Mesebetsi e Mengata ea Bo-’mè
Ka 4:50 hoseng Alex, lesea le ntseng le imetsoe ke boroko, oa lla ’me o tla lehlakoreng la ’mè oa hae, Helen. Bana ba bang ba babeli—Penny (ea lilemo li 5) le Joanna (ea lilemo li 12)—le monna oa hae, Nick, ba robetse. Helen o nka Alex o mo antšetsa betheng. Ha a sa khona ho khaleha.
Ka 5:45 hoseng Helen o nanyetsa kichineng, o etsa kofi, ’me oa bala.
Ka 6:15–7:20 hoseng Nick oa tsoha. Helen o tsosa Penny le Joanna, o etsa lijo tsa hoseng ’me o etsa mosebetsi o mong oa lapeng. Ka 7:15, Nick o ea mosebetsing ’me o siea Joanna sekolong. ’Mè oa Helen oa fihla hore a tl’o sala le Alex.
Ka 7:30 hoseng Helen o siea Penny kereche. Leeto la Helen la ho ea mosebetsing le etsa hore a be le nako ea ho nahana ka seo ho ba ’mè ho hlileng ho se bolelang. O re: “Ke mosebetsi o boima ka ho fetisisa oo nkileng ka o etsa.”
Ka 8:10 hoseng Helen o lula deskeng e tletseng mosebetsi. O amehile ka hore ha a ka ima hape a ka felloa ke mosebetsi. Lelapa le hloka meputso ea batho ba babeli.
Ka 10:43 hoseng Ha Helen a qeta ho beha mohala fatše—e le mohala o mabapi le bana ba hae—Nancy, mosebetsi-’moho le eena, oa mo khothatsa, o re: “U ba hōlisa hantle haholo.” Meokho ea keleketla marameng a Helen.
Ka 12:05 thapama Helen o nka sandwich ’me o nahana ka nako ea pele morali oa hae oa letsibolo a hlaha. Ka nako eo o ne a ee a ipolelle hore o tla etsa mesebetsi e itseng nakong ea hae e “itjang feela.” O phetha ka ho re: ‘Ke ne ke nahanne mohlolo!’
Ka 3:10 thapama Ka mor’a ho amohela mohala o tsoang hae ka makhetlo a ’maloa o mo bolellang lintho tse qabolang tseo Alex a li etsang, Helen o bua ka kamano e khethehileng eo a nang le eona le bana ba hae, o re: “Ha ho mang kapa mang eo nkileng ka mo rata ka tsela ena.” Boikutlo bona bo matla bo ile ba mo thusa ho hlōla mathata a sa lebelloang a ileng a hlaha qalong.
Ka 5:10 thapama Ka mor’a hore Helen a late Joanna, o phetha mabaka a ’maloa. O letsetsa Nick ho mo hopotsa hore ke eena ea lokelang ho lata Penny.
Ka 6:00–7:30 ka shoalane Ha Helen a se a le hae, o lokolla Nkhono ‘mosebetsing oa ho sala le Alex,’ o etsa mosebetsi oa lapeng le ho pheha lijo tsa mantsiboea. Ha Helen a botsoa hore na ngoana o hloka eng, oa feheloa ’me o re: “Ha ho letho leo ngoana a le hlokang haese nako eohle ea ’mè oa hae: matsoho a hae, ’mele le lebese le ho mo hlobaetsa boroko.”
Ka 8:30–10:00 mantsiboea Helen o thusa Joanna ka mosebetsi oa sekolo ’me o antša Alex. Ha Nick a ntse a balla Penny ka nako e etsang halofo ea hora, Helen o etsa mosebetsi o mong oa lapeng.
Ka 11:15 bosiu Ka mor’a hore Penny le Joanna ba robale, Alex o sa ntse a phaphame a sikiloe ke ’m’ae, empa o qetella a khalehile. Helen o bua le Nick ea imetsoeng ke boroko o re, “Ke nahana hore ke se nka mo robatsa.”