Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w21 February leq. 25
  • Ho Bososela ha e Baka Taba!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bososela ha e Baka Taba!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hopola ’Mōpi oa Rōna ho Tloha Bocheng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Mesebetsi e Mengata ea Bo-’mè
    Tsoha!—2002
  • Melemo ea ho Bolela Litaba Tse Molemo re Sebelisa Litoroli
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Bakreste ba ’Nete ba Tsebahala ka Lerato Kaha ba Baballa Bonngoe
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
w21 February leq. 25

Ho Bososela ha e Baka Taba!

Helen o bososetse hamonatjana ha a le pel’a teroli. Banana ba babeli baa mo feta.

BANANA ba babeli ba ne ba tsamaea toropong ea Baguio e Philippines. Ba ile ba bona teroli empa ha baa ka ba ea ho eona. Morali’abo rona Helen ea neng a eme pel’a teroli o ile a ba sheba eaba oa bososela. Banana bao ba ha baa ka ba ema empa ba ne ba khahliloe ke tsela eo Morali’abo rona Helen a ileng a bososela ka eona.

Hamorao ha ba le ka beseng ba ea hae, ba ile ba bona letšoao la jw.org le neng le le Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba hopola hore ba ile ba bona letšoao leo teroling ha ba ne ba le toropong. Ba ile ba theoha bese eaba ba il’o sheba keiting hore na liboka tsa phutheho ka ’ngoe li kena neng.

Banana bao ba thabetse ho bona Helen Holong ea ’Muso.

Ba ile ba ea libokeng tse latelang eaba ba makala haholo ha ba bona Morali’abo rona Helen. Ba ile ba hopola kapele feela hore ke eena motho eane oa ho bososela. Morali’abo rona Helen o re: “Ke ile ka ikutloa ke tšohile ha ba tla ho ’na. Ke ne ke nahana hore mohlomong ho na le ntho e phoso eo ke e entseng.” Empa banana bao ba ile ba hlalosetsa Morali’abo rona Helen hore ba ile ba mo bona ha a ne a le teroling.

Ba ile ba thabela liboka haholo le ho ikutloa ba phuthulohile ha ba e-na le bara le barali ba bo rona. Ha ba bona batho ba bang ba hloekisa ka mor’a liboka ba ile ba kopa ho thusa. E mong oa bona ha a sa lula Philippines empa e mong eena o ntse a lula teng ’me o se a qalile ho ea libokeng le ho ithuta Bible. Tsena tsohle li etsahetse feela ka lebaka la ho bososela!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela