Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 5/8 maq. 4-8
  • Lekholo la Lilemo la Pefo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lekholo la Lilemo la Pefo
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na e ne e le Motšehetsi oa Ntoa Kapa ’Muelli oa Khotso?
    Tsoha!—2002
  • Ke Mang ea ka Tlisang Khotso ea ka ho sa Feleng?
    Tsoha!—1996
  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Hōle le ho Fela
    Tsoha!—1999
  • Libetsa Tse Nyenyane, Mathata a Maholo
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 5/8 maq. 4-8

Lekholo la Lilemo la Pefo

ALFRED NOBEL o ne a lumela hore khotso e ka ba teng haeba lichaba li e-na le libetsa tse bolaeang. Etsoe lichaba li ne li ka ipōpa ka potlako ’me tsa felisa mohlaseli leha e le ofe ka sehlōhō. O ile a ngola: “Sena se tla qobella ntoa hore e se ke ea e-ba teng.” Ho latela pono ea Nobel, ho ne ho se sechaba se hlaphohetsoeng kelellong se neng se ka qholotsa ntoa haeba liphello tsa eona ho sona e ne e tla ba tse timetsang. Empa lekholo le fetileng la lilemo le senotse eng?

Lilemo tse ka tlaase ho 20 ka mor’a lefu la Nobel, ho ile ha qhoma Ntoa ea I ea Lefatše. Ntoa ena e ile ea sebelisa libetsa tse ncha tse bolaeang, tse kopanyelletsang lithunya tsa morathatha, khase e chefo, lithunya tse ntšang mollo, likoloi tsa ntoa tse laetseng libetsa, lifofane le likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi. Ho ile ha bolaoa masole a ka bang limilione tse leshome, ’me ha lemala batho ba menang palo eo habeli. Kaha Ntoa eo ea I ea Lefatše e ne e le sehlōhō, e ile ea etsa hore batho ba boele ba thahaselle ho bōpa khotso. Sena se ile sa etsa hore ho thehoe Selekane sa Lichaba. Mopresidente oa United States, Woodrow Wilson, eo e neng e le eena ea hlahelletseng bathong ba neng ba tšehetsa ho thehoa ha sona, o ile a hapa Khau ea Khotso ea Nobel ka 1919.

Leha ho le joalo, tšepo leha e le efe ea hore ntoa e ne e tla fella ruri e ile ea senyeha ka 1939 ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše. Maemong a mangata, ntoa ena e ile ea tšabeha ho feta Ntoa ea I ea Lefatše. Nakong eo ntoa ena e kupang, Adolf Hitler o ile a atolosa fektheri ea Nobel e Krümmel hore e be e ’ngoe ea lifektheri tse khōlō ka ho fetisisa tsa ho etsa libetsa Jeremane, ’me e ne e e-na le basebetsi ba fetang 9 000. Joale qetellong ea ntoa, fektheri eo ea Nobel e ile ea ranthanngoa ka ho feletseng ke Mabotho a Ikopantseng a moeeng a ileng a lihela libomo tse fetang sekete. Sehlōhō ke hore libomo tsena li ne li entsoe ka thuso ea bona boqapi ba Nobel.

Lilemong tse lekholo tse ileng tsa latela ka mor’a lefu la Nobel, hase feela hore ho bile le lintoa tse peli tsa lefatše, empa ho ile ha boela ha e-ba le liqhoebeshano tse ling tse nyenyane tse ngata. Libetsa li ile tsa ata nakong eo, tse ling tsa tsona e bile tse kotsi haholo. Nahana ka libetsa tse seng kae tsa sesole tse ’nileng tsa hlahella ka mashome a lilemo ka mor’a lefu la Nobel.

Libetsa tse nyenyane le tse bobebe. Tsena li akarelletsa lithunya tse nyenyane tsa letsoho, lithunya tse jaroang lehetleng, liqhomane, lithunya tsa morathatha, likanono le libetsa tse ling tse nkehang habobebe. Libetsa tse nyenyane le tse bobebe ha li theko e boima, li hlokomeleha habonolo ebile ha ho thata ho li sebelisa.

