Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 3/8 maq. 14-15
  • Maikutlo a ho ba Molato—Na Kamehla a Mabe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a ho ba Molato—Na Kamehla a Mabe?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba Molato ke Eng?
  • Maikutlo a ho ba Molato a ka ba Molemo
  • Pono e Leka-lekaneng ea Maikutlo a ho ba Molato
  • Shebela Pele Lefatšeng le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Na Ke Entse Sebe se sa Tšoareloeng?
    Tsoha!—1994
  • U se ke Ua Tela!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Nka Phela le ho Sareloa ha ka Joang?
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 3/8 maq. 14-15

Pono ea Bibele

Maikutlo a ho ba Molato—Na Kamehla a Mabe?

BATHO ba bangata kajeno ba talima maikutlo a ho ba molato e le a sa rateheng. Ba bang ba ikutloa joaloka rafilosofi oa Lejeremane Friedrich Nietzsche, ea itseng: “Ho ba molato ke boloetse bo tšabehang ka ho fetisisa bo kileng ba rena ho motho.”

Empa hona joale babatlisisi ba bang ba fihlela qeto e fapaneng. Susan Forward, eo e leng ngaka ea filosofi, setsebi se tsebahalang le mongoli ea tsebahalang machabeng, o re: “Ho ba molato ke karolo ea bohlokoa ea ho ba motho ea nang le maikutlo le ea ikarabellang. Ke kofuto ea letsoalo.” Kahoo, na maikutlo ’ohle a ho ba molato a mabe? Na ho na le maemong ao ho ’ona maikutlo a ho ba molato a ka bang molemo?

Ho ba Molato ke Eng?

Ho ikutloa motho a le molato ke boikutlo boo re eeng re be le bona ha re hlokomela hore re utloisitse motho e mong eo re mo tsotellang bohloko kapa haeba re hlōleha ho finyella litekanyetso tseo re ikutloang hore re lokela ho li finyella. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re, ho ikutloa motho a le molato ho tšoana le “boikutlo ba ho ba sekolotong hobane motho a le molato ka lebaka la ho hlōleha, ho ba le tšito, tlōlo ea molao, kapa sebe.”

Ka Mangolong a Seheberu, ho ikutloa motho a le molato ho ne ho amana le ho hlōleha ha Baiseraele ho phethahatsa Molao oa Molimo—’me litšupiso tse ka holimo ho halofo tse buang ka hona li fumanoa libukeng tsa Bibele tsa Levitike le Numere. Ntho e thahasellisang ke hore lentsoe lena ha le hlahe hangata ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Empa makhetlo a ’maloa ao le hlahang ka ’ona, ka tsela e tšoanang, le hlaha le amana le ho siteloa Molimo haholo.—Mareka 3:29; 1 Bakorinthe 11:27.

Ka bomalimabe, re ka ikutloa re le molato le haeba re hlile re se molato. Ka mohlala, haeba motho e le ea lulang a lebeletse phetheho ’me a ipehela litekanyetso tse phahameng haholo, ho hlōleha ho hong le ho hong ho ka qholotsa boikutlo bo sa tšoanelang ba ho ba molato. (Moeklesia 7:16) Kapa re ka lumella ho ikoahlaela phoso ho loketseng hore ho tote ho fihlela e e-ba maikutlo a ho ba lihlong ’me ra qetella re ikutloisa bohloko ka ho sa hlokahaleng. Ka hona, ke eng seo boikutlo ba ho ba molato bo khonang ho se finyella?

Maikutlo a ho ba Molato a ka ba Molemo

Ho ikutloa motho a le molato ho ka ba molemo bonyane ka litsela tse tharo. Ea pele, ho bontša hore re hlokomela litekanyetso tse amohelehang. Ho bontša hore letsoalo la rōna lea sebetsa. (Baroma 2:15) Ha e le hantle, buka e hatisitsoeng ke American Psychiatric Association e nka ho hloka boikutlo ba ho ba molato e le boitšoaro bo kotsi sechabeng. Ba nang le matsoalo a silafetseng kapa a shoeleng ha ba khone ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng, ’me seo se ka ba kotsi.—Tite 1:15, 16.

Ea bobeli, letsoalo le molato le ka re thusa ho qoba liketso tse sa lakatseheng. Feela joalokaha ho utloa bohloko ’meleng ho re lemosa hore ho na le kotsi e sokelang bophelo, ho utloa bohloko maikutlong ho amanang le ho ikutloa molato ho re lemosa hore ho na le bothata ba boitšoaro kapa ba moea bo hlokang tlhokomelo ea rōna. Hang ha re se re hlokometse bofokoli bona, re leka ho qoba ho ikutloisa bohloko, ho utloisa baratuoa ba rōna bohloko kapa ho utloisa ba bang bohloko ka nako e tlang.—Matheu 7:12.

Qetellong, ho ipolela molato ho ka thusa ea molato le ea entsoeng hampe. Ka mohlala, ho ikutloa ha Morena Davida a le molato ho ne ho tsamaisana le maikutlo a matla haholo a bohloko bo otlang pelo. O ile a ngola: “Ha ke ne ke khutsitse masapo a ka a ile a khathala ka lebaka la ho bobola ha ka letsatsi lohle.” Empa qetellong ha a bolela sebe sa hae ho Molimo, Davida o ile a khona ho bina ka thabo a re: “U tla mpota-pota ka mehoo ea thabo ea ho pholosa.” (Pesaleme ea 32:3, 7) Ho ipolela ho ka etsa hore esita le ea entsoeng hampe a ikutloe hantle hobane ho lumela molato ho ka kholisa ea entsoeng hampe hore ea molato o mo rata haholo hoo a ikoahlaelang bohloko boo a bo bakileng.—2 Samuele 11:2-15.

Pono e Leka-lekaneng ea Maikutlo a ho ba Molato

Bakeng sa pono e leka-lekaneng ea boikutlo ba ho ba molato, hlokomela phapang e teng le tsela eo Jesu le Bafarisi ba neng ba nka baetsalibe le sebe ka eona. Ho Luka 7:36-50, re bala ka mosali e mong oa moetsalibe ea ileng a kena ka tlung ea Mofarisi eo Jesu a neng a jella ho eona. A atamela Jesu, a hlatsoa maoto a hae ka meokho ea hae, ’me aa tlotsa ka oli e theko e boima.

Mofarisi enoa ea tletseng borapeli o ile a nka mosali eo joalokaha eka ha aa tšoaneloa ke tlhompho le tlhokomelo ea hae. O ile a ipolella: “Monna enoa [Jesu], haeba e ne e le moprofeta, a ka be a tseba hore na mosali ea mo amang ke mang le hore na ke oa mofuta ofe, hore ke moetsalibe.” (Luka 7:39) Ka potlako Jesu o ile a lokisa monahano oa hae. Jesu o ile a re: “Ha ua ka ua tlotsa hlooho ea ka ka oli; empa mosali enoa o ile a tlotsa maoto a ka ka oli e nkhang hamonate. Ka lebaka la sena, kea u bolella, libe tsa hae, le hoja li le ngata, li tšoaretsoe, hobane o ile a rata haholo.” Ha ho pelaelo hore mantsoe ana a ile a nyakallisa moea oa mosali eo ’me a hlasimolla pelo ea hae.—Luka 7:46, 47.

Ho hang Jesu o ne a sa khothaletse boitšoaro bo bobe. Ho e-na le hoo, o ne a ruta Mofarisi eo ea ikhohomosang hore bophahamo ba lerato ke bona bo lokelang ho susumelletsa batho ho sebeletsa Molimo. (Matheu 22:36-40) Ke ’nete, ho ne ho loketse hore mosali eo a ikutloe a le molato bakeng sa boitšoaro ba hae bo bobe ba nako e fetileng. Ho hlakile hore o ne a bakile, hobane o ile a lla, ’me ha aa ka a leka ho lokafatsa liketso tsa hae tsa nako e fetileng, ’me o ile a nka mehato e nepahetseng ea ho hlompha Jesu phatlalatsa. Ha a bona sena, Jesu o ile a re ho eena: “Tumelo ea hao e u pholositse; tsamaea ka khotso.”—Luka 7:50.

Ka lehlakoreng le leng, Mofarisi o ile a tsoela pele a mo khella fatše joaloka moetsalibe. Mohlomong o ne a tšepile ho etsa hore a se ke a lebala hore o ikarabella ho Molimo ’me a ikutloe a le molato. Empa ho etsa hore ba bang kamehla ba ikutloe ba le molato haeba ba sa etse lintho kamoo re nahanang hore ba lokela ho li etsa kateng hase ho bontša lerato, ’me qetellong ho sitisa pakane e habiloeng. (2 Bakorinthe 9:7) Litholoana tse ntle ka ho fetisisa li hlaha ha ho etsisoa Jesu—ka ho beha mohlala o metle, ka ho babatsa ba bang ka botšepehi, le ho bontša ho ba tšepa le hoja ka linako tse ling ho hlokahala khalemelo le keletso.—Matheu 11:28-30; Baroma 12:10; Baefese 4:29.

Kahoo, ho ikutloa motho a le molato ho ka ba hotle, ebile ho ka hlokahala, haeba re entse ntho e itseng e fosahetseng. Liproverbia 14:9 (Knox) e re: “Maoatla a bebofatsa molato o lokelang ho koaheloa.” Letsoalo le molato le ka re susumelletsa ’me le lokela ho re susumelletsa ho ipolela le ho nka mehato e meng e nepahetseng. Leha ho le joalo, kamehla lebaka la rōna le ka sehloohong la ho sebeletsa Jehova ha ea lokela ho ba hobane re ikutloa re le molato, empa e lokela ho ba ka lerato. (Jobo 1:9-11; 2:4, 5) Bibele e re tiisetsa hore haeba batho ba molemo ba khothatsoa ebile sena se ba khatholla likelellong, ba tla etsa sohle se matleng a bona. Ntho ea bohlokoa le ho feta, ba tla thabela ho se etsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela