PHELA JOALOKA MOKRESTE
Melemo ea ho Bolela Litaba Tse Molemo re Sebelisa Litoroli
Ho latela Liketso khaolo ea 5, Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba ea tempeleng, e leng sebaka sa sechaba moo ho ka fumanehang batho ba bangata e le hore ba ka ba bolella litaba tse molemo. (Lik 5:19-21, 42) Mehleng ena, re bone kamoo batho ba amohelang litaba tse molemo kateng ha re sebelisa litoroli tsa ho paka.
SHEBELLANG VIDEO EA MELEMO EA HO BOLELA LITABA TSE MOLEMO RE SEBELISA LITOROLI, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Litoroli li qalile ho sebelisoa neng hona joang?
Ke melemo efe e bang teng ka ho sebelisoa litoroli ho e-na le ho sebelisa tafole?
Re ka ithuta’ng paleng ea Mi Jung You?
Pale ea Jacob Salomé e bontša bohlokoa ba ho sebelisa litoroli joang?
Pale ea Annies le monna oa hae e re ruta’ng ka ho sebelisa litoroli ka tsela e atlehang?