Na ho ba teng ha libetsa tsee—le tšoso eo li e etsetsang baahi—ho entse hore ntoa e khaotse? Le letho! Ho Bulletin of the Atomic Scientists, Michael Klare ha a ngola o re libetsa tse bobebe li fetohile “lisebelisoa tse ka sehloohong lintoeng tse ngata tse bileng teng ka mor’a Ntoa ea Mantsoe.” Ha e le hantle, karolo ea 90 lekholong ea ba lemetseng lintoeng tsa morao tjena e lemalitsoe ke libetsa tse nyenyane le tse bobebe. Batho ba fetang limilione tse ’nè ba ile ba bolaoa ka libetsa tsena lilemong tsa bo-1990 feela. Maemong a mangata, libetsa tse bobebe li sebelisoa ke bacha ba sa koetlisetsoang ntoa ’me ha ba na letsoalo la ho tlōla melao e tloaelehileng ea ntoa.

Liqhomane tsa fatše. Bofelong ba lekholo la bo20 la lilemo, letsatsi ka leng batho ba ka bang 70 ka karolelano ba ile ba lematsoa kapa ba bolaoa ke liqhomane tsa fatše! Boholo ba bona e ne e le baahi, e seng masole. Hangata liqhomane tsa fatše ha li sebelisoe ka morero oa hore li bolaee, empa li sebelisetsoa hore li lematse le ho kenya tšabo e khōlō ho bao kotsi ena e sehlōhō e ba hlahetseng.

Ke ’nete hore lilemong tsa morao tjena ho entsoe boiteko bo matla ba ho tsetolla liqhomane tsena tsa fatše. Empa ba bang ba re bakeng sa seqhomane se seng le se seng se tsetolloang, ho tseteloa tse ling tse 20 ’me ho ka ba le tse limilione tse 60 tse tsetetsoeng lefatšeng ka bophara. Taba ea hore liqhomane tsa fatše ha li tsebe ho khetholla bohato ba leoto ba lesole ho ba ngoana ea ipapallang tšimong ha hoa thibela ho etsoa le ho sebelisoa ha libetsa tsena tse tšabehang.

Libetsa tsa nyutlelie. E le ka lekhetlo la pele, ho qaptjoa ha libetsa tsa nyutlelie ho ne ho ka etsa hore motse oohle o ripitloe ka metsotsoana e se mekae, ho se na masole a nkhisetsanang mahafi. Ka mohlala, nahana ka timetso e tšabehang e bileng teng ha libomo tsa athomo li ne li liheloa Hiroshima le Nagasaki ka 1945. Batho ba bang ba ile ba foufatsoa ke khanya e neng e sa mamellehe. Ba bang ba ile ba bolaoa ke chefo ea mahlaseli. Ba bang ba bangata ba bolaoa ke mollo le lebatama. Palo ea bafu metseng eo ka bobeli ha e kopanngoa e hakanyetsoa ho 300 000!

Ba bang ba ka ’na ba pheha khang ea hore ho lihela libomo metseng eo ho ile ha thibela ho shoa ha batho ba bangata ho ka beng ho bile teng haeba ntoa e ne e ile ea tsoela pele ka tsela e tloaelehileng. Leha ho le joalo, ba tšositsoe ke lefu la batho ba bangata hakaalo, ba bang ba ile ba qala ho hlohlelletsa hore ho laoloe tšebeliso ea sebetsa sena se sehlōhō lefatšeng ka bophara. Ruri ba bangata ba ile ba tšoha hore joale motho o icheketse lebitla.

Na ho qaptjoa ha libetsa tsa nyutlelie ho batla ho tlisitse khotso? Ba bang ba re ho joalo. Ba bolela hore libetsa tsena tse matla ha lia sebelisoa lintoeng tse bileng teng ka lilemo tse fetang 50. Leha ho le joalo, tšepo ea Nobel ea hore libetsa tse bolaeang larita li tla etsa hore ntoa e fele ha ea phethahala, kaha lintoa tse loanoang ka libetsa tse tloaelehileng li sa ntse li tsoela pele. Ho feta moo, Komiti ea Leano la Nyutlelie e re libetsa tsa nyutlelie tse likete li lula li emetse ho qhomisoa neng kapa neng. ’Me nakong ena eo batho ba tšoentsoeng ke bokhukhuni, ba bangata ba tšaba se ka etsahalang ha metsoako ea libetsa tsa nyutlelie e ka oela matsohong a likhukhuni. Esita leha e se matsohong a likhukhuni, batho ba ntse ba ngongorehile hore phoso e le ’ngoe e ka etsahalang e ka timetsa lefatše lohle ka nyutlelie. Ha ho tluoa tabeng ea libetsa tse kotsi, hoa hlaka hore ena hase eona khotso eo Nobel a neng a nahanne ka eona.

Libetsa tsa likokoana-hloko le tsa lik’hemik’hale. Ntoa eo ho eona ho sebelisoang likokoana-hloko e akarelletsa tšebeliso ea baktheria e bolaeang, e kang koatsi, kapa vaerase e kang ea sekholopane. Sekholopane se kotsi ka ho fetisisa kaha se tšoaetsanoa habonolo haholo. Joale ho na le tšokelo ea libetsa tsa lik’hemik’hale, tse kang khase e chefo. Chefo ea mofuta ona e hlaha ka mekhoa e mengata, ’me le hoja ka mashome a lilemo e thibetsoe ka molao, sena ha sea khina tšebeliso ea eona.

Na libetsa tsee tse tšabehang le tšokelo ea tsona li entse hore batho ba arabele ka tsela eo Nobel a neng a nahanne ka eona—hore ba ‘harohe letsoalo ’me ba qhale mabotho a bona’? Ho e-na le ho etsa joalo, li totisitse tšabo ea hore ka letsatsi le leng, libetsa tsena li ka ’na tsa sebelisoa—esita le ke ba se nang phihlelo litabeng tsa ntoa. Lilemo tse fetang leshome tse fetileng, mookameli oa U.S. Arms Control and Disarmament Agency o ile a re: “Libetsa tsa lik’hemik’hale li ka etsetsoa karacheng ea motho leha e le ofe, hafeela u e-na le tsebo e itseng ea k’hemistri eo u e ithutileng eona sekolong se phahameng.”

Ha ho pelaelo hore lekholo la bo20 la lilemo le ile la tsebahala ka lintoa tse bolaileng ba bangata ho feta ba bolailoeng leha e le neng pele. Joale mathoasong a lekholo la bo21 la lilemo, ho bonahala monyetla oa hore khotso e be teng o le lerootho le ho feta—haholo-holo ka mor’a litlhaselo tsa bokhukhuni tse ileng tsa etsahala New York City le Washington, D.C., ka la 11 September, 2001. Makasineng ea Newsweek, Steven Levy oa ngola: “Ho bonahala ho se ea nang le pelaelo ea hore theknoloji ea morao tjena e ka eketsa bokhopo.” Oa phaella: “Ke mang ea ka tsebang ho sebetsana le boemo boo? Batho ba tsebahala ka ho phehella seo ba se nkang e le tsoelo-pele, ebe hamorao ke hona ba se hlahlobang. Le hoja re sa batle ho nahana hore ho ka ba le koluoa e tšabehang, re hlahisa menyetla ea hore e etsahale.”

Ho fihlela hajoale, histori e re rutile hore ho qaptjoa ha liqhomane tse tšabehang le libetsa tse bolaeang ha hoa etsa hore lefatše lena le finyelle khotso le e nyenyane. Ka hona, na khotso ea lefatše ke toro feela?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Ho Laola Nitroglycerin

Ka 1846, motsoaki oa lik’hemik’hale oa Letaliana, Ascanio Sobrero, o ile a sibolla nitroglycerin, mokelikeli o petepete o nang le oli, o phatlohang. Ho ile ha hlaka hore mokelikeli ona o kotsi. Sobrero o ile a sehoa habohloko sefahlehong ke liphatsa tsa khalase ka lebaka la ho phatloha ha oona, ’me qetellong o ile a tlohela ho sebetsa ka mokelikeli ona. Ho feta moo, mokelikeli ona o ne o e-na le bothata boo Sobrero a neng a sitoa ho bo rarolla: Ha o ne o tšeloa fatše ’me o otloa ka hamore, ho ne ho phatloha karolo e otliloeng ka hamore feela, karolo e ’ngoe ea oli e sala e le joalo.

Nobel o ile a rarolla bothata bona ha a qapa seqhomane se senyenyane se sebelisoang ho qhomisa liqhomane tse khōlō. Joale, ka 1865, Nobel o ile a qapa khaketlana e phatlohang—topisi e tšetseng mercury o phatlohang e ileng ea kenngoa ka moo ho tšetsoeng nitroglycerin, eaba ho sebelisoa mohala ho e laeta.

Leha ho le joalo, ho sebetsa ka nitroglycerin ho ne ho ntse ho le kotsi. Ka mohlala, ka 1864, ho phatloha ho ileng ha etsahala moo Nobel a sebeletsang teng ka ntle ho Stockholm ho ile ha bolaea batho ba bahlano—ho kopanyelletsa le Emil, mor’abo Nobel oa ho fela. Fektheri ea Nobel e Krümmel, Jeremane, e ile ea senngoa habeli ke ho phatloha ho ileng ha e-ba teng. Hape batho ba bang ba ne ba sebelisa mokelikeli ona maboneng a bona, ba bang ba bentša lieta ka oona, kapa ba loetsa mabili a likariki ka oona—e leng ho ileng ha fella ka likotsi tse mpe. Esita leha ho ne ho pshatloa lithaba, oli e saletseng e ne e kena mapatsong ’me hamorao e baka likotsi.

Ka 1867, Nobel o ile a omisa oli ena ka ho kopanya nitroglycerin le kieselguhr, e leng motsoako o sa phatloheng o monyang lintho tse metsi habonolo. Nobel o ile a qapa lentsoe daenamaete le tsoang lentsoeng la Segerike dynamis, le bolelang “matla.” Le hoja hamorao Nobel a ile a qapa liqhomane tse ling tse tsoetseng pele ho feta, daenamaete e nkoa e le eona ea bohlokoa ka ho fetisisa boqaping ba hae.

Liqhomane tsa Nobel ka sebele li ’nile tsa sebetsa le mererong eo e seng ea ntoa. Ka mohlala, li ile tsa phetha karolo ea bohlokoa ha ho ne ho hahoa litonnoro tsa St. Gotthard (1872-82), ha ho pshatloa mafika a ka tlas’a metsi East River, New York (1876, 1885), leha ho chekoa Kotopo ea Korinthe e Greece (1881-93). Leha ho le joalo, ho tloha ha e ne e qaptjoa, daenamaete e ile ea tsebahala haholo ka ho ba sebetsa se senyang le se bolaeang.

[Setšoantšo]

Seteishene sa mapolesa sa Colombia se sentsoeng ke liqhomane tsa daenamaete

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Reuters NewMedia Inc./CORBIS

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Le pele ho fela lilemo tse 20 ka mor’a lefu la Nobel, Ntoeng ea I ea Lefatše ho ile ha sebelisoa libetsa tse ncha tse bolaeang

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. National Archives photo

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Mahlatsipa a liqhomane tsa fatše, Cambodia, Iraq le Azerbaijan

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

UN/DPI Photo 186410C by P.S. Sudhakaran

UN/DPI Photo 158314C by J. Isaac

UN/DPI Photo by Armineh Johannes

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Komiti ea Leano la Nyutlelie e re libetsa tsa nyutlelie tse likete li lula li emetse ho qhomisoa neng kapa neng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UNITED NATIONS/PHOTO BY SYGMA

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Kotsi e tšabehang ea libetsa tsa lik’hemik’hale e ile ea tsebahala ka bophara ka 1995 ha ho ne ho sebelisitsoe “sarin” tseleng e tsamaeang ka tlas’a lefatše, Tokyo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Asahi Shimbun/Sipa Press

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

UN/DPI Photo 158198C by J. Isaac

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela