Bakreste ba Tlameha ho Paka
Lilemong tsa morao baeta-pele ba kereke ba bolela haholo ka taba ea hore ho hlokahala paki ea Mokreste. ’Me ba lokela ho ba joalo, kaha lentsoe “paki” le nkuoe lentsoeng la Segerike martýs, le hlahang ka makhetlo a 47 Mangolong a Segerike a Bokreste (“Testamente e Ncha”), King James Version. A ke re hlahlobe lipolelo tse ling tsa Bokreste-’motoana.
MOPAPA JOHN PAUL II o qotsoa ho L’Osservatore Romano (khatiso ea beke le beke ea Senyesemane) ea la 30 ’Mesa, 1984, a boletse sena: “Bopaki, joalokaha Paul VI eo ke mo hlahlamang a boletse, ‘ke karolo ea bohlokoa boevangeling, ’me ke karolo ea pele’ (Evangelii Nuntiandi, n. 21). [Bopaki] bo hlokahala haholo mehleng ena ea rōna, e nang le mehopolo e sothehileng le e feletsoeng ke lintho tsa bohlokoa, litsietsi tsa mokhatlo ’ohle oa batho.” Selemo pele ho mona, khatiso e ’ngoe ea makasine ona e buile ka seboka sa Mopapa tlas’a sehlooho “Mosebetsi oa lefatše o hloka lipaki tsa Kreste.”
Kereke ea Roma e Katholike e buile haholo ka bohlokoa ba ho paka. Empa baemeli ba Protestanta ba re’ng ka bohlokoa ba ho paka?
Seboka-Kakaretso sa botšelela sa Lekhotla la Lefatše la Likereke seo hona joale se nang le litho tse 301, se ile sa tšoaroa Vancouver ho tloha ka la 24 Phupu ho ea ho la 10 Phato, 1983, ’me hamorao ha hatisoa International Review of Mission (Mphalane 1983) ho akarelletsa le bukana ea maqephe a 36 e nang le sehlooho “Ho Paka Lefatšeng le Arohaneng.” Sehloohong se senyenyane, “Bakreste Bohle ba Memeloa ho ba Lipaki,” sehlooho se boletse ka ho toba: “Ho Mokreste, mosebetsi oa ho paka ke ho arabela le ho bontša botšepehi ho Molimo . . . Ho paka ke taelo ea Molimo. Re pakela matla le lerato la Molimo ’Mōpi le Monei oa rōna oa bophelo.”
Leselinyana la litaba tsa bolumeli la Baptist Review and Expositor le bua taba e tšoanang: “Hlahlobo ea buka ea Liketso e senola hore balumeli ba bacha ba ile ba ekeletsoa kerekeng kahobane Bakreste ba ne ba paka. Haeba basokolohi ba bacha ba sa tlisoe, Bakreste ha ba pake.”
Le hoja mekha ea bolumeli ea Bokreste-’motoana e arohane ka mehopolo le lithuto, ho bonahala e lumellana tabeng ea hore ho hlokahala bopaki. Empa na litho tsa bona li amohela boikarabelo ba ho fana ka bopaki?
Tabeng ena, Michael Green, moruti oa Kereke ea St. Aldgate, Oxford, Engelane, o ngotse: “Baholo-holo ba rōna tumelong ba ile ba nģosoa ka hore ‘ba ferekanya lefatše lohle’ ka litaba tse molemo tseo ba neng ba li bolella batho ka Jesu (Liketso 17:6). . . . Ntlheng ena re fapana haholo le kereke ea pele, moo monna e mong le e mong le mosali a neng a nka hore ke mosebetsi oa hae ho fana ka bopaki ba Jesu Kreste ka mokhoa ofe kapa ofe oo a neng a e-na le oona.”
Bukana ea Baptist, Witnessing in Today’s World, e re: “Mokreste ea inehetseng a ka re, ‘Ha ke tsebe hore na nka qala hokae ha ke leka ho pakela motho e mong.’” Ea eketsa: “Litho tse ngata tsa kereke ea Baptist ha ho boleloa ka ho paka, li re, ‘Re lefa moruti ho etsa sena.’”
Ho tsoela pele, buka ea Westminster, The Christian as Communicator, e re: “Ho ka etsahala hore boikarabelo ba ho bua ka litaba tse molemo bo tlōlisoa mahlo kahobane Bakreste ha ba na litaba tse ngata tseo ba ka buang ka tsona.
Ke ’nete, litho tsa mekha ea Bokreste-’motoana ‘ha li na litaba tse ngata tseo li ka buang ka tsona.’ Bothata bo hona moo. Li hlōlehile ho elelloa ho phethahala ha mehleng ena ha “pontšo” eo Jesu a e boletseng mabapi le “ho ba teng” ha hae ka khanya ea ’Muso le “ho fela ha tsamaiso ea lintho.” Ba bonang “pontšo” eo ba susumeletsoa ho paka ka eona. Re thaba haholo hakaakang hore e be Bakreste ba ’nete kajeno ba na le litaba tse ngata tseo ba ka li buang ha ba paka ka cheseho ka ’Muso o tlang oa Kreste Jesu.—Mattheu 24:3-14, NW; Esaia 43:12.