Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 3/8 maq. 12-13
  • Botichere—Khotsofalo le Thabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botichere—Khotsofalo le Thabo
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Lebohile Matichere a Hao?
  • Botichere—Liphello le Likotsi Tsa Bona
    Tsoha!—2002
  • Ke Hobane’ng ha ba Khetha Botichere?
    Tsoha!—2002
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Matichere?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 3/8 maq. 12-13

Botichere—Khotsofalo le Thabo

“Se mpolokang ke le tichere ke eng? Le hoja botichere bo ka ba thata le hona ho khathatsa, se ntšusumetsang hore ke ’ne ke tsoele pele ke ho bona bana bohle ba thabetse ho ithuta le ho bona ha ba hatela pele.”—Leemarys, tichere ea New York City.

HO SA tsotellehe liphephetso tsohle, mathata le lintho tse soetsang, matichere a limilione lefatšeng ka bophara a phehella mosebetsi oa ’ona oo a o khethileng. Hape ke eng e susumetsang barutoana ba likete hore ba loanele ho fumana mangolo a botichere empa ba tseba hore ba ke ke ba nkeloa holimo hakaalo? Ke eng e ba bolokang e le matichere?

Inna, tichere ea Lerussia, o hlalositse: “Ke phihlelo e monate ho bona bana bao u kileng ua ba ruta e se e le batho ba baholo, ho utloa ba bolela kamoo seo u ba rutileng sona se bileng molemo kateng. Ho khothatsa haholo ha ba u bolella hore ba hopola ka lerato lilemo tseo ba li qetileng le uena.”

Giuliano, tichere e qotsitsoeng sehloohong se etellang sena pele o itse: “U khotsofala ka ho fetisisa ha u bona hore u atlehile ho tsosa thahasello ea barutoana thutong e itseng. Ka mohlala, ka mor’a hore ke hlalose ntlha e itseng ea histori, barutoana ba bang ba ile ba re: ‘Tsoela pele. Re bolelle ho eketsehileng!’ Lipolelo tsena tse itlelang feela li ka etsa hore hoseng ho lerootho ho hlake sekolong ha u lemoha hore u tsositse thahasello e ncha ho bacha. U thaba haholo ha u bona lifahleho tsa bona li tletse thabo ha ba utloisisa thuto eo u ba rutang eona.”

Elena ea rutang sekolong se seng Italy, o itse: “Ke lumela hore khotsofalo e fumanoa hangata linthong tse nyenyane tsa letsatsi le letsatsi, linthong tse fokolang tseo barutoana ba li finyellang, eseng tabeng ea ho pasa ka linaleli, e leng se etsahalang ngope setšoha.”

Connie, Moaustralia ea lilemong tse qalang tsa bo-30, o itse: “Ho thabisa haholo ha morutoana eo u ileng ua ba le kamano e haufi le eena ha u mo ruta a ipha nako ea ho u ngolla ’me a u bolella kamoo a ananelang boiteko ba hao kateng.”

Oscar oa Mendoza, Argentina, o ile a ba le maikutlo a tšoanang le ao: “Ho etsa hore ke ikutloe ke entse mosebetsi oa bohlokoa ha ke kopana le bana bao ke neng ke ba ruta seterateng kapa sebakeng leha e le sefe ’me ba bontša hore ba ananela seo ke ba rutileng sona.” Angel oa Madrid, Spain, o itse: “Ka mor’a ho tela karolo ea bophelo ba ka mosebetsing ona o babatsehang empa e le o thata, se nkhotsofatsang ka ho fetisisa ke ho bona bacha bao ke ba rutileng ba fetoha banna le basali ba khabane, ka lebaka la boiteko ba ka.”

Leemarys ea qotsitsoeng selelekeleng o itse: “Ka sebele ke nka matichere e le batho ba khethehileng. Hoa makatsa hore ebe le rōna re khethile ho jara boikarabelo bo boholo hakana. Empa haeba u ka etsa phetoho e itseng ea bohlokoa—ebang ke baneng ba leshome kapa ngoaneng a le mong—u phethile mosebetsi oa hao, ’me sena se tlisa thabo e fetisisang. U etsa sena ka thabo.”

Na U Lebohile Matichere a Hao?

Uena joaloka morutoana kapa motsoali, na u se u kile ua leboha tichere bakeng sa nako ea hae, boiteko le thahasello eo a e bontšitseng? Kapa hona ho romela lengolo le lekhutšoanyane le lebohang? Arthur oa Nairobi, Kenya, o ile a fana ka ntlha ena e utloahalang: “Matichere le ’ona aa thaba ha a babatsoa. ’Muso, batsoali le barutoana ba lokela ho ba nka e le ba bohlokoa haholo le ho nka mosebetsi oa bona e le oa bohlokoa haholo.”

LouAnne Johnson, eo e leng mohlophisi ebile e le tichere o ngotse: “Lengolong le leng le le leng leo ke le fumanang le buang hampe ka tichere, ke fumana a lekholo a buang hantle ka tichere, e leng ntho e tiisang maikutlo a ka a hore ho na le matichere a hloahloa a mangata ho feta a mabe.” Ho thahasellisang ke hore batho ba bangata ba hira lefokisi hore le “ba thuse ho fumana tichere e itseng e kileng ea ba ruta. Batho ba batla ho fumana matichere a bona ’me ba a lebohe.”

Matichere a rala motheo oa bohlokoa thutong ea motho. Esita le liprofesa tse ipabolang liunivesithing tse tummeng ka ho fetisisa li finyeletse sena ka lebaka la nako le boiteko ba matichere a tsona a ileng a tsosa le ho hōlisa takatso ea tsona ea thuto, tsebo le kutloisiso. Arthur oa Nairobi o re: “Batho bohle ba phahameng ba tsamaisang sechaba le ba mekhatlong e ikemetseng ba kile ba rutoa ke tichere neng-neng.”

Re lokela ho ananela hakaakang basali le banna bao ba ileng ba tsosa thahasello ea rōna, ba ileng ba susumetsa likelello le lipelo tsa rōna, ba ileng ba re bontša hore na re ka khotsofatsa lenyora la rōna la tsebo le kutloisiso joang!

Re lokela ho leboha Morupeli e Moholo, Jehova Molimo haholo hakaakang, ea ileng a susumelletsa hore ho ngoloe mantsoe aa a ho Liproverbia 2:1-6!: “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joaloka silevera, ’me u ntse u li batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo. Etsoe Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.”

Hlokomela lentsoe lena “haeba” le hlahang ka makhetlo a mararo litemaneng tseo tse susumetsang motho ho nahana ka ho teba. Nahana, haeba re ikemiselitse ho amohela phephetso eo, re ka “fumana tsebo ea Molimo”! Ntle ho tika-tiko, eo ke thuto e phahametseng tsohle.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Motsoali ea Thabileng

Lengolo le latelang le ile la fumanoa ke tichere e ’ngoe ea New York City:

“Ke rata ho u leboha ka botebo le ka pelo eohle bakeng sa seo u se etselitseng bana ba ka. Ka lebaka la tlhokomelo ea hao, mosa oa hao le tsebo ea hao, u ba thusitse hore ba finyelle moo ntle ho pelaelo ba neng ba ke ke ba finyella ha e ne e se ka uena. U entse hore ke be motlotlo ka bana ba ka—phihlelo eo nke keng ka hlōla ke e lebala. Ka pelo eohle, S. B.”

Na u tseba tichere eo u ka e khothatsang?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

‘U thaba haholo ha u bona lifahleho tsa barutoana li tlala thabo ha ba utloisisa thuto e ithutoang.’—GIULIANO, ITALY

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

‘Ho thabisa haholo ha morutoana a ipha nako ea ho u ngolla lengolo la kananelo.’—CONNIE, AUSTRALIA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela