Na e ne e le Motšehetsi oa Ntoa Kapa ’Muelli oa Khotso?
KA MONGOLI OA TSOHA! SWEDEN
Selemo se seng le se seng, khau ea Nobel e fuoa batho kapa mekhatlo e bileng le tlatsetso ea bohlokoa ho ntlafatseng bophelo ba batho ka litsela tse fapaneng. Mokhoa oo o qalile neng, ’me o amana joang le ho batla khotso ea lefatše?
LEBITSO la hae le amahanngoa le ho ntlafatsa bophelo ba moloko oa batho, empa o ile a bokella maruo a mangata ka ho rekisa libetsa tsa ntoa. E ne e le mang? Ke Ralifektheri le motsoaki oa lik’hemik’hale oa Sweden, Alfred Bernhard Nobel. Nobel o ’nile a rorisoa ka lebaka la boiteko ba hae ba ho khothaletsa boiketlo ba sechaba, empa hape o ’nile a bitsoa “morekisi oa lefu.” Hobane’ng? Hobane Nobel o ile a qapa seqhomane sa daenamaete, ’me bophelong ba hae o ile a rua haholo ka lebaka la ho etsa le ho rekisa liqhomane tse bolaeang.
Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Nobel ka 1896, ho ile ha sibolloa taba e makatsang. Lengolong la hae la kabo ea lefa, o ne a boletse hore chelete e ka bang lidolara tse limilione tse 9 e behelloe ka thōko ’me selemo se seng le se seng, tsoala ea chelete eo e fanoe e le khau bathong ba finyelletseng mesebetsi ea bohlokoa lefapheng la fisiks, k’hemistri, bongaka, bongoli le ho bōpeng khotso.
Qalong batho ba bangata ba ne ba maketse. Ho tla joang hore rakhoebo ea hoebang ka liqhomane a lakatse ho fana ka khau ho ba entseng lintho tse molemo, esita le ho ba finyelletseng khotso? Ba bang ba nahana hore Nobel o ne a khebethoa ke letsoalo kaha liqhomane tseo a qetileng bophelo ba hae a li etsa li ne li bolaea larita. Leha ho le joalo, ba bang ba lumela hore Nobel esale a sebeletsa khotso nako ena eohle. Ka sebele, ho bonahala a ne a lumela hore ha libetsa li ntse li e-ba kotsi haholoanyane, mohlomong lintoa li tla khaotsa. Ho tlalehoa a ile a bolella mongoli e mong a re: “Mohlomong se hlahisoang ke lifektheri tsa ka se tla felisa ntoa le pele makhotla a lōna a baetsi ba molao a atleha,” a ba a tsoela pele: “Letsatsing leo mabotho a mabeli a likampong a tla bolaeana ka ho panya ha leihlo, ho ka etsahala hore lichaba tsohle tse tsoetseng pele li harohe letsoalo ’me li qhale mabotho a tsona.”
Na seo Nobel a neng a nahana hore se tla etsahala se ile sa fela sa etsahala? Ke thuto efe e ileng ea ithutoa lekholong lee le fetileng la lilemo ka mor’a lefu la Nobel?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
“Nka rata ho qapa ntho kapa mochine o nang le matla a ho bolaea larita hoo ka mor’a moo, ho ke keng ha hlola ho e-ba le ntoa”—ALFRED BERNHARD NOBEL
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]
Page 2: Missile: U.S. Navy photo; building rubble: UN PHOTO 158178/J. Isaac; page 3: Nobel: © Nobelstiftelsen