la 11]

Na ho Ithuta ho Lokela ho Tlala ka Mesoaso?

Tichere William Ayers o ile a etsa lethathamo la likhopolo tseo e seng ’nete ka botichere. E ’ngoe ea tsona ke ho re: “Matichere a hloahloa a ruta ka tsela e etsang hore barutoana ba tšehe.” O tsoela pele: “Ho tšehisa hoa sitisa, hoa qabola. Metlae ea qabola. Mesoaso e ka tšehisa. Ho ithuta ho ka ama, ha monya, ha makatsa, ha ferekanya ’me hangata ho thabisa haholo. Haeba ho tšehisa, ho lokile. Empa hase hore ho tlameha ho tšehise.” Oa phaella: “Botichere bo hloka tsebo e ngata ka mefuta ea eona, bokhoni, tsebo ea mosebetsi, kahlolo e molemo le kutloisiso—’me bo hloka motho ea nahanang ka ho teba, ea tsotellang.”—To Teach—The Journey of a Teacher.

Sumio oa Nagoya City, Japane, o fumana bothata bona barutoaneng ba hae: “Barutoana ba bangata ba sekolo se phahameng ha ba na thahasello linthong tse ling ntle le ho ithabisa le ho etsa lintho tse sa hlokeng boiteko ba letho.”

Rosa, moeletsi oa barutoana Brooklyn, New York, o itse: “Boikutlo bo tloaelehileng ho barutoana ke ba hore ho ithuta hoa bora. Tichere ea bora. Ba nahana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho tšehisa. Ha ba elelloe hore moputso oa ho ithuta o itšetlehile ka boiteko ba bona.”

Ho rata monyaka ho etsa hore bacha ba thatafalloe ke ho etsa boiteko le ho itela. Sumio ea qotsitsoeng ka holimo o itse: “Ntlha ea bohlokoa ke hore ba sitoa ho nahanela bokamoso. Ke barutoana ba fokolang haholo ba sekolo se phahameng ba nahanang hore haeba ba sebetsa ka thata hona joale, seo se tla ba tsoela molemo ka moso.”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

DIANA, U.S.A.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

‘Tšebeliso ea lithethefatsi e tletse hohle empa ke ka seoelo haholo li fumanoang.’—MICHAEL, JEREMANE

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

“Re tobane le mathata a pefo le ho lemalla lithethefatsi tseo ka ho toba li amang bana malapeng.”—AMIRA, MEXICO

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

“Matichere . . . a lokela ho tšoaroa joaloka batho ba bang ba rutehileng, e seng joalokaha eka ke batho ba phaha-phahameng ba salang le bana.”—SANDRA FELDMAN, MOPRESIDENTE OA AMERICAN FEDERATION OF TEACHERS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela