Pale ea Bophelo
Ho Hopola ’Mōpi oa Rōna ho Tloha Bocheng
JOALOKAHA HO BOLETSE DAVID Z. HIBSHMAN
“Haeba ke fihlile qetellong ea bophelo ba ka, ke na le tšepo e tiileng ea hore ke tšepahetse ho Jehova. Ke kōpa hore a hlokomele David oa ka. Jehova, ke u leboha ka ho mpha eena le ka lenyalo la rōna. E bile le babatsehang ruri, le thabileng ka sebele!”
NAHANA hore na ke ile ka ikutloa joang ha, ka mor’a ho pata mosali oa ka ka March 1992, ke fumana taba ena e le eona ea ho qetela e ngotsoeng bukaneng ea hae ea ho ngola liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi. Likhoeling tse hlano feela pele ho moo, re ne re ketekile boikhopotso ba selemo sa bo60 Helen a le tšebeletsong ea nako e tletseng.
Ke hopola hantle letsatsi le leng ka 1931 ha ’na le Helen re ne re lutse re bapile kopanong ea Columbus, Ohio, U.S.A. Helen o ne a e-s’o qete selemo sa bo14 hantle, empa o ile a ananela bohlokoa ba ketsahalo eo le ho mpheta. Cheseho ea Helen tšebeletsong e ile ea bonahala nakoana ka mor’a moo ha eena le ’mè oa hae oa mohlolohali e e-ba bo-pula-maliboho, e leng tsela eo baboleli ba evangeli ba nako e tletseng ba bitsoang ka eona har’a Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba tela lehae la bona le mabothobotho hore ba e’o bolela libakeng tse thōko tse ka boroa United States.
Lefa la ka la Bokreste
Ka 1910, batsoali ba ka ba ile ba falla Pennsylvania e ka bochabela le bana ba bona ba babeli ba banyenyane, ba ea Grove City, karolong e ka bophirimela seterekeng seo. Ha ba le moo ba ile ba lefa dipositi ea ntlo ea boemo bo itekanetseng feela eaba e ba litho tse mafolofolo tsa Kereke ea Boprostanta. Nakoana ka mor’a moo ba ile ba eteloa ke William Evans, eo e neng e le Seithuti sa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo. Ntate, eo ka nako eo a neng a le bohareng ba lilemo tsa bo-20 le ’Mè ea neng a le monyenyane ho eena ka lilemo tse hlano, ba ile ba mamela monna enoa ea botsoalle oa Mowelsh eaba ba mo memela lijong. Kapele feela ba ile ba amohela linnete tsa Bibele tseo ba neng ba ithuta tsona.
E le hore lelapa le be haufi le phutheho, Ntate o ile a le fallisetsa toropong ea Sharon e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 40. Likhoeli tse seng kae hamorao, ka 1911 kapa 1912, Ntate le ’Mè ba ile ba kolobetsoa. Charles Taze Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a fana ka puo ea kolobetso. Ke hlahile ka la 4 December, 1916, batsoali ba ka ba se ba ntse ba e-na le bana ba bane. Ha ke hlaha, ho ile ha phatlalatsoa: “Ke mor’abo rōna e mong ea tla ratoa.” Ke ka lebaka leo ke ileng ka rehoa David, e bolelang “Moratuoa.”
Ha ke le libeke li ’nè, ba ile ba ea le ’na kopanong ea ka ea pele. Mehleng eo ea khale, Ntate le baholoane ba ka ba ne ba tsamaea lik’hilomithara tse ngata ho ea libokeng tsa phutheho, ha ’Mè eena a ne a tsamaea ka bese le ’na le khaitseli ea ka. Liboka li ne li e-na le karolo ea hoseng le ea thapama. Lapeng, moqoqo o ne o atisa ho thehoa lihloohong tsa Molula-Qhooa le The Golden Age, e leng tsela eo Tsoha! e neng e bitsoa ka eona pele.
Ho Rua Molemo ka Mehlala e Metle
Batsamai ba bangata, kamoo libui tse tsamaeang li neng li bitsoa ka teng, ba ne ba etela phutheho ea rōna. Hangata ba ne ba hlola le rōna letsatsi kapa a mabeli. Sebui se seng seo ke sa se lebaleng ke Walter J. Thorn, ea neng a ile a hopola ’Mōpi oa hae e Moholo ‘matsatsing a bohlankana ba hae.’ (Moeklesia 12:1, NW) Ha ke sa le moshemane, ke ne ke tsamaea le Ntate ho ea bontša “Photo-Drama of Creation,” e leng pontšo e likarolo li ’nè ea histori ea moloko oa batho e nang le mantsoe a rekotiloeng.
Le hoja Mor’abo rōna Evans le mosali oa hae, Miriam, ba ne ba se na bana, ba ile ba fetoha batsoali, nkhono le ntate-moholo ba moea lapeng leso. Kamehla William o ne a bitsa Ntate “Mora,” ’me eena le Miriam ba ile ba kenya moea oa boevangeli ka botebo lapeng leso. Karolong e qalang ea lekholo la bo20 la lilemo, Mor’abo rōna Evans o ne a ile a nka maeto a ho khutlela Wales ho ea tsebahatsa ’nete ea Bibele tikolohong ea Swansea. Teng o ne a tsejoa e le ’moleli ea tsoang Amerika.
Ka 1928, Mor’abo rōna Evans o ile a tlohela mosebetsi ’me a qala ho ruta maralleng a Virginia Bophirimela. Baholoane ba ka ba babeli, Clarence ea lilemo li 21 le Carl ea lilemo li 19, ba ne ba tsamaea le eena. Rōna bashemane ba bane, re ile ra qeta lilemo tse ngata tšebeletsong ea nako e tletseng. Ha e le hantle, kaofela ha rōna re sebelelitse re le balebeli ba tsamaeang ba Lipaki tsa Jehova bocheng ba rōna. Hase khale haholo ha ngoan’abo ’Mè oa ho fela, Mary, ea haufi le ho fihla bofelong ba lilemo tse 90 hona joale, a ’ngolla, a re: “Bohle re thaba hakaakang hore Mor’abo rōna Evans o ne a chesehela tšebeletso le hore o ile a etela Grove City!” ’Mangoane Mary ke e mong ea hopotseng ’Mōpi oa hae ho tloha bocheng.
Ho ba Teng Likopanong
Ke Ntate le Clarence feela ba ileng ba khona ho ba teng kopanong e tsebisahalang ea Cedar Point, Ohio, ka 1922. Leha ho le joalo, ka 1924 re ne re e-na le koloi ’me lelapa leso kaofela le ile la ea kopanong ea Columbus, Ohio. Rōna bana re ne re lebelletsoe hore re sebelise chelete eo re ipoloketseng eona hore re lefelle lijo tsa rōna nakong ea kopano eo ea matsatsi a robeli. Maikutlo a batsoali ba ka e ne e le hore litho tsohle tsa lelapa li tlameha ho ithuta ho iphelisa. Kahoo, re ne re rua likhoho, mebutla le linotši, ’me rōna bashemane, kaofela ha rōna re ne re rekisa likoranta.
Ha ho fihla nako ea kopano ea Toronto, Canada, ka 1927, re ne re e-na le moena oa rōna oa lesea la likhoeli tse tšeletseng, Paul. Ha batsoali ba ka ba e-ea Toronto le bana ba bang, ’na ke ile ka fuoa mosebetsi oa hore ke sale lapeng ke hlokometse Paul ka thuso ea ’mangoane ea neng a nyetsoe. Ke ile ka putsoa ka liranta tse 40, tseo ke ileng ka li sebelisetsa ho ithekela sutu e ncha. Kamehla re ne re koetlisetsoa hore re apare hantle ha re e-ea libokeng le hore re hlokomele liaparo tsa rōna.
Ka nako ea kopano ea bohlokoa ea 1931 Columbus, Ohio, Clarence le Carl ba ne ba nyetse ’me ba bula maliboho le basali ba bona. E mong le e mong oa bona o ne a lula k’haravaneng ea maiketsetso. Carl o ne a nyetse Claire Houston oa Wheeling, Virginia Bophirimela, ’me ke ka lebaka leo ke neng ke lutse pel’a monyane oa Claire, Helen, kopanong eo ea Columbus.
Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Ke ile ka qeta sekolong se phahameng ka 1932 ha ke le lilemo li 15, ’me ka selemo se latelang ke ile ka isa koloi e seng e kile ea sebelisoa ho mor’eso Clarence, ea neng a bula maliboho Carolina Boroa. Ke ile ka kenya kōpo ea tšebeletso ea bopula-maliboho eaba ke qala ho sebetsa le Clarence le mosali oa hae. Ka nako eo Helen e ne e le pula-maliboho Hopkinsville, Kentucky, ’me ke ile ka mo ngolla ka lekhetlo la pele. Ha a nkaraba, o ile a botsa: “Na u pula-maliboho?”
Lengolong leo la ka—leo Helen a ileng a le boloka ho fihlela lefung la hae hoo e ka bang lilemo tse 60 hamorao—ke ile ka araba: “Ke eena, ’me ke tšepa hore ke tla ba eena kamehla.” Lengolong leo, ke ile ka phetela Helen ka ho tsamaisetsa ha ka baruti le basebeletsi ba boahloli bukana ea The Kingdom, the Hope of the World kabelong ea ka ea boboleli.
Ka 1933, Ntate o ile a nketsetsa tente e hlonngoeng mabiling—tereilara e bolelele ba limithara tse 2,4, le bophara ba limithara tse peli, e khurumelitsoe ka seile e hlomiloeng lipalong tse tšesanyane ’me e e-na le fensetere ka pele le ka morao. E ile ea e-ba motlotloane oo ke ileng ka lula ho oona ka lilemo tse latelang tse ’nè ke le bopula-maliboho.
Ka March 1934, Clarence le Carl, basali ba bona, Helen le ’mè oa hae, ngoan’abo mosali oa Clarence le ’na—re le robeli—re ile ra leba bophirimela ho ea ba teng kopanong ea Los Angeles, California. Ba bang ba ile ba palama tereilara ea ka ba ba ba robala ka ho eona. Ke ile ka robala ka koloing, ha ba setseng bona ba lefella sebaka sa boroko. Kaha re ile ra ba le mathata a koloi, re ile ra fihla Los Angeles ka letsatsi la bobeli la kopano eo ea matsatsi a tšeletseng. Ha re le moo, ka la 26 March, ’na le Helen re ile ra qetella re khonne ho tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Jehova ka kolobetso ea metsing.
Kopanong eo Joseph F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a ba le seboka le bo-pula-maliboho bohle. O ile a re khothatsa, a re bolella hore re bahlabani ba sebete ba ’nete ea Bibele. Ketsahalong eo, ho ile ha etsoa tokisetso ea ho thusa bo-pula-maliboho ka chelete e le hore ba ka tsoela pele tšebeletsong ea bona.
Thuto ea Bophelo Bohle
Ha re khutla kopanong ea Los Angeles, kaofela ha rōna re ile ra bolela molaetsa oa ’Muso ho batho ba litoropong tsohle tsa Carolina Boroa, Virginia, Virginia Bophirimela le Kentucky. Lilemo hamorao Helen o ile a ngola mabapi le nako eo: “Ho ne ho se phutheho eo re itšetlehang ka eona, kapa metsoalle e ka thusang, hobane kannete re ne re le basele naheng esele. Empa hona joale kea tseba hore ke ne ke fumana thuto. Ke ne ke rua.”
O ile a botsa: “Ke eng seo mosetsana a se etsang ka nako ea hae ha a le hōle le metsoalle le bahabo? Ho ne ho se hobe hakaalo. Ha ke hopole nkile ka ikutloa ke jeoa ke bolutu. Ke ne ke bala haholo. Ha ho mohla re ileng ra salla morao ho baleng lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele le ho ithuteng. Ke ne ke sa suthe pel’a ’Mè, ke ithuta ho sebelisa chelete eo re nang le eona, ke reka, ke kenya lebili la koloi ha le leng le panchile, ke pheha, ke rōka ebile ke bolela. Ha ke ikoahlaee ka letho ’me nka ho etsa hape ka thabo.”
Helen le ’mè oa hae ba ne ba khotsofaletse ho lula ka tereilareng e nyenyane lilemong tseo, le hoja ’mè oa hae a ne a e-na le ntlo e ntle. Ka mor’a kopano ea Columbus, Ohio, ka 1937, bophelo ba ’mè oa Helen bo ile ba fokola haholo, ’me a kenngoa sepetlele. O ile a hlokahalla kabelong ea hae Philippi, Virginia Bophirimela, ka November 1937.
Ho Nyala le Tšebeletso e Tsoelang Pele
Ka la 10 June, 1938, ’na le Helen re ile ra nyalana moketeng o itekanetseng lapeng leo a neng a hlahetse ho lona Elm Grove, haufi le Wheeling, Virginia Bophirimela. Mor’abo rōna Evans eo re mo ratang, eena ea neng a tsebisitse lelapa leso ’nete lilemo tse ngata pele ke hlaha, o ile a fana ka puo ea lechato. Ka mor’a lechato, ’na le Helen re ile ra etsa qeto ea ho khutlela mosebetsing oa bopula-maliboho Kentucky e ka bochabela, empa re ile ra makala haholo ha re kōptjoa hore re ee mosebetsing oa potoloho. Mosebetsi ona o ne o ama ho etela lihlopha tsa Lipaki tsa Jehova Kentucky e ka bophirimela le likarolong tsa Tennessee, ho li thusa tšebeletsong ea tsona. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 75 feela libakeng tsohle tseo re neng re li etela.
Ka nako eo, bochaba bo ne bo sothile menahano ea ba bangata, ’me ke ne ke lebelletse ho koalloa chankaneng haufinyane ka lebaka la ho se jele paate ha ka ha Bokreste. (Esaia 2:4) Leha ho le joalo, ka lebaka la tlaleho ea mosebetsi oa ka oa boboleli, lekhotla la ba biletsang sesoleng le ile la mpeha sehlopheng se ileng sa ntumella ho tsoela pele ka tšebeletso ea ka ea nako e tletseng.
Ha re qala tšebeletso ea rōna ea ho tsamaea, hoo e ka bang e mong le e mong o ne a tsota bonyenyane ba rōna. Hopkinsville, Kentucky, morali e mong oabo rōna oa Mokreste o ile a lumelisa Helen ka ho mo kopa ’me a re: “Na ua nkhopola?” Ka 1933, Helen o ne a ile a mo pakela lebenkeleng la motse la monna oa hae. Eena e ne e le mosuoetsana oa sekolo sa Sontaha, empa ka mor’a ho bala buka eo Helen a neng a mo sietse eona, o ile a ema ka pel’a sehlopha sa hae eaba o kōpa tšoarelo ka ho se ruta lithuto tseo e seng tsa Bibele. Ka mor’a hore a itokolle kerekeng, o ile a qala ho bolela linnete tsa Bibele motseng oa habo. ’Na le Helen re ile ra sebetsa Kentucky e ka bophirimela ka lilemo tse tharo, ’me morali eo oabo rōna le monna oa hae ba ile ba re bulela lehae la bona.
Mehleng eo, re ne re e-na le likopano tsa habo rōna tse nyenyane, ’me A. H. Macmillan o ile a tšoara e ’ngoe ea tsona. O ne a ile a lula habo Helen ha Helen e sa le ngoana, kahoo nakong ea kopano, o ile a khetha ho lula le rōna k’haravaneng ea rōna e bolelele ba limithara tse hlano, moo re neng re e-na le bethe e ’ngoe e lutseng feela. Le eena o ne a ile a hopola ’Mōpi oa hae e Moholo matsatsing a bohlankana ba hae, a nehetse bophelo ba hae ho Jehova ka 1900, ha a ne a le lilemo li 23.
Ka November 1941, mosebetsi oa barab’abo rōna ba tsamaeang o ile oa emisoa ka nakoana, ’me ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho bula-maliboho Hazard, Kentucky. Ka lekhetlo lena ke ile ka boela ka sebetsa le mor’eso Carl le mosali oa hae, Claire. Ha re le mona, Joseph Houston, ngoan’a khaitseli ea Helen e khōlō, o ile a lula le rōna ’me a qala ho bula maliboho. O ile a tsoela pele tšebeletsong ea bopula-maliboho hoo e ka bang ka lilemo tse 50, ’me a shoa ka tšohanyetso ka lebaka la ho tsietsana ha pelo ka 1992 ha a ntse a sebetsa ka botšepehi ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York.
Ka 1943 re ile ra abeloa ho ea Rockville, Connecticut. Sebaka sena e ne eka ke lefatše le leng lesele ho ’na le Helen hobane re ne re tloaetse ho bolela ka boroa. Ha re le Rockville, kamehla Helen o ne a khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 20 ka beke. Qetellong, re ile ra hira kamore e itekanetseng feela bakeng sa Holo ea ’Muso, ’me ho ile ha hlophisoa setsi sa phutheho e nyenyane.
Ha re ntse re sebetsa Rockville, re ile ra memeloa ho ba teng sehlopheng sa bohlano sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Lansing Boroa, New York. Ka thabo re ile ra fumana hore Aubrey le Bertha Bivens, bao e neng e le metsoalle ea rōna ea ha re ne re le bo-pula-maliboho Kentucky, ba ne ba tla ba sehlopheng se le seng le rōna.
Sekolo le Kabelo ea Rōna e Ncha
Le hoja re ne re le banyenyane, boholo ba bao re neng re le sehlopheng le bona ba ne ba le banyenyane ho re feta. E, ba ne ba hopola ’Mōpi oa bona e Moholo bocheng ba bona. Nako ea hore re abeloe mangolo e ne e le ka July 1945, hantle feela nakoana pele ho fela Ntoa ea II ea Lefatše. Ha re ntse re letetse likabelo tsa rōna tsa boromuoa, re ile ra sebetsa le Phutheho ea Flatbush e Brooklyn, New York. Qetellong, ka la 21 October, 1946, rōna hammoho le bo-mphato’a rōna ba bang ba tšeletseng, ho akarelletsa ba ha Bivens, re ile ra tsamaea ka sefofane ho ea lehaeng le lecha la rōna Guatemala City, Guatemala. Ka nako eo, Lipaki tsa Jehova li ne li le ka tlaase ho 50 naheng eo eohle ea Amerika Bohareng.
Ka April 1949, baromuoa ba seng ba kae ho rōna ba ile ba isoa Quetzaltenango, motse oa bobeli o moholo le oa bohlokoa naheng eo. Motse ona o phahametse leoatle ka limithara tse 2 300, ’me moea oa thaba o pholile e bile o hloekile. Helen o ile a akaretsa mosebetsi oa rōna mona ka ho ngola: “E ne e le tokelo ea rōna ho bolela litoropong tse ngata le metseng. Re ne re tsoha hoo e ka bang ka hora ea bone hoseng ebe re tšoara bese (eo hangata lifensetere tsa eona li neng li koaloa ka liseile tse theoloang le ho nyolloa) ho ea toropong e hojana. Ha re le moo re ne re ruta hoo e ka bang ka lihora tse robeli pele re khutlela hae mantsiboea.” Kajeno ho na le liphutheho libakeng tse ngata ho tsena, ho akarelletsa le tse tšeletseng tse Quetzaltenango.
Ka potlako ho ile ha ba le pitso bakeng sa baromuoa ba il’o sebeletsa Puerto Barrios e Lebōpong la Leoatle la Caribbean, toropo ea boraro e khōlō Guatemala. Metsoalle ea rōna eo re e ratang, ba ha Bivens, eo re neng re sebelitse le eona Guatemala ka nako e fetang lilemo tse hlano, e ile ea e-ba har’a ba isitsoeng kabelong ena e ncha. Karohano eo e ne e le bohloko ’me e ile ea siea sekheo bophelong ba rōna. Kaha e ne e le ’na le Helen feela ba setseng lehaeng la baromuoa, re ile ra thothela foleteng e nyenyane. Ka 1955, ’na le Helen re ile ra amohela kabelo e ncha ea ho ea motseng o chesang le o mongobo haholoanyane oa Mazatenango. Moen’aka oa ho fela, Paul, le mosali oa hae, Dolores, ba fumaneng mangolo Gileade ka 1953, ba ne ba sebelelitse moo ka nakoana pele re fihla.
Ka 1958 re ne re e-na le Lipaki tse fetang 700, liphutheho tse 20, le lipotoloho tse tharo Guatemala. ’Na le Helen re ile ra khutlela mosebetsing oa ho tsamaea, re etela lihlopha tse nyenyane tsa Lipaki le liphutheho tse ngata, ho akarelletsa ea Quetzaltenango. Joale ka August, 1959, re ile ra kōptjoa hore re khutlele Guatemala City, moo re ileng ra lula ofising ea lekala. Ke ile ka abeloa ho sebetsa lekaleng, ha Helen eena a ne a ntse a tsoela pele tšebeletsong ea boromuoa ka lilemo tse ling tse 16. Ka mor’a moo le eena o ile a qala ho sebetsa ofising ea lekala.
Mahlohonolo a Eketsehileng
Lilemong tse fetileng ho ne ho bonahala eka kamehla ke ’na e monyenyane ho bohle ba sebeletsang Jehova. Hona joale hangata ke ’na e moholo ho bohle, joalokaha ho ne ho le joalo ha ke ne ke le sekolong sa makala Patterson, New York, ka 1996. Feela joalokaha bocheng ba ka ke ile ka fumana thuso e khōlō ho ba baholo ho ’na, lilemong tse mashome tsa morao tjena e bile tokelo ea ka ho thusa bahlankana ba bangata ba lakatsang ho hopola ’Mōpi oa bona bocheng ba bona.
Jehova o ntse a tsoela pele ho tšollela batho ba hae mahlohonolo mona Guatemala. Ka 1999 ho ne ho e-na le liphutheho tse fetang 60 Guatemala City. Ka makhalo ’ohle ho na le liphutheho tse ngata haholo le baboleli ba likete ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Baboleli ba ’Muso ba ka tlaase ho 50 ba neng ba le teng mona ha re fihla lilemong tse ka bang 53 tse fetileng, ba eketsehile hore ba be ka holimo ho 19 000!
Ho Hongata Hoo re ka ho Lebohang
Bophelong ha ho motho ea se nang mathata, empa kamehla re ka ‘lahlela moroalo oa rōna ho Jehova.’ (Pesaleme ea 55:22, NW) Hangata o re tsosa molota ka tšehetso ea metsoalle e lerato. Ka mohlala, lilengoana pele Helen a hlokahala, o ile a mpha letlapa le kentsoeng foreimeng le ngotsoeng temana ea Bibele e ho Baheberu 6:10: “Molimo ha a khopo hoo a ka hlokomolohang mosebetsi oa lōna le lerato leo le Mo bontšitseng lona ka hore le ile la sebeletsa batho ba Hae ’me le sa ntse le ba sebeletsa.”—Weymouth.
Karolo e ’ngoe ea molaetsa oo a neng a o qhoaelletse letlapeng leo e ne e re: “Moratuoa oa ka, ha ho letho le lekaalo leo nka u fang lona, haese feela LERATO LOHLE LEO KE NANG LE LONA. . . Temana ena e u loketse haholo, ’me ke kōpa hore u e behe deskeng ea hao, eseng hobane ke u file eona, empa hobane e sebetsa ho uena tšebeletsong ea hao ea lilemo tse ngata.” Ho fihlela kajeno, letlapa lena le ntse le le deskeng ea ofisi ea ka lekaleng la Guatemala.
Ke sebelelitse Jehova ho tloha bocheng ba ka, ’me hona joale botsofaling ba ka, ke leboha Jehova ka bophelo ba ka bo botle bo ntumellang ho sebetsa mesebetsi eo ke e abetsoeng. Ha ke bala Bibele kamehla, ke atisa ho teana le litemana tseo ke nahanang hore Helen oa ka ea ratehang o ne a tla li tšoaea Bibeleng ea hae. Sena se etsahetse ha ke ne ke boetse ke bala Pesaleme ea 48:14, e reng: “Molimo oo ke Molimo oa rōna ka mehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.”
Ke thabela ho kopanela le ba bang pono ea letsatsi la tsoho leo ka lona batho ba lichaba tsohle tsa nakong e fetileng ba tla amohela ka eona baratuoa ba bona hape ha ba e-tsoa bafung ho kena lefatšeng le lecha. Ke tebello e babatsehang hakaakang! Ho tla keleketla meokho e mengata hakaakang ea thabo ka nako eo ha re hopola hore kannete Jehova ke Molimo “ea tšelisang ba behiloeng tlaase”!—2 Bakorinthe 7:6.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho tloha ka ho le letšehali: ’Mè, Ntate, Rakhali Eva le baholoane Carl le Clarence, ka 1910
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
’Na le Helen ka 1947 le ka 1